Fetela boitsebisong

Na le Lumela Hore ke Lōna Feela ba Tla Pholosoa?

Na le Lumela Hore ke Lōna Feela ba Tla Pholosoa?

Che. Batho ba limilione tse ngata ba phetseng lilemong tse makholo tse fetileng bao e neng e se Lipaki Tsa Jehova ba tla ba le monyetla oa ho pholosoa. Bibele e hlalosa hore lefatšeng le lecha la Molimo le tšepisitsoeng, “ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Ho feta moo, batho ba bangata ba phelang hona joale ba ka ’na ba qala ho sebeletsa Molimo, ’me le bona ba tla pholosoa. Leha ho le joalo, hase mosebetsi oa rōna ho ahlola hore na ke mang ea tla pholosoa kapa ea ke keng a pholosoa. Boo ke boikarabelo bo fuoeng Jesu feela.—Johanne 5:22, 27.