Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Myanmar

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Myanmar

“KOTULO e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona kōpang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Luka 10:2) Mantsoe ana ao Jesu a a buileng lilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng, a hlalosa boemo bo teng naheng ea Myanmar. Hobane’ng? Palo ea baahi ba Myanmar ke limilione tse 55 ha palo ea bahoeletsi e ka ba 4 200 feela.

Ka hona, Jehova e leng eena “Mong’a kotulo,” o susumelitse bara le barali babo rona ba tsoang linaheng tse fapaneng hore ba fallele Myanmar e le hore ba ka tšehetsa mosebetsi oa bohlokoa oa ho ruta batho Bibele. Jehova o ile a ba thusa joang hore ba etse qeto ea ho fallela Myanmar? O ile a ba hlohonolofatsa joang? A re boneng.

“TLOONG, RE HLOKA BO-PULA-MALIBOHO BA BANGATA”

Lilemo tse seng kae tse fetileng, pula-maliboho e mong oa Japane e leng Kazuhiro, o ile a otloa ke sethoathoa, a akheha a ba a ea sepetlele. Ngaka ea mo bolella hore ho lokela hore ho fete lilemo tse peli pele a khanna koloi. Kazuhiro o ile a tšoha haholo. O ne a ipotsa hore na o tla tsoela pele e le pula-maliboho joang. O ile a rapela Jehova ka tieo hore a mo thuse hore a tsoele pele e le pula-maliboho.

Kazuhiro le Mari

Mor’abo rona Kazuhiro o re: “Khoeli hamorao, motsoalle oa ka ea falleletseng Myanmar o ile a utloa hore kea kula. O ile a ntetsetsa eaba o re: ‘Lipalangoang tsa Myanmar ke libese. Ha u hloke koloi hore u khone ho ea tšimong.’ Ke ile ka botsa ngaka hore na boemo ba ka bo ka ntumella hore ke phele Myanmar. Ngaka eo e ile ea mpolella hore ho na le ngaka ea boko e tsoang Myanmar e etetseng Japane. Ea boela ea mpolella hore haeba nka ba le sethoathoa hape, ngaka eo e tla nthusa. Ka tsela eo, Jehova o ile a arabela thapelo ea ka.”

Hang-hang Kazuhiro o ile a romella ofisi ea lekala e Myanmar molaetsa oa e-mail a kopa hore eena le mohats’ae ba il’o sebeletsa Myanmar e le bo-pula-maliboho. Matsatsi a mahlano hamorao, ofisi ea lekala e ile ea re: “Tloong, re hloka bo-pula-maliboho ba bangata.” Kazuhiro le mosali oa hae Mari ba ile ba rekisa likoloi tsa bona, ba fumana litokomane tsa ho lula naheng e ’ngoe eaba ba reka litekete tsa sefofane. Hona joale ba sebetsa le sehlopha sa puo ea matsoho Mandalay ’me ba thabile. Mor’abo rona Kazuhiro o re: “Lintho tsena tse etsahetseng li ile tsa etsa hore re be le tumelo e matla le ho tšepa tšepiso ea Jehova e hlahang ho Pesaleme ea 37:5 e reng: ‘Rōlela tsela ea hao ho Jehova, u itšetlehe ka eena, ’me o tla nka bohato.’”

JEHOVA O RE BULELA TSELA

Ka 2014, Lipaki Tsa Jehova tse lulang Myanmar li ile tsa e-ba le kopano e khethehileng. Bara le barali babo rona ba tsoang linaheng tse ling ba ne ba le teng kopanong eo. E mong oa bona, e leng morali’abo rona Monique ea lilemo li 34 ea lulang naheng ea Amerika o re: “Ka mor’a hore ke khutle kopanong, ke ile ka bua le Jehova ka thapelo ’me ka mo botsa hore na nka etsa’ng ho mo sebeletsa. Ke ile ka boela ka buisana le batsoali ba ka hore ba nthuse hore na nka etsa’ng ho eketsa nako eo ke e qetang ke sebeletsa Jehova. Ba ne ba rata ha nka khutlela Myanmar, empa ho ile ha nka nako ebile re ne re rapela hangata pele nka fihlela qeto eo.”

Monique le Li

O tsoela pele ho re: “Jesu o ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba ‘bale litšenyehelo.’ Ke ile ka ipotsa: ‘Na nka khona ho fallela Myanmar? Na ke tla khona ho itlhokomela ha ke le sebakeng seo, ke sa qete nako e ngata ke le mosebetsing oa boipheliso?’” O boetse o re: “Ke ile ka hlokomela hore ha ke na chelete e lekaneng e le hore ke fallele Myanmar.” O ile a qetella a entse’ng hore a khone ho falla?—Luka 14:28.

Monique o re: “Ka letsatsi le leng mohiri oa ka o ile a nkopa hore ke kopane le eena. Ke ne ke tšohile hore o tl’o nteleka mosebetsing. Leha ho le joalo, o ne a tl’o nteboha ka lebaka la mosebetsi o motle oo ke o etsang. O ile a mpolella hore o lokiselitse ho mpha chelete e eketsehileng ’me e ne e tla nthusa ho lefella likoloto tsa ka.”

Monique o qalile ho sebeletsa Myanmar ho tloha ka December 2014. O ikutloa joang ka ho sebeletsa moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng? O re: “Ke thabela ho ba sebakeng seo haholo. Ke ithuta Bibele le batho ba bararo. E mong oa batho bao ke ithutang Bibele le bona o lilemo li 67. Kamehla o ntumelisa a thabile ebe oa nk’haka. Ka mor’a hore a ithute hore lebitso la Molimo ke Jehova o ile a seka meokho. O ile a re: ‘Ke qala ho utloa hore lebitso la Molimo ke Jehova. Le hoja u le monyenyane ho ’na, u nthutile ntho ea bohlokoa eo ho neng ho se mohla ke tla ke ke e tsebe.’ Le ’na ke ile ka seka meokho. Lintho tsena li nthutile hore ho sebeletsa hohle moo ho hlokehang bahoeletsi ho khotsofatsa e le kannete.” Monique o ile a ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso.

Bahoeletsi ba bang ba ile ba khothatsoa ke Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2013 e neng e e-na le tlaleho e buang ka naha ea Myanmar. Morali’abo rona Li ea lilemo li fetang 30 o ne a se a ntse a lula Boroa-bochabela ho Asia. Le hoja a ne a sebetsa, tlaleho e ’ngoe e neng e hlahile Bukeng ea Selemo e ile ea mo susumelletsa hore a il’o sebeletsa Myanmar. O re: “Ha ke le kopanong e khethehileng Yangon ka 2014, ke ile ka kopana le banyalani ba bang ba sebeletsang moo ho hlokehang bahoeletsi tšimong ea Sechaena e Myanmar. Kaha ke tseba Sechaena, ke ile ka etsa qeto ea ho ea Myanmar ho tšehetsa sehlopha sa puo eo. Ke ile ka tsamaea le Monique ra ea Mandalay. Jehova o ile a re hlohonolofatsa kaha re ile ra fumana mosebetsi oa ho ruta ka matsatsi a itseng sekolong se le seng, ra ba ra fumana ntlo haufi le sekolo seo. Ho sa tsotellehe boemo ba leholimo le lintho tse ling tse ntšitisang, ke thabela ho sebeletsa Jehova ke le Mandalay. Batho ba Myanmar ba phela bophelo bo bobebe. Ke batho ba ikokobelitseng ebile ba ikemiselitse ho mamela molaetsa oa Bibele. Ke thaba haholo ho bona kamoo Jehova a potlakisang mosebetsi kateng. Ke lumela hore ke thato ea Jehova hore ebe ke falleletse Mandalay.”

JEHOVA O MAMELA LITHAPELO

Batho ba bangata ba sebetsang moo ho hlokehang bahoeletsi, ba hlokometse hore thapelo e matla. Nahana ka Jumpei ea lilemo li 37 le mohats’ae Nao ea lilemo li 35. Ba ne ba se ba ntse ba sebeletsa phuthehong ea puo ea matsoho e Japane. Ke hobane’ng ha ba ile ba ea Myanmar? Jumpei o re: “Haesale ’na le mohats’aka re ikemiselitse ho sebeletsa moo ho hlokehang bahoeletsi naheng e ’ngoe. Mor’abo rona eo ke neng ke le phuthehong ea puo ea matsoho le eena Japane, o ile a fallela Myanmar. Le hoja re ne re e-na le cheletana e seng kae, le rona re ile ra fallela moo ka May 2010. Bara le barali babo rona ba Myanmar, ba ile ba re amohela ka mofuthu.” Jumpei o ikutloa joang ka ho sebetsa tšimo ea puo ea matsoho Myanmar? O re: “Batho ba moo ba thabela ho re mamela haholo. Ha re ba bontša livideo tsa puo ea matsoho, ba thaba haholo. Rea thaba hore ebe re ile ra etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova sebakeng sena.”

Nao le Jumpei

Jumpei le Nao ba ile ba sebetsana joang le mathata a lichelete? Jumpei o re: “Ka mor’a lilemo tse tharo, chelete eo re neng re ipoloketse eona e ile ea fela. Re ne re se na chelete e lekaneng ea ho patala rente selemong se latelang. ’Na le mohats’aka re ne re rapela Jehova ho tsoa pelong hore a re thuse. Re ile ra fumana lengolo le tsoang ofising ea lekala le re memelang hore re be bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana. Kaha re ne re tšepile Jehova, re ile ra hlokomela hore ha aa re lahla. Haesale a re hlokometse ka litsela tse ngata.” Haufinyane tjena, Jumpei le Nao ba ile ba ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso.

JEHOVA O KHOTHATSA BATHO BA BANGATA

Mor’abo rona Simone ea lilemo li 43 oa Italy le mohats’ae Anna ea lilemo li 37 oa New Zealand, ba ile ba susumetsoa ke’ng hore ba ee Myanmar? Morali’abo rona Anna o re ba ile ba susumetsoa ke Buka ea Selemo ea 2013. Mor’abo rona Simone o re: “Re thabela ho sebeletsa Jehova re le Myanmar. Kaha bophelo ba Myanmar bo bobebe, ke qeta nako e ngata ke ruta batho Bibele. Rea thaba hore ebe Jehova oa re hlokomela ha re ntse re mo sebeletsa moo ho hlokehang bahoeletsi.” (Pes. 121:5) Anna o re: “Ke qala ho ikutloa ke thabile hakana. Re phela bophelo bo bobebe mona. Kaha ’na le monna oa ka re qeta nako e ngata re le ’moho, re ratana le ho feta. Re boetse re fumane metsoalle ea bohlokoa. Batho ba mona ba rata Lipaki ebile ba mamela molaetsa oa rona.”

Simone le Anna

Mohlala, Anna o re: “Ka letsatsi le leng, ke ile ka qoqa ka Bibele le ausi e mong oa leunivesithi ka ’marakeng ’me ke ile ka hlophisa hore re boele re kopane. Ha ke fihla ho eena, ke ile ka fumana a e-na le motsoalle oa hae. Hamorao ke ile ka fumana a e-na le ba bang hape. Hona joale ke ithuta Bibele le ba bahlano ba bona.” Simone o re: “Batho ba tšimong ena ba botsoalle ebile ba ikemiselitse ho ithuta Bibele haholoanyane. Ha re na nako e lekaneng ea ho ithuta Bibele le bona kaofela.”

Sachio le Mizuho

Empa ke lintho life tse hlokehang hore motho a fallele Myanmar? Morali’abo rona Mizuho oa Japane o re: “Haesale ’na le monna oa ka Sachio, re batla ho sebeletsa Jehova moo ho hlokehang bahoeletsi. Empa re ne re sa tsebe hore na re ka ea hokae. Ka mor’a ho bala tlaleho e ’ngoe e hlahang Bukeng ea Selemo ea 2013 e buang ka Myanmar, re ile ra ameha lipelo haholo eaba re hlahloba hore na ho ka ba bobebe hore re fallele teng.” Sachio o re: “Re ile ra ea toropong ea Myanmar e bitsoang Yangon e le ho ithuta sebaka seo. Ka mor’a moo, re ile ra kholiseha hore re lokela ho fallela moo.”

NA U MALALA-A-LAOTSOE HO THUSA?

Jane, Danica, Rodney, le Jordan

Mor’abo rona Rodney le mohats’ae Jane ba lilemong tsa bo-50 ba tsoa Australia. Ba na le bana ba babeli e leng Jordan le Danica. Esale ba sebeletsa Myanmar ho tloha ka 2010. Mor’abo rona Rodney o re: “Re ne re thabile haholo ha re bona kamoo batho ba mona ba neng ba labalabela kateng ho ithuta ka Jehova. Nka khothalletsa malapa a mang hore a nahane ka ho sebeletsa moo ho hlokehang bahoeletsi joaloka Myanmar. Hobane’ng? Hobane ho fallela mona ho thusitse lelapa la rona hore le be le kamano e ntle le Jehova. Bacha ba bangata ba phathahane ka ho fumana mesebetsi, likolo, lifouno le lintho tse ling tse ngata. Bana ba rona bona ba phathahane ka ho ithuta mantsoe a macha ao ba ka a sebelisang ha ba le tšimong. Ba boetse ba ithuta kamoo ba ka qoqang le batho ba sa tloaelanang le Bibele le kamoo ba ka arabang kateng ha ba le libokeng. Hape ba phathahane ka ho etsa lintho tse tla ba thusa hore ba be le kamano e ntle le Jehova.

Oliver le Anna

Mor’abo rona Oliver ea lilemo li 37 oa Amerika le eena o khothalletsa batho ba bang ho sebeletsa moo ho hlokehang bahoeletsi. O re: “Ke ruile molemo haholo le hoja ke sebeletsa Jehova sebakeng seo ke sa se tloaelang ke bile ke le har’a batho bao ke sa ba tloaelang. Kaha ke hole le hae, ke tšepa Jehova ho sa tsotellehe maemo ao ke thulanang le ’ona. Ke se ke bile ke khona ho itšepa. Kea hlokomela hore ’Muso oa Molimo o bohlokoa ho feta ntho leha e le efe kaha ke ile ka khona ho sebetsa le barab’abo rona bao ke neng ke sa ba tsebe.” Hona joale mor’abo rona Oliver le mohats’ae Anna ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova tšimong ea Sechaena.

Trazel

Morali’abo rona Trazel, ea lilemo li 52 oa Australia o sebelelitse Myanmar ho tloha ka 2004. O re: “Ke khothalletsa batho bohle bao maemo a bona a ba lumellang, hore ba fallele moo ho hlokehang bahoeletsi. Ke hlokometse hore ha motho a ikemiselitse ho sebeletsa Jehova, o tla mo hlohonolofatsa. Ke ne ke sa nahane hore nka iphumana ke phela ka tsela ena. Ke khotsofetse ebile ke thabile.”

E se eka mantsoe ana ao barab’abo rona ba a buileng a ka u susumelletsa hore le uena u fallele moo ho hlokehang bahoeletsi. Bahoeletsi ba falleletseng Myanmar ba re: “Tšelelang Myanmar ’me le re thuse.”