Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE: NA MOLIMO O SEHLŌHŌ?

Ke Hobane’ng ha Batho ba re Molimo o Sehlōhō?

Ke Hobane’ng ha Batho ba re Molimo o Sehlōhō?

NA U utloa eka potso e sekoahelong sa makasine ee e ea tšosa? Ba bang ba nahana hore ho joalo, empa kajeno batho ba bangata baa ipotsa hore na ebe Molimo o sehlōhō—kapa ba nka hore ehlile o sehlōhō. Hobane’ng?

Batho ba bang ba pholohang likoluoa tsa tlhaho baa ipotsa: “Ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore lintho tsee li etsahale? Na ha a tsotelle? Kapa na o sehlōhō?”

Ka ho tšoanang, ba bang baa tšoenyeha ha ba bala Bibele. Ba fumana litlaleho tse kang ea Noe le Moroallo, ebe baa ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bolaea batho bao? Na o sehlōhō?’

Na le uena ka linako tse ling u ee u ipotse lipotso tse kang tseo? Kapa na u thatafalloa ke ho araba batho ba ipotsang hore na Molimo o sehlōhō? Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, nahana ka potso e ’ngoe e ka u thusang.

KE HOBANE’NG HA RE HLOILE LIKETSO TSE SEHLŌHŌ?

Ka mantsoe a bonolo feela, re hloile liketso tse sehlōhō hobane re khona ho lemoha se nepahetseng le se fosahetseng. Ke tabeng ena moo re fapanang haholo le liphoofolo. ’Mōpi oa rōna o re entse “ka setšoantšo sa hae.” (Genese 1:27) Seo se bolela’ng? O re file bokhoni ba ho bonahatsa litšobotsi tsa hae le melao ea boitšoaro, bokhoni boo a nang le bona ba ho lemoha se nepahetseng le se fosahetseng. Nahana ka sena: Haeba re fumane bokhoni ba ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng ho Molimo, re hloea liketso tse sehlōhō, na seo ha se bontše hore Molimo le eena o li hloile?

Bibele e hatisa seo, kaha e re: “Litsela tsa ka li phahametse litsela tsa lōna, le menahano ea ka e phahametse menahano ea lōna.” (Esaia 55:9) Leha ho le joalo, haeba re re Molimo o sehlōhō, na seo se ne se ke ke sa bolela se fapaneng le seo Bibele e se buang—e leng hore litsela tsa rōna li phahametse tsa hae? Ka sebele e tla ba bohlale hore re be le lintlha tse eketsehileng pele re ka nahana joalo. Mohlomong potso eo re lokelang ho e botsa ke hore na ke hobane’ng ha liketso tse ling tsa Molimo li ka ’na tsa bontša eka o sehlōhō, eseng hore na Molimo ehlile o sehlōhō kapa che. E le hore re fumane karabo, a re ke re hlahlobeng hore na ha e le hantle ho re motho o “sehlōhō” ho bolela’ng.

Ha re bolela hore motho ea itseng o sehlōhō, re fihlela qeto ea hore o etsa lintho ka sepheo se sebe. Motho ea sehlōhō ke ea thabelang ho bona batho ba bang ba utloa bohloko kapa ea sa tsotelleng ha batho ba le mahlomoleng. Kahoo, haeba ntate a khalemela mor’a hae hobane a thabela ho mo utloisa bohloko, o sehlōhō. Empa ntate ea khalemelang mor’a hae hobane a batla ho mo laea kapa ho mo sireletsa, ke ntate ea molemo. Kaha hase kamehla re utloisisang sepheo seo batho ba etsang lintho ka sona, ho bonolo ho ba belaella. U ka utloisisa sena haeba batho ba kile ba u ahlola ka tsela e fosahetseng.

A re ke re hlahlobe mabaka a mabeli ao batho ba nahanang hore Molimo o sehlōhō ka ’ona—e leng likoluoa tsa tlhaho tseo re li bonang kajeno le likahlolo tsa Molimo tseo re balang ka tsona ka Bibeleng. Na kannete ao ke mabaka a bontšang hore Molimo o sehlōhō?