Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEO BIBELE E SE RUTANG

Tumelo

Tumelo

Batho ba bang ba ipitsa balumeli empa ha ba utloisise hore na “tumelo” ke eng. Tumelo ke eng, hona ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa?

Tumelo ke eng?

SEO BATHO BA SE BUANG

Batho ba bangata ba nahana hore motho ea nang le tumelo o lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e rutoang ka Molimo empa a sa batlisisa ka eona. Ho etsa mohlala, nahana ka motho ea reng, ‘Ke lumela ho Molimo.’ Haeba motho eo a ka botsoa hore na ke hobane’ng ha a lumela ho Molimo, a ka ’na a re, ‘Ke tsela eo ke hōlisitsoeng ka eona’ kapa a re, ‘Ke rutiloe joalo.’ Empa ho na le phapang pakeng tsa ho ba le tumelo le ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe.

SEO BIBELE E SE RUTANG

“Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona, ke bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheberu 11:1) E le hore tebello ea motho e be e tiisitsoeng, o lokela ho ba le mabaka a utloahalang. Ha e le hantle, lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng e le “tebello e tiisitsoeng” ha le bolele feela tsela eo motho a ikutloang ka eona kapa seo a se labalabelang. Le bolela ho kholiseha ho thehiloeng bopaking.

“Litšobotsi tsa hae [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.”Baroma 1:20.

Ke hobane’ng ha e le ntho ea bohlokoa hore u be le tumelo?

SEO BIBELE E SE RUTANG

“Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa, kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheberu 11:6.

Joalokaha re boletse pejana, batho ba bangata ba lumela ho Molimo hobane feela ba rutiloe joalo. Ba ka ’na ba re, ‘Ke tsela eo ke hōlisitsoeng ka eona.’ Empa Molimo o batla hore batho ba mo rapelang ba lumele hore o teng le hore oa ba rata. Ke kahoo Bibele e reng re mo batle ka tieo e le hore re mo tsebe hantle.

“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”Jakobo 4:8.

U ka ba le tumelo joang?

SEO BIBELE E SE RUTANG

“Tumelo e latela ntho e utloiloeng.” (Baroma 10:17) Ntho ea pele eo u lokelang ho e etsa e le hore u be le tumelo ho Molimo ke hore u mamele seo Bibele e se rutang ka eena. (2 Timothea 3:16) Ha u ithuta Bibele u tla fumana likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa tse kang: Molimo ke mang? Na ho na le bopaki ba hore o teng? Na ehlile Molimo oa ntsotella? Morero oa Molimo ke ofe ka bokamoso?

Bopaki ba hore Molimo o teng bo hohle

Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa hore u ithute Bibele. Joalokaha re boletse websaeteng ea rōna ea jw.org/st, “Lipaki Tsa Jehova li rata ho ruta batho Bibele, empa ha re qobelle motho leha e le ofe hore e be setho sa bolumeli ba rōna. Ho e-na le hoo, ka tlhompho re bolella motho seo Bibele e se buang, re elelloa hore motho ka mong o na le tokelo ea ho ikhethela seo a tla se lumela.”

Re hlokometse hore tumelo ea hao e lokela ho thehoa bopaking ba lintho tseo u li boneng ha u ntse u ithuta Bibele ’me u hlokomela hore ke ’nete. Ha u etsa joalo, u tla be u etsisa batho ba mehleng ea khale ba neng ba ithuta Bibele kaha ba ile ba “amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.”—Liketso 17:11.

“Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”Johanne 17:3.