Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Naheng ea Norway

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Naheng ea Norway

LILEMONG tse ’maloa tse fetileng, Roald le Elsebeth, e leng banyalani ba neng ba le lilemo li habileng 50, ba ne ba lula Bergen, e leng toropo ea bobeli ho tse khōlō tsa Norway, moo ba neng ba iphelela hamonate. Roald le Elsebeth hammoho le morali oa bona Isabel le mora oa bona Fabian, ba ne ba phetha mesebetsi ea bona ka botšepehi phuthehong. Roald o ne a sebeletsa e le moholo ’me Elsebeth a sebeletsa e le pula-maliboho, ha Isabel le Fabian e ne e le bahoeletsi ba tsoelang pele hantle.

Leha ho le joalo, ka September 2009, lelapa leo le ile la etsa qeto ea ho etsa ntho e ’ngoe e fapaneng—le ile la ea sebakeng se ka thōko ho ea bolela litaba tse molemo nako e ka etsang beke. Kahoo, Roald, Elsebeth hammoho le Fabian, ea neng a le lilemo li 18 ka nako eo, ba ile ba ea Nordkyn, e leng hloahloa e seterekeng sa Finnmark, ka holimo ho Arctic Circle. Ha ba le moo, motseng oa Kjøllefjord, ba ile ba sebetsa le bara le barali babo rōna bao le bona ba neng ba ile sebakeng seo se ka thōko ho ea bolela litaba tse molemo. Roald o re: “Qalong ea beke eo, ke ile ka utloa ke khotsofetse haholo hore ebe ke ile ka khona ho lokisa maemo a ka e le hore nka kopanela  tšebeletsong eo ea bohlokoa beke kaofela.” Leha ho le joalo, hamorao hona bekeng eo Roald o ile a qala ho tšoenyeha. Ho ne ho etsahetse’ng?

POTSO EO A NENG A SA E LEBELLA

Roald o re: “Ke sa lebella, Mario, e leng pula-maliboho ea sebeletsang Finnmark, o ile a re botsa hore na re ka thabela ho fallela toropong e bitsoang Lakselv ho ea thusa phutheho ea moo e nang le bahoeletsi ba 23.” Roald o ile a makatsoa ke potso eo, eo a neng a sa e lebella. O re: “’Na le Elsebeth re ne re ile ra nahana ka taba ea hore na re ka khona ho sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba bangata—empa re ne re nahanne hore re tla etsa seo ha bana ba se ba phuruselitse.” Le hoja Roald a ne a qetile matsatsi a fokolang a bolela litaba tse molemo sebakeng seo se ka thōko, o ile a hlokomela hore batho ba ne ba batla ho ithuta ka Jehova. Ba ne ba hloka ho thusoa ka eona nako eo—eseng hamorao. O re: “Potso eo e ile ea ntšoenya ea ba ea ntlhokisa boroko masiu a ’maloa.” Kahoo, Mario o ile a isa Roald le litho tsa lelapa la hae ka koloi Lakselv, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 240 ka boroa ho Kjøllefjord. Mario o ne a batla hore baeti bao ba iponele ka bobona hore na phutheho eo e nyenyane e joang.

Motseng oa Lakselv, Andreas e leng e mong oa baholo ba moo ba babeli, o ile a bontša baeti sebaka seo hammoho le Holo ea ’Muso. Litho tsa phutheho li ile tsa amohela Roald le Elsebeth ka mofuthu tsa ba tsa ba bolella hore li ka thabela hore lelapa la bona le fallele sebakeng seo ho tla thusa ka mosebetsi oa ’Muso. Andreas o ile a bososela eaba o re o se a entse litokisetso tsa hore Roald le Fabian ba e’o hlahlobeloa mosebetsi! Baeti bao ba ne ba tla etsa’ng?

BA TLA ETSA QETO EFE?

Fabian o ile a araba ka ho re: “Ha ke rate ho fallela sebakeng sena.” O ne a sa rate ho siea metsoalle ea hae e haufi eo a neng a hōtse le eona phuthehong ea habo le ho fallela toropong e nyenyane. Hape, o ne a e-s’o qete thupelo ea hae ea ho ba setsebi sa motlakase. Leha ho le joalo, ha Isabel (eo ka nako eo a neng a le lilemo li 21) a botsoa hore na eena o ikutloa joang ka ho fallela moo, o ile a re: “Ke eona ntho eo esale ke e batla!” Leha ho le joalo, Isabel o re: “Ha ke hlile ke nahanisisa ka taba eo, ke ile ka ipotsa, ‘Na ebe ee ke ntho e bohlale? Ebe ha ke na ho hloloheloa metsoalle ea ka? Eseng ke lule phuthehong ea heso moo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leng bobebe le moo ke tsebang hore na lintho li tla tsamaea joang?’” Elsebeth eena o ile a etsa’ng ha a utloa taba eo? O re: “Ke ile ka utloa eka ena e ne e le kabelo e tsoang ho Jehova, empa ke ile ka boela ka nahana ka ntlo ea rōna eo re neng re sa tsoa e nchafatsa le thepa eo esale re e bokella ka lilemo tse 25 tse fetileng.”

Elsebeth le Isabel

Ha beke e khethehileng e fela, Roald le ba lelapa la hae ba ile ba khutlela Bergen, empa ba ne ba lula ba nahana ka bara le barali babo bona ba Lakselv, e leng sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 2 100. Elsebeth o re: “Ke ile ka lula ke rapela Jehova ka taba eo, ’me ka tsoela pele ke buisana le metsoalle eo re neng re kopane le eona; re ne re romellana lifoto le liphihlelo.” Roald o re: “Ke ne ke hloka nako ea hore ke nahanisise ka taba ena ea ho falla. Hape, ke ne ke lokela ho nahana hore na ke ntho e tla hle e atlehe. Le hore na re ne re tla iphelisa joang. Ke ile ka rapela Jehova haholo ka taba ena, ka ba ka buisana le ba lelapa la ka hammoho le bara babo rōna ba nang le boiphihlelo.” Fabian o re: “Ha ke ntse ke nahanisisa ka taba ena ke ile ka hlokomela hore ha e le hantle ke ne ke se na lebaka le utloahalang la ho se ee sebakeng seo. Ke ile ka rapela Jehova khafetsa ’me hanyane ka hanyane takatso ea ho falla e ile ea e-ba matla.” Isabel eena? E le hore a itokisetse ho falla, e ile ea e-ba pula-maliboho ha a ne a ntse a le motseng oa habo. O ile a utloa a loketse hore a ka falla ka mor’a hore a qete likhoeli tse tšeletseng e le pula-maliboho a be a sebelise nako e ngata a etsa thuto ea botho ka ho bala Bibele.

BA NKA BOHATO BO TLA BA THUSA HO FINYELLA PAKANE EA BONA

Ha takatso ea bona ea ho sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba bangata e ntse e e-ba matla, lelapa leo le ile la nka bohato bo neng bo tla le thusa hore le finyelle pakane ea lona. Roald o ne a sebetsa mosebetsi o lefang haholo oo a neng a bile a o rata haholo, empa o ile a kōpa phomolo ea selemo. Leha ho le joalo, mohiri oa hae o ile a mo kōpa hore e be mosebetsi oa nakoana—a sebetse libeke tse peli ’me a phomole tse tšeletseng. Roald o re: “Moputso oa ka o ile oa fokotsoa haholo, empa lintho li ile tsa ’na tsa tsamaea hantle.”

Elsebeth o re: “Monna oa ka o ile a nkōpa hore ke batle ntlo Lakselv ’me re hirise ea rōna e Bergen. Seo se ne se hloka nako le boiteko bo matla, empa re ile ra atleha. Ka mor’a nako e seng kae, bana ba rōna ba ile ba fumana mosebetsi oa nakoana ’me ba re thusa ho reka lijo le ho lefella litšenyehelo tsa lipalangoang.”

Isabel o re: “Kaha toropo eo re neng re se re lula ho eona e ne e le nyenyane, bothata ba ka bo boholo e ne e le  ho fumana mosebetsi e le hore nka khona ho iphelisa ha ke ntse ke le pula-maliboho. Ka linako tse ling ke ne ke felloa ke tšepo.” Ho ntse ho le joalo, kaha Isabel o ile a amohela mesebetsi ea nakoana—e robong selemong sa pele—o ile a khona ho lefella litšenyehelo tsa hae. Fabian eena lintho li ile tsa mo tsamaela joang? O re: “E le hore ke qetele lithuto tsa ka tsa ho ba setsebi sa motlakase, ho ne ho hlokahala hore ke sebetse moo ke neng ke tla ’ne ke rutoe mosebetsi. Ke ile ka khona ho etsa seo Lakselv. Hamorao, ke ile ka pasa litlhahlobo tsa ka eaba ke fumana mosebetsi oa nakoana.”

KAMOO BA BANG BA ILENG BA EKETSA TŠEBELETSO EA BONA KATENG

Marelius le Kesia ba pakela ’mè oa Mosami Norway

Marelius le mosali oa hae Kesia, le bona ba ne ba batla ho sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba bangata. Marelius eo hona joale a leng lilemo li 29, o re: “Lipuo le lipuisano tse neng li bua ka bopula-maliboho tseo ke ileng ka li mamela kopanong, li ile tsa ntšusumeletsa hore ke nahane ka ho eketsa tšebeletso ea ka.” Leha ho le joalo, Kesia eo hona joale a leng lilemo li 26, o ile a bona eka ho fallela hōle le lelapa labo e tla ba ntho e boima. O re: “Ke ne ke tšoha ha ke ne ke nahana ka ho ba hōle le batho bao ke ba ratang.” Ho feta moo, Marelius o ne a sebetsa e le hore a tsebe ho patala sekoloto sa ntlo ea bona. O re: “Ka thuso ea Jehova le ho lula re rapela, re mo kōpa hore a re thuse ho etsa liphetoho bophelong ba rōna, re ile ra atleha ho nka bohato bo hlokahalang.” Banyalani bao ba ile ba qala ka ho qeta nako e ngata ba ithuta Bibele. Eaba ba rekisa ntlo ea bona, ba tlohela mesebetsi ea bona ea boipheliso ’me ka August 2011 ba ile ba fallela motseng o moholo oa Alta, o ka leboea ho Norway. Ha ba le moo, Marelius o etsa mosebetsi oa ho boloka libuka tsa khoebo ha Kesia eena a sebetsa lebenkeleng e le hore ba ka khona ho iphelisa ha e ntse e le bo-pula-maliboho.

Knut le Lisbeth, e leng banyalani ba lilemo li ka bang 35, ba ile ba angoa ke liphihlelo tse neng li hlahile Bukeng ea Selemo tse neng li bua ka batho ba ileng ba sebeletsa moo ho neng ho hlokahala baboleli ba ’Muso ba bangata. Lisbeth o re: “Liphihlelo tsena li ile tsa etsa hore re nahane ka ho ea sebeletsa naheng e ’ngoe, empa ke ile ka qeaqea hobane ke ne ke sa lumele hore mosebetsi oo o ne o ka etsoa ke motho feela ea itšoanelang le ’na.” Leha ho le joalo, ba ile ba nka bohato bo neng bo tla ba thusa ho finyella pakane ea bona. Knut o re: “Re ile ra rekisa folete ea rōna eaba re il’o lula le ’mè oa ka e le hore re tle re tsebe ho boloka chelete. Hamorao, re ile ra batla ho utloa hore na ho joang ho sebetsa tšimong ea puo e ’ngoe, kahoo re ile fallela phuthehong ea Senyesemane e Bergen nako e etsang selemo, moo re ileng ra lula le ’mè oa Lisbeth.” Ka mor’a nako e seng kae, Knut le Lisbeth ba ile ba utloa hore joale ba se ba ka khona ho nka bohato boo bo boholo—ba ile ba fallela Uganda. Likhoeli tse peli ka selemo ba khutlela Norway hore ba e’o sebetsa. Ka ho etsa joalo, ba khona ho ba le chelete e lekaneng hore ba ka lula Uganda nako e ka etsang selemo ha e ntse e le bo-pula-maliboho.

“LATSOANG ’ME LE BONE HORE JEHOVA O MOLEMO”

“Lelapa la rōna le na le kamano e haufi haholo.”—Roald

Lintho li ile tsa tsamaela basebetsi baa ba etsang mosebetsi oa bona ka ho rata joang? Roald o re: “Re khona ho qeta nako e ngata haholo re le lelapa ha re le sebakeng sena se ka thōko ho feta ha re ne re le Bergen. Hona joale lelapa la rōna le na le kamano e haufi haholo. Re hlohonolofalitsoe ka hore re bone bana ba  rōna ba tsoela pele hantle moeeng.” O phaella ka ho re: “Hape, hona joale re se re e-na le maikutlo a nepahetseng ka lintho tse bonahalang. Ha se tsa bohlokoa joalokaha re ne re nahana.”

Elsebeth o ile a bona ho hlokahala hore a ithute puo e ’ngoe. Hobane’ng? Tšimo ea Phutheho ea Lakselv e akarelletsa motse oa Karasjok, moo ho nang le batho ba bangata ba Masami—e leng batho bao e leng matsoalloa a karolong e ka leboea ea Norway, Sweden, Finland le Russia. Kahoo, e le hore Elsebeth a khone ho pakela batho ba sebakeng seo, o ile a ithuta puo ea Sesami. Hona joale o se a khona ho qala moqoqo ka puo eo. Na o thabela tšimo e ncha eo a sebetsang ho eona? A bososela, o re: “Ke khanna lithuto tsa Bibele tse tšeletseng. Ruri ke thabile haholo hore ebe ke sebeletsa sebakeng sena!”

Fabian, eo hona joale e leng pula-maliboho eo e bileng e leng mohlanka ea sebeletsang, o re eena le Isabel ba thusitse bacha ba bararo ba phuthehong ea habo bona ba neng ba hloka ho khothatsoa hore ba kenye letsoho mesebetsing ea phutheho. Hona joale bacha bao ba bararo ba mafolofolo mosebetsing oa boboleli. Ha e le hantle, ba babeli ba bona ba kolobelitsoe ’me ba ile ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka March 2012. E mong oa bacha bao ba neng ba fokola moeeng o ile a leboha Fabian le Isabel ka hore ebe ba mo thusitse hore a boele a tsoele pele moeeng. Fabian o re: “Ke ile ka angoa ke mantsoe a hae haholo. Ruri hoa thabisa ho thusa motho e mong!” Isabel o re: “Mosebetsing ona, ke hlile ke ‘latsoitse ’me ke bone hore Jehova o molemo.’” (Pes. 34:8) O phaella ka ho re: “Ho sebeletsa mona ho monate haholo!”

Hona joale Marelius le Kesia ba phela bophelo bo itekanetseng empa e le bo khotsofatsang. Phutheho ea Alta eo ba ileng ba fallela ho eona, hona joale e na le bahoeletsi ba 41. Marelius o re: “Ha ke hetla morao, ke khothala haholo ha ke bona kamoo bophelo ba rōna bo fetohileng kateng. Re leboha Jehova ka hore ebe re khona ho mo sebeletsa re le bo-pula-maliboho sebakeng sena. Ha ho na ntho e khotsofatsang ho feta ena.” Kesia o phaella ka ho re: “Ke ithutile ho tšepa Jehova ka ho feletseng, ’me o ’nile a re hlokomela hantle haholo. Ke boetse ke hlokometse hore ho lula hōle le beng ka rōna, ho nthusa hore ke ananele nako eo ke e qetang le molekane oa ka haholoanyane. Ha ho mohla nkileng ka ikoahlaela qeto eo re e entseng.”

Knut le Lisbeth ba ithuta le lelapa le leng Uganda

Knut le Lisbeth ba ntse ba e-ea joang Uganda? Knut o re: “Ho nkile nako hore re tloaele sebaka se secha le tsela eo lintho li etsoang ka eona sebakeng seo. Re lula re tšoaroa ke mala, re ba le mathata a metsi le motlakase, empa re khanna lithuto tsa Bibele tse ngata kamoo re batlang!” Lisbeth o re: “Sebaka se ka bang bohōle ba halofo ea hora ho tloha moo re lulang, ho na le metse eo ho neng ho e-s’o boleloe litaba tse molemo ho eona. Leha ho le joalo, ha re fihla moo, re fumane hore batho ba teng ba bala Bibele ’me ba re kōpa hore re ba rute eona. Ruri ho ruta batho ba ikokobelitseng hakaalo Bibele hoa thabisa!”

E tlameha ebe Moeta-pele oa rōna, e leng Kreste Jesu, o thaba haholo ha a sheba a le leholimong ’me a bona hore mosebetsi oa boboleli oo a o qalileng o ntse o boleloa libakeng tse ngata lefatšeng! Ka sebele, batho bohle ba Molimo ba thabela ho itlhahisa ka ho rata ho phetha taelo ea Jesu e reng, “le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.”—Mat. 28:19, 20.