Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata Madagascar

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata Madagascar

SYLVIANA e leng pula-maliboho ea ka bang lilemo li 25 o re: “Ha ke mamela lipale tsa metsoalle ea ka e neng e sebetsa moo ho hlokehang bo-pula-maliboho ba eketsehileng, ke ile ka utloa ke lakatsa ho thaba joaloka bona. Leha ho le joalo, ke ne ke nahana hore ’na nke ke ka khona ho sebeletsa moo.”

Na u kile oa ikutloa joaloka Sylviana? Na le uena u lakatsa ho sebeletsa moo ho hlokehang baboleli ba litaba tse molemo ba eketsehileng empa u ipotsa hore na ebe u tla khona? Haeba ho joalo, u se ke oa nyahama. Ka thuso ea Jehova, Bakreste ba bangata ba ile ba atleha ho hlola mathata a neng a ba sitisa ho eketsa nako ea bona mosebetsing oa boboleli. Ho fumana hore na Jehova o ile a ba thusa joang, re tl’o hlahloba lipale tsa ba bang ba ileng ba fallela sehlekehlekeng sa Madagascar.

Lilemo tse leshome tse fetileng, bahoeletsi ba chesehang ba fetang 70 le bo-pula-maliboho ba tsoang linaheng tse 11 * ba ile ba tl’a sebeletsa tšimong ena e behang litholoana tse ntle Afrika, moo batho ba bangata ba hlomphang Bibele. Hape, bahoeletsi ba bangata ba lulang Madagascar le bona ba ikemiselitse ho tloha moo ba lulang e le hore ba ka thusa ho etsa mosebetsi ona oa litaba tse molemo. A re hlahlobeng lipale tsa ba bang ba bona.

BA ILE BA HLOLA MATHATA

Louis le Perrine e leng banyalani ba lilemo li ka bang 30, ba ile ba tloha Fora eaba ba ea Madagascar. E ne e se e batla e le lilemo tse ’maloa ba ntse ba nahana ho ea moo ho hlokehang baboleli ba eketsehileng empa Perrine o ne a le lesisitheho. Perrine o re: “Ke ne ke tšaba ho ea moo ke sa tsebeng. Ke tšoenyehile ka ho siea litho tsa lelapa, phutheho, ntlo ea rona le sebaka seo ke tloaelaneng le sona. Ha e le hantle, matšoenyeho a ka e ne e le ’ona a ntšitisang ho tsamaea.” Ka 2012, Perrine o ile a iteta sefuba eaba eena le monna oa hae baa tsamaea. O ikutloa joang ka qeto ea bona? O re: “Ha ke hetla morao, ke bone kamoo Jehova Molimo a matlafalitseng tumelo ea rona kateng.” Louis eena o re: “Ka lekhetlo la rona la pele re ea Sehopotsong, liithuti tsa rona tsa Bibele tse leshome li ne li le teng.”

Ke’ng e ileng ea fa banyalani bao matla a ho tsoela pele ba ntse ba le Madagascar esita leha mathata a hlaha? Ba ile ba kopa Jehova hore a ba fe matla a ho mamella. (Bafil. 4:13) Louis o re: “Jehova o ile a arabela thapelo ea rona eaba re ba le ‘khotso ea Molimo.’ Re ile ra khona ho tsepamisa mehopolo tšebeletsong ea rona hobane ea re thabisa. Metsoalle ea rona e Fora e ile ea re ngolla ea re khothatsa hore re se ke ra tela.”—Bafil. 4:6, 7; 2 Bakor. 4:7.

Jehova o ile a hlohonolofatsa Louis le Perrine ka lebaka la mamello ea bona. Louis o re: “Ka October 2014 re ile ra ea Sekolong sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste * Fora. Ho ea sekolong seo e bile mpho e babatsehang e tsoang ho Jehova.” Ka mor’a hore ba qete sekolong seo, ba ile ba thaba haholo ha ba utloa hore ba khutlisetsoa Madagascar.

“RE TLA BA MOTLOTLO KA LONA”

Didier le Nadine ba ne ba le lilemo li ka holimonyana ho 50 ka selemo sa 2010 ha ba tloha Fora ba ea Madagascar. Didier o re: “Re ile ra ba bo-pula-maliboho re sa le bacha eaba hamorao re holisa bana ba bararo. Ha ba e-ba baholo re ile ra nahana ka ho sebeletsa moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng.” Nadine eena o re: “Ke ile ka ba lesisitheho ho tsamaea ha ke nahana ho arohana le bana ba ka, empa ba ile ba re ho rona: ‘Haeba le ea moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng, re tla thaba.’ Mantsoe a bona a ile a re khothatsa haholo. Le hoja re lula hole haholo le bana ba rona, rea thaba hobane re buisana le bona hangata.”

Ho ne ho se bonolo ho Didier le Nadine ho ithuta puo ea Semalagasy. Nadine o re: “Ha re sa le bacha.” Kahoo ba ile ba ea phuthehong ea Sefora. Hamorao ba ile ba fallela phuthehong ea Semalagasy kaha ba ne ba se ba itokiselitse ho ithuta puo eo. Nadine o re: “Batho ba bangata bao re kopanang le bona ba rata ho ithuta Bibele. E ne eka kea lora. Hangata baa re leboha hore ebe re ba etetse. Ke rata ho bua le batho ba sebakeng sena ka Bibele. Hoseng ke tsoha ke thabile haholo ha ke itokisetsa ho ea tšimong.”

Didier oa bososela ha a hopola mohla a neng a qala ho ithuta Semalagasy. O re: “Ke ne ke tsamaisa seboka sa phutheho empa ke sa utloisise likarabo tseo bara le barali babo rona ba fanang ka tsona. Ke ne ke tseba hore feela ‘Kea leboha.’ Ka mor’a ho leboha morali’abo rona ka karabelo ea hae, ba lutseng ka mor’a hae ba qala ho mpontša ka matsoho hore karabo eo e fosahetse. Kapelenyana ka khetha mor’abo rona e mong hore a fane ka karabo e ’ngoe.”

O ILE A AMOHELA MEMO

Kopanong ea 2005, Thierry le mosali oa hae Nadia ba ile ba shebella tšoantšiso e reng “Hahamalla Lipakane Tse Tlotlisang Molimo.Tšoantšiso eo e neng e bua ka Timothea e ile ea ba finyella lipelo, ea etsa hore lerato la bona la ho sebeletsa moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng le hole. Thierry o re: “Qetellong ea tšoantšiso eo, ha re ntse re opa liatla, ke ile ka sebela mohats’a ka ka re ‘Rona re tl’o ea kae?’ Mohats’a ka o ile a re le eena o ne a ntse a ipotsa potso e tšoanang.” Nakoana ka mor’a moo, ba ile ba qala ho itokiselletsa ho ea moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng. Nadia o re: “Re ile ra fokotsa thepa ea rona ho fihlela re saletsoe ke e ka fellang ka har’a lisutuk’heise tse ’nè.”

Ba ile ba fihla Madagascar ka 2006 ’me ba thabela ho etsa mosebetsi oa bona li sa tloha feela. Nadia o re: “Re lula re thabile ka lebaka la batho ba moo.”

Lilemo tse tšeletseng hamorao, banyalani bao ba ile ba kopana le mathata. ’Mè oa Nadia e leng Marie-Madeleine, ea lulang Fora o ile a oa eaba o robeha letsoho a ba a tsoa kotsi hloohong. Ka mor’a hore ba buisane le ngaka, ba ile ba kopa ’mè oa bona hore a tl’o lula le bona Madagascar. Le hoja a ne a le lilemo li 80 ka nako eo, o ile a amohela memo ea bona. Marie-Madeleine o ikutloa joang ka ho lula Madagascar? O re: “Ka linako tse ling ho thata ho tloaelana le maemo a moo empa ho sa tsotellehe mathata ao, ke thabela hore ebe ke thusa phuthehong eo re leng ho eona.”

“KE ILE KA BONA MATLA A JEHOVA”

Riana ke mohlankana ea lilemo li 22. O holetse Madagascar toropong ea Alaotra Mangoro e nang le mobu o motle. Kaha o ne a sebetsa hantle sekolong, o ne a batla ho ea univesithi. Empa ka mor’a ho ithuta Bibele o ile a fetola monahano oa hae. O re: “Ke ile ka sebetsa ka thata hore ke pase eaba ke tšepisa Jehova ke re: ‘Ha ke pasa feela ke tl’o ba pula-maliboho.’” Ka mor’a ho qeta sekolong Riana e ile ea e-ba pula-maliboho. O ile a ea lula le mor’abo rona e mong oa pula-maliboho, a fumana mosebetsi o mo lumellang hore a tsoele pele e le pula-maliboho. O re: “Eo e bile qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo nkileng ka e etsa.”

Leha ho le joalo, beng ka Riana ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha a sa ea univesithi. O re: “Ntate oa ka, Rangoane le Nkhono ba ne ba nkhothalletsa hore ke ee univesithi. Empa ke ne ke sa batle ho khaotsa ho ba pula-maliboho.” Nakoana ka mor’a moo, Riana o ne a batla ho sebeletsa moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng. Ke’ng e ileng ea mo susumetsa? O re: “Masholu a ile a kena moo re lulang eaba a utsoa thepa ea ka e ngata. Ketsahalo eo e ile ea etsa hore ke nahane ka mantsoe a Jesu Kreste a reng re ipolokele ‘matlotlo leholimong.’ Ka ikemisetsa hore ke tla sebetsa ka thata ho bokella matlotlo leholimong.” (Mat. 6:19, 20) O ile a ea karolong e lehoatata ea naha eo, lik’hilomithara tse 1 300 ho tloha moo a neng a lula teng pele. Sebakeng seo ho lula batho ba morabe oa Antandroy. Ke hobane’ng ha a ile a ea moo?

Khoeli pele ba utsoetsoa, Riana o ne a ithuta Bibele le bo-ntate ba babeli ba Maantandroy. O ile a ithuta mantsoe a se makae a Setandroy, eaba o qala ho nahana ka batho ba bangata ba puo eo ba e-s’o rutoe letho ka Bibele. O re: “Ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse hore ke ee moo batho ba teng ba buang Setandroy.”

Riana o ile a ea moo, empa li sa tloha feela o ile a thula thaba. Ha aa ka a fumana mosebetsi. Ntate e mong o ile a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u tlile moo? Ha batho ba batla mosebetsi, ba ea moo u tsoang teng.” Ka mor’a libeke tse peli Riana o ile a ea kopanong ea setereke a se na chelete, a bile a ipotsa hore na o tl’o etsa joang. Letsatsing la ho qetela la kopano, mor’abo rona e mong o ile a kenya ho hong ka har’a pokotho ea baki ea hae. E ne e le chelete e ngata ho lekana hore a ka khutlela Antandroy a ba a qala khoebo e nyenyane ea ho rekisa liyokate. Riana o re: “Ke ile ka bona matla a Jehova ka nako e nepahetseng. Ke ne ke tl’o khona ho thusa batho ba sa bang le monyetla oa ho ithuta ka Jehova.” Ho ne ho boetse ho e-na le mosebetsi o mongata oo nka o etsang ka phuthehong. Riana o re: “Ke ne ke fana ka puo ea phatlalatsa hoo e ka bang beke le beke. Jehova o ile a nthupela.” Riana o ntse a tsoela pele ho ithuta Bibele le batho ba buang Setandroy e le hore ba tsebe Jehova haholoanyane.

“JEHOVA O ILE A NTLHOHONOLOFATSA”

Jehova o re tiisetsa hore “ea kopang tlhohonolofatso mona lefatšeng, o tla . . . hlohonolofatsoa ke Molimo oa ’nete.” (Esa. 65:16; BPN) Oa re hlohonolofatsa ha re sebetsa ka thata ho hlola mathata ao re kopanang le ’ona ha re ntse re mo sebeletsa. Nahana ka Sylviana eo ho buuoeng ka eena qalong ea sehlooho sena. Hopola hore o ne a nahana hore a ke ke a khona ho thusa moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng. Hobane’ng? O re: “Leoto la ka le le khutšoaane ho feta le leng ka lisenthimithara tse robong. Kahoo, ha ke tsamaea kea qhiletsa ’me seo se etsa hore ke khathale kapele.”

Ka 2014, Sylviana o ile a tsamaea le Sylvie Ann e leng morali’abo rona e mocha oa pula-maliboho eaba ba ea motsaneng o monyenyane o ka bang lik’hilomithara tse 85 ho tloha moo ba neng ba lula teng. Ho sa tsotellehe mathata, toro ea Sylviana e ile ea phethahala ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa. Sylviana o re: “Ka mor’a selemo re le sebakeng sena se secha, Doratine eo ke neng ke ithuta le eena o ile a kolobetsoa kopanong ea potoloho.”

“KE TLA U THUSA”

Lintho tse ileng tsa etsahalla batho bao re buileng ka bona, li re thusa ho hlokomela hore haeba re sebetsa ka thata ho hlola mathata a ho eketsa mosebetsi oa rona tšebeletsong, re tla bona bonnete ba mantsoe a Jehova a reng: “Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa.” (Esa. 41:10) Kahoo, kamano ea rona le Jehova e tla ba matla le ho feta. Ho feta moo, ho ea sebakeng seo ho sona ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng ebang ke naheng ea habo rona kapa esele ho re thusa ho itokisetsa ho etsa mosebetsi oo re tobaneng le oona lefatšeng le lecha. Didier ea boletsoeng pejana le eena o bua mantsoe a tšoanang. E se eka re ka ba le baithaopi ba eketsehileng.

^ ser. 4 Ba neng ba sebetsa moo ho hlokehang baboleli ba ne ba tsoa Amerika, Canada, Czech Republic, Engelane, Fora, Guadeloupe, Jeremane, Luxembourg, New Caledonia, Sweden le Switzerland.

^ ser. 8 Hona joale e se e le Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso. Bo-pula-maliboho ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba sebetsang linaheng tse ling ba ka etsa kopo ea ho ea sekolong sena naheng ea habo bona kapa naheng e ’ngoe moo sekolo seo se tšoaroang ka puo ea habo bona.