Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Micronesia

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Micronesia

KATHERINE o hōletse United States ’me o ile a kolobetsoa ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova ha a le lilemo li 16. O ne a rata tšebeletso ea tšimo haholo, empa a sa fumane batho ba thahasellang molaetsa oa ’Muso sebakeng sa habo. O re: “Ke ’nile ka bala liphihlelo tsa batho ba ileng ba rapela Molimo hore a ba romelle motho ea tla ba ruta ka eena. Ke ne ke lakatsa eka nka fumana motho ea joalo, empa ke sa mo fumane.”

Ka mor’a hore Katherine a sebetse tšimong ea habo ka lilemo, o ile a nahana ka ho fallela sebakeng se seng moo a ka fumanang batho ba thahasellang molaetsa oa ’Muso. Empa o ne a ipotsa hore na o tla khona. O ne a kile a siea ba lelapa labo hanngoe feela—le hona ka libeke tse peli, empa a lula a ba hopola. Leha ho le joalo, o ne a e-na le takatso e matla ea ho latsoa thabo e tlisoang ke ho thusa batho ba batlang ho tseba Jehova. Ka mor’a hore a nahane ka libaka tse ’maloa tseo a ka fallelang ho tsona, o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Guam ’me ea mo fa boitsebiso boo a bo hlokang. Ka July 2007, ha Katherine a le lilemo li 26, o ile a fallela sehlekehlekeng sa Saipan se Leoatleng la Pacific, e leng bohōle ba lik’hilomithara tse 10 000. Lintho li ile tsa mo tsamaela joang?

KARABO EA LITHAPELO TSE PELI

Nakoana ka mor’a hore Katherine a fihle phuthehong e ncha o ile a buisana le Doris, mosali ea ka bang lilemo li 45, ’me a amohela thuto ea Bibele. Ka mor’a hore ba bale likhaolo tse tharo tse qalang bukeng ea Seo Bibele e se Rutang, Katherine o ile a qala ho khathatseha. O re: “Doris o ne a thabela ho ithuta, kahoo ke sa batle ho senya thuto eo. Ke ne ke qala ho ba le thuto ea Bibele ea kamehla ’me ke nahana hore Doris o hloka ho balloa ke morali’abo rōna ea nang le boiphihlelo, mohlomong ea lilemong tsa hae.” Katherine o ile a rapela Jehova, a kōpa hore a mo thuse hore a fumane morali’abo rōna ea loketseng eo a ka mo fang thuto eo ea Bibele. Kahoo o ile a etsa qeto ea hore a tsebise Doris hore o se a tla balloa ke motho e mong.

Katherine o re: “Eitse le pele ke bolella Doris taba eo, a re o batla ho bua le ’na ka bothata bo bong. Ka mor’a hore ke mo mamele, ke ile ka mo bolella kamoo Jehova a ileng a nthusa kateng ha ke ne ke tobane le bothata bo tšoanang le boo. O ile a nteboha.” Doris a ntan’o re ho Katherine: “Jehova o oa u sebelisa hore u nthuse. Ha u qala ho tla mona lapeng, tsatsing leo ke ne ke qetile lihora ke bala  Bibele. Ke ntse ke lla, ke kōpa Molimo hore a romele motho ea tla nthusa ho utloisisa Bibele. Eaba u ua kokota. Jehova o arabetse thapelo ea ka!” Katherine o ile a sekisa meokho ha a phetha phihlelo eo e amang maikutlo. O re: “Mantsoe ao a Doris e ne e le karabo ea thapelo ea ka. Jehova o ile a mpontša hore nka khona ho tsoela pele ka thuto eo.”

Doris o ile a kolobetsoa ka 2010, ’me hona joale o khanna lithuto tse ’maloa tsa Bibele. Katherine o re: “Ruri kea thaba hore ebe takatso eo esale ke e-na le eona ea ho thusa motho hore e be mohlanka oa Jehova e phethahetse!” Hona joale, Katherine o sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng sehlekehlekeng sa Kosrae, Leoatleng la Pacific.

KAMOO BA ILENG BA HLŌLA MATHATA KATENG

Bara le barali babo rōna ba fetang lekholo ba tsoang linaheng tse ling (ba pakeng tsa lilemo tse 19 le 79) ba ’nile ba sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo Micronesia. Tsela eo Erica ea ileng a fallela Guam ka 2006 ha a le lilemo li 19 a hlalosang maikutlo a hae ka eona, e tšoana le ea basebeletsi ba bang ba chesehang. O re: “Ruri hoa thabisa ho bula-maliboho tšimong eo batho ba nyoretsoeng ’nete. Kea leboha hore ebe Jehova o nthusitse hore ke kenele tšebeletso ena. Ha ho e tšoanang le eona!” Hona joale, Erica o thabela ho sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng Ebeye, Sehlekehlekeng sa Marshall. Ke ’nete hore ho sebeletsa linaheng tse ling ho boetse ho na le mathata. A re ke re hlahlobeng a mararo a ’ona, re bone hore na ba ileng ba fallela Micronesia ba ile ba sebetsana joang le ’ona.

Erica

Mokhoa oa bophelo. Ka mor’a hore Simon ea lilemo li 22 a fihle sehlekehlekeng sa Palau ka 2007, o ile a hlokomela hore moputso oo a o fumanang ha o etse le halofo feela ea moputso oo a neng a o fumana hahabo, Engelane. O re: “Ke ile ka ithuta ho se reke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e batlang. Hona joale ke khetha ka hloko ha ke reka lijo ebile ke bapisa litheko pele ke reka. Ha ntho e itseng e robeha, ke reka likarolo tseo tse robehileng ebe ke batla motho ea ka nthusang ho e lokisa.” See se ile sa mo thusa joang? Simon o re: “Se nthusitse ho bona seo e hlileng e leng sa bohlokoa bophelong, le hore ha ke hloke lintho tse ngata hore ke phele. Ke bone ka makhetlo hore Jehova o oa ntlhokomela. Lilemong tse supileng tseo ke sebelelitseng mona ka tsona, ha ke e-s’o ka ke hloka lijo kapa bolulo.” Ka sebele Jehova o tšehetsa batho ba phelang ka tsela e bontšang hore ba batla ’Muso pele.—Mat. 6:32, 33.

Ho hloloheloa hae. Erica o re: “Ke rata ba lelapa leso haholo, kahoo ke ne ke tšoenyehile ka hore ke tla ba hopola, ebe seo se ama tšebeletso ea ka.” O ile a etsa’ng hore a itokisetse boemo boo? O re: “Pele ke falla, ke ile ka bala lihlooho tsa Molula-Qhooa tse buang ka ho hloloheloa hae. Li ile tsa nthusa hore ke tobane le bothata boo ka katleho. Sehloohong se seng, ’mè e mong o ile a tiisetsa morali oa hae hore Jehova o tla mo hlokomela, a re: ‘Jehova  a ka u hlokomela ho feta kamoo nka u hlokomelang kateng.’ Seo se ile sa ’matlafatsa haholo.” Hannah le monna oa hae, Patrick, ba sebeletsa Majuro, Sehlekehlekeng sa Marshall. E le hore Hannah a se ke a hopola hae, o tsepamisa kelello ho bara le barali babo rōna. O re: “Ke leboha Jehova kamehla ka ho ba le bara le barali babo rōna lefatšeng lohle hobane le bona ke bana beso. Ha e ne e se ka lerato le tšehetso ea bona, ke ne nke ke ka khona ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo teng.”

Simon

Ho etsa metsoalle. Simon o re: “Ha u fihla naheng e ’ngoe, u fumana bophelo ba teng bo fapane hōle le ba moo u tsoang. Ka linako tse ling ke hloloheloa ho etsa metlae eo batho bao ke buang le bona ba e utloisisang.” Erica o re: “Qalong ke ne ke ikutloa ke le mokhelo, empa seo se ile sa nthusa hore ke nahane hore na ke tletse’ng moo. Ha kea tlela monate, empa ke tletse ho sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng.” O eketsa ka ho re: “Ha nako e ntse e ea, ke ile ka ba le metsoalle eo ke e ratang haholo.” Simon o ile a sebetsa ka thata hore a ithute Sepalau, se ileng sa mo thusa hore a “atolohe” ho bara le barali babo rōna ba sebakeng seo. (2 Bakor. 6:13) Boiteko ba hae ba ho ithuta puo bo ile ba etsa hore ba mo rate haholo. Ha e le hantle, ha barab’abo rōna ba tl’o thusa ba sebelisana le ba sebakeng seo, kaofela ba rua molemo le ho thabela setsoalle ka phuthehong. Ke moputso ofe o mong o fumanoang ke batho ba ithaopelang ho ea thusa moo ho nang le tlhokahalo?

‘BA KOTULA HAHOLO’

Moapostola Pauluse o ile a re: “Ea jalang haholo o tla boela a kotule haholo.” (2 Bakor. 9:6) Molao-motheo o lengolong lena o oa sebetsa ho batho ba atolosang tšebeletso ea bona. Ke litholoana life tseo ba li ‘kotulang haholo’ Micronesia?

Patrick le Hannah

Micronesia, ho na le menyetla e mengata ea ho qalisa lithuto tsa Bibele le ea ho bona kamoo batho ba ithutang ’nete ea Lentsoe la Molimo le ba e sebelisang ba tsoelang pele kateng moeeng. Patrick le Hannah ba ile ba boela ba paka sehlekehlekeng se senyenyane sa Angaur se nang le baahi ba 320. Ka mor’a likhoeli tse peli ba paka moo, ba ile ba kopana le ’mè e mong ea se nang molekane. O ile a lumela ho ithuta Bibele, ’me a amohela ’nete ka cheseho hoo a ileng a etsa liphetoho tse khōlō bophelong. Hannah o re: “Nako le nako ha re qeta ho bala le eena re khutlela hae ka libaesekele, re ne re shebana ebe rea khotsa re re: ‘Rea u leboha Jehova!’” Hannah o phaella ka ho re: “Kea tseba hore Jehova o ne a ka hulela mosali enoa ho eena ka tsela leha e le efe, empa kaha re sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo, re khonne ho mo fumana le ho mo thusa hore a tsebe Jehova. Ruri ena ke e ’ngoe ea liphihlelo tse thabisang ka ho fetisisa bophelong ba rōna!” Joalokaha Erica a hlalosa, “ha u thusa motho hore a tsebe Jehova, u kotula thabo e ke keng ea lekanngoa!”

NA LE UENA U KA ITHAOPA?

Linaheng tse ngata ho hlokahala baboleli ba eketsehileng ba ’Muso. Na le uena u ka ithaopela ho ea thusa libakeng tsee? Kōpa Jehova ka thapelo hore a matlafatse takatso ea hao ea ho atolosa tšebeletso. Buisana ka taba ena le baholo ka phuthehong, molebeli oa potoloho kapa le batho ba bileng le monyetla oa ho sebeletsa libakeng tse hlokang thuso. Ha u qala ho etsa litlhophiso, ngolla lekala le hlokomelang tšimo eo u lakatsang ho sebeletsa ho eona, ’me u kōpe boitsebiso bo eketsehileng. * Mohlomong le uena u ka ba e mong oa bara le barali babo rōna ba likete—ba bacha le ba hōlileng, ba lenyalong le ba masoha—ba itlhahisang ka ho rata le ho latsoa thabo ea ‘ho kotula haholo.’

^ ser. 17 Sheba sehlooho se reng “Na U ka ‘Tšelela Macedonia’?Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea August 2011.