Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Eric le Amy

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Ghana

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Ghana

NA U tseba mora kapa morali oabo rōna ea ileng naheng e ’ngoe ho ea sebeletsa teng hobane ho hlokahala bahoeletsi ba eketsehileng? Na u kile ua ipotsa hore na ke eng e ba susumelelitseng ho ea sebeletsa linaheng tse ling? Ba entse’ng ho itokiselletsa tšebeletso ee? Na nka khona ho kopanela tšebeletsong ee? Tsela e molemo ea ho fumana likarabo tsa lipotso tsena ke ka hore re buisane le bara le barali babo rōna ba tšebeletsong ena. Kahoo a re utloeng hore na ba re’ng.

BA SUSUMELITSOE KE ENG?

Ke eng e ileng ea u susumelletsa hore u qale ho nahana ka ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo teng? Amy, ea lilemo li ka bang 35 o tsoa United States. O re: “Ke khale ke nahana ka ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo, empa ho sa bonahale eka nka khona.” Ke eng e ileng ea fetola pono ea hae? O re: “Ka 2004, banyalani ba bang ba sebeletsang Belize ba ile ba nkōpa hore ke tl’o bula maliboho le bona moo nako e etsang khoeli. Ke ile ka ea ’me ka thabela ho sebetsa le bona! Selemo hamorao, ke ile ka ea Ghana ho ea sebeletsa teng ke le pula-maliboho.”

Aaron le Stephanie

Lilemong tse seng kae tse fetileng, Stephanie, ea lilemo tse ka holimo ho 20, eo le eena a tsoang United States, o ile a hlahlobisisa maemo a hae eaba o re: ‘Ke phetse hantle ’meleng ebile ha ke na mathata a lelapa. Ka sebele nka khona ho sebeletsa Jehova ka ho eketsehileng.’ Ho itlhahloba hoo ho ile ha mo susumelletsa ho fallela Ghana ho ea sebeletsa teng. Filip le Ida, e leng banyalani ba bo-pula-maliboho ba tsoang Denmark, haesale ba labalabela ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo. Ba ile ba leka ka hohle ho finyella seo. Filip o re, “Ha monyetla o hlaha e ne eka Jehova o re ho rōna: ‘Tsoelang pele!’” Ba ile ba fallela Ghana ka 2008, ’me ba sebeletsa teng ka lilemo tse fetang tse tharo.

Brook le Hans

Hans le Brook, e leng banyalani ba bo-pula-maliboho ba ka holimo ho lilemo tse 30 ba sebeletsa United States. Ka 2005 ba ile ba ea thusa libakeng tse anngoeng ke Leholiotsoana Katrina. Hamorao, ba ile ba etsa kōpo ea ho thusa mosebetsing oa kaho, empa ea se ke ea amoheloa. Hans o re: “Re ile ra mamela puo e ’ngoe kopanong e neng e bontša hore Morena Davida o ile a amohela ha a haneloa ho haha tempele, ’me a ipehela pakane e ’ngoe. Ntlha eo e ile ea re thusa ho hlokomela hore le rōna re ka fetola lipakane tsa rōna.” (1 Likron. 17:1-4, 11, 12; 22:5-11) Brook o phaella ka ho re, “Jehova o ne a batla hore re fetole lipakane tsa rōna.”

Hans le Brook ba ile ba susumelletseha ho bula maliboho naheng e ’ngoe ka mor’a ho utloa liphihlelo tsa metsoalle ea bona e sebeletsang linaheng tse ling. Ka 2012, ba ile ba ea Ghana, ’me ba qeta likhoeli tse ’nè moo, ba thusa phutheho ea puo ea matsoho. Le hoja ba ile ba tlameha ho khutlela United States, ho sebeletsa ha bona Ghana ho ile ha matlafatsa boikemisetso ba bona ba ho ntšetsa pele borapeli ba Jehova. Ka mor’a moo, ba ile ba thusa mosebetsing oa ho haha lekala la Micronesia.

BA SEBELETSA HO FINYELLA PAKANE EA BONA

U ile ua etsa’ng ho itokiselletsa ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo? Stephanie o re, “Ke ile ka etsa lipatlisiso lihloohong tsa Molula-Qhooa tse buang ka ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo. * Ke ile ka boela ka buisana le baholo hammoho le molebeli oa potoloho le mosali oa hae ka hore ke lakatsa ho ea sebeletsa naheng e ’ngoe. Ho phaella moo, ke ne ke atisa ho bolella Jehova taba ena.” Ka nako e tšoanang, Stephanie o ile a fokotsa lintho tse sa hlokahaleng, ’me seo sa mo nolofalletsa ho behella chelete eseng kae ka thōko eo a tla iphelisa ka eona ha a ntse a sebeletsa naheng e ’ngoe.

Hans o re: “Re ile ra rapela Jehova ra mo kōpa hore a re tataise kaha re ne re batla ho ea moo a batlang hore re ee teng. Lithapelong tsa rōna re ne re bile re mo bolella letsatsi leo re batlang ho qala ka lona.” Banyalani bao ba ile ba ngolla liofisi tse ’nè tsa makala. Ka mor’a ho fumana karabo e tsoang lekaleng la Ghana, ba ile ba rera ho ea qeta likhoeli tse peli moo. Hans o re, “Re ile ra thabela ho sebetsa le bara le barali babo rōna hoo re ileng ra lula nako e eketsehileng.”

Adria le George

George le Adria, e leng banyalani ba habileng lilemo tse 40 ba tsoang Canada, ba ile ba lula ba ikhopotsa hore Jehova o hlohonolofatsa liqeto tse bohlale eseng feela sepheo se setle. Kahoo ba ile ba nka khato e le hore ba finyelle pakane ea bona. Ba ile ba bua le morali’abo rōna ea neng a sebeletsa Ghana ’me ba mo botsa lipotso tse ngata. Ba boela ba ngolla lekala la Canada le la Ghana. Adria o re: “Re ile ra batla litsela tse ling tsa ho fokotsa lintho tseo re sa li hlokeng.” Seo se ile sa ba nolofalletsa hore ba ee Ghana ka 2004.

HO SEBETSANA LE MATHATA

Ke mathata afe ao u ileng ua kopana le ’ona moo, hona u ile ua sebetsana le ’ona joang? Qalong Amy o ne a hloloheloa hae. O re: “Lintho li ne li etsoa ka tsela e fapaneng le ea moo ke tsoang teng.” O ile a thusoa ke eng? O re: “Ba lelapa leso ba ne ba ntetsetsa ba mpolella kamoo ba ananelang seo ke se etsang kateng, ’me seo se ne se nthusa ho hopola hore na ke hobane’ng ha ke le moo. Ha nako e ntse e ea re ile ra qala ho buisana ka video. Kaha re ne re bonana ka video, ke ne ke se ke sa utloe eka ba hōle le ’na.” Amy o re ho tloaelana le morali’abo rōna ea seng a hōlile oa sebakeng seo, ho ile ha mo thusa hore a utloisise meetlo e meng ea moo. “Ke ne ke ea ho motsoalle eo oa ka nako le nako ha ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha batho ba mona ba etsa lintho ka tsela e itseng. O ile a nthusa ho tseba lintho tseo ke lokelang ho li etsa le tseo ke lokelang ho li qoba, ’me seo sa nthusa hore ke thabele tšebeletso ea ka.”

George le Adria ba re ha ba qala ho fihla Ghana, ba ne ba utloa eka ba khutlela mehleng ea khale. Adria o re: “Ho e-na le ho hlatsoa ka mochine, re ne re hlatsoetsa libasekomong. Ho pheha ho ne ho nka nako e ngata ho feta mehleng. Empa ho ile ha tloaeleha ha nako e ntse e ea.” Brook o re: “Le hoja rōna bo-pula-maliboho re tobana le mathata ana, re phela bophelo bo khotsofatsang. Re ananela liphihlelo tsohle tse thabisang tseo re bileng le tsona.”

TŠEBELETSO E PUTSANG

Ke hobane’ng ha u khothalletsa ba bang hore ba kenele tšebeletso ee? Stephanie o re: “Hoa thabisa ho pakela batho ba labalabelang ho tseba ’nete ’me ba batla ho ithuta Bibele le uena letsatsi le leng le le leng. Ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo teng e bile e ’ngoe ea liqeto tse molemo tseo nkileng ka li etsa!” Ka 2014, Stephanie o ile a nyaloa ke Aaron, ’me hona joale ba sebeletsa ofising ea lekala e Ghana.

Christine, e leng morali’abo rōna oa pula-maliboho ea tsoang Jeremane, ea sa tsoa feta lilemo tse 30 o re: “Ruri ke tšebeletso e thabisang.” Christine o ne a sebeletsa Bolivia pele a ea Ghana. O phaella ka ho re: “Kaha ke hōle le ba lelapa leso, ke lula ke itšetlehile ka Jehova. Ke mo nka e le oa sebele ho feta le ha e le neng pele. Ke boetse ke thabela bonngoe bo teng ka phuthehong ea Jehova. Ke thabela tšebeletso ena haholo.” Christine o sa tsoa ho nyaloa ke Gideon, ’me ba ntse ba sebeletsa Ghana.

Christine le Gideon

Filip le Ida ba re bolella seo ba se entseng ho thusa liithuti tsa Bibele hore li hatele pele. “Re ne re atisa ho ba le liithuti tse 15 kapa ho feta tsa Bibele, empa re ile ra li fokotsa hore li be 10 e le hore re be le nako e lekaneng ea ho li thusa.” Na see se ile sa li ruisa molemo? Filip o re: “Ke ne ke ithuta le mohlankana e mong ea bitsoang Michael. Re ne re ithuta letsatsi le leng le le leng ’me a lokisetsa hantle, kahoo ra nka khoeli feela ho qeta buka ea Seo Bibele e se Rutang. Ka mor’a moo, Michael e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Ha a qala ho ea tšimong o ile a re ho ’na: ‘Ke kōpa u nthuse ka liithuti tsa ka tsa Bibele.’ Ke ile ka mo makalla. Michael o ile a ntlhalosetsa hore o se a qalile ho ithuta Bibele le batho ba bararo ’me o kōpa hore ke mo thuse.” Ho hlakile hore ho hlokahala mesuoe e eketsehileng ea Bibele, kaha liithuti le tsona e ba mesuoe!

Ida le Filip

Amy o ile a hlokomela ka potlako hore ho hlokahala bahoeletsi ba eketsehileng, ’me o re: “Ha re sa tsoa fihla Ghana, re ile ra e’o paka motseng o mong ’me ra batla batho ba sa utloeng litsebeng. Re ile ra fumana batho ba robeli ba sa utloeng litsebeng motseng oo!” Ha nako e ntse e ea, Amy o ile a nyaloa ke Eric, ’me hona joale ke bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ba kopanela phuthehong ea puo ea matsoho ’me ba thusa bahoeletsi ba sa utloeng litsebeng le batho ba bang ba thahasellang naheng eo ba fetang 300. George le Adria ba re ho sebeletsa Ghana ho ba file tatso ea hore na ho joang ho ba baromuoa. Kahoo ba ile ba thaba ha ba memeloa ho ba sehlopheng sa bo126 sa Sekolo sa Gileade. Hona joale, ke baromuoa Mozambique.

BA SUSUMETSOA KE LERATO

Hoa khothatsa ho bona bara le barali babo rōna ba sebetsa hammoho le ba bang ba bangata ba tsoang linaheng tse ling, mosebetsing ona oa kotulo. (Joh. 4:35) Ka karolelano, ho kolobetsoa batho ba ka bang 120 beke le beke, Ghana. Ho tšoana le bara le barali babo rōna ba 17 ba ileng Ghana ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo teng, baboleli ba likete-kete ba litaba tse molemo ba susumetsoa ke lerato hore “ba itlhahise ka ho rata” ho sebeletsa Jehova. Ba sebeletsa libakeng tseo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng. Ruri baithaopi bana ba thabisa pelo ea Jehova!—Pes. 110:3; Liprov. 27:11.

^ ser. 9 Ka mohlala, sheba sehlooho se reng, “Na U ka Fallela Moo ho Hlokahalang Bahoeletsi ba ’Muso?” le se reng “Na U ka Tšelela Macedonia?”—Molula-Qhooeng oa April 15 le oa December 15, 2009.