Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Phapang ke Efe Pakeng Tsa ho Kulisoa ke Lijo le ho Hlōloa ke Tsona?

Phapang ke Efe Pakeng Tsa ho Kulisoa ke Lijo le ho Hlōloa ke Tsona?

Emily: “Ke ile ka beha fereko fatše kaha ke ne ke sa ikutloe hantle. Ho ne ho le botsikinyane ka hanong ’me leleme la ka le ile la ruruha. Ke ile ka qala ho tsekela eaba ke sitoa ho hema. Ka hlaha makhopho liphakeng le molaleng. Le hoja ke ile ka leka ho khoba matšoafo, ke ne ke tseba hore ke lokela ho potlakisetsoa sepetlele.”

BATHO ba bangata ba ja lijo tse fapa-fapaneng. Leha ho le joalo, ba bang ba lokela ho qoba lijo tse itseng. Ba tšoana le Emily eo re buileng ka eena pejana. Lijo tse ling lia ba kulisa. Emily o na le anaphylaxis ’me e kotsi. Empa ka linako tse ling, ho kulisoa ke lijo ha ho be kotsi hakaalo.

Litlaleho li bontša hore lilemong tsa morao tjena batho ba kulisoang ke lijo ba eketsehile. Leha ho le joalo, ke ba seng bakae feela ba ileng ba ea ngakeng ’me lingaka tsa ba bolella hore ba hlile ba kulisoa ke lijo tse itseng.

Ke Hobane’ng ha U Kulisoa ke Lijo?

Buka e ’ngoe ea lingaka e re: “Ho kulisoa ke lijo ha ho na tlhaloso e qaqileng.” Empa lingaka tse ngata li lumela hore ho kulisoa ke lijo ho bakoa ke ha masole a ’mele a loantša mofuta o itseng oa lijo.

Motho o kulisoa ke lijo tse itseng hobane ’mele oa hae o sa li amohele. Masole a ’mele a nka hore lijo tseo li kotsi. Ka mor’a hore motho a je lijo tseo, ’mele o ntša masole a tla li loantša kaha o nka hore li kotsi. Ha motho a ja lijo tseo hape, masole a ntša maro a akarelletsang le bitsoang histamine.

Mosebetsi oa histamine ke ho loantša mafu a kenang ’meleng oa motho. Empa ho batho ba bang, lero lena le sebetsa le masole a ’mele ’me li etsa hore ba kule.

Ke kahoo motho a ka jang lijo tse itseng ka lekhetlo la pele ebe ha li mo kulise, ebe ha a li ja ka lekhetlo la bobeli lia mo kulisa.

Ke Hobane’ng ha U Hlōloa ke Lijo?

Ha motho a hlōloa ke lijo tse itseng, mala a hae a sitoa ho sila lijo tseo. Ha ho bolele hore masole a ’mele aa li loantša. Mala a motho a ka sitoa ho sila lijo hobane a se na maro a silang kapa hobane lijo li na le lintho tseo ho leng thata ho li sila. Ho etsa mohlala, motho o hlōloa ke lebese hobane qati ea hae e sitoa ho hlahisa maro a khonang ho sila tsoekere e fumanehang lebeseng le lijong tse entsoeng ka lona.

Ha motho a hlōloa ke lijo tse itseng, o hlokomela ka lekhetlo la pele feela ha a li ja. Le hoja motho a hlōloa ke lijo kapa li sa mo tšoare hantle, ka linako tse ling haeba a ja tse nyenyane feela li ke ke tsa mo tšoara hampe. Empa haeba li mo kulisa, ha aa lokela ho ja esita le tse nyenyane feela kaha li ka ba kotsi.

U ka Tseba Joang ha Lijo li U Hlōla Kapa li U Kulisa?

Haeba u kulisoa ke lijo u ka ba le matšoao ana: ho hlohlona; ho tsoa makhopho; ho ruruha qoqotho, mahlo kapa leleme; ho nyekeloa ke pelo; ho hlatsa kapa ho tšolla. Ha e se e totile, motho a ka ba le phallo e tlaase ea mali, a tsekela, a akheha kapa pelo e khaotse ho pompa mali. Ha motho a na le anaphylaxis, matšoao ana a ka mpefala ka potlako ’me a shoa.

Motho a ka kulisoa ke lijo life kapa life. Leha ho le joalo, a ka kulisoa ke tse seng kae, tse kang: lebese, mahe, tlhapi, makhala, makotomane, linaoa tse tšoeu le koro. Motho a ka qala ho kulisoa ke lijo ha a le lilemong life kapa life. Haeba batsoali ba ngoana ba kulisoa ke lijo tse itseng, ho ka etsahala hore le eena a kulisoe ke tsona. Bana ba bangata ba khaotsa ho kulisoa ke lijo ha ba hōla.

Haeba motho a hlōloa ke lijo tse itseng, ha a be le matšoao a kotsi hakaalo. Matšoao a teng e ka ba ho tšoaroa ke mala, ho tlallana ka mpeng, ho ntša moea, likerempe, ho tšoaroa ke hlooho, ho tsoa makhopho a masesaane, ho khathala kapa ho tepella. Motho a ka hlōloa ke lijo tse fapa-fapaneng, tse kang: lebese kapa lijo tse entsoeng ka lona, koro, joala le tomoso.

U ka Etsa’ng ha Lijo Tse Itseng li U Hlōla kapa li U Kulisa?

Haeba u nahana hore u hlōloa ke lijo tse itseng kapa lia u kulisa, ho ka ba molemo hore u ee ngakeng. Ho ka ba kotsi ho iketsetsa qeto ea hore ha u sa tla ja lijo tse itseng kaha u ka ’na oa itima lijo tsa bohlokoa.

Ho kulisoa ke lijo ha ho na pheko, ha e se feela hore motho a qobe ho ja lijo tseo tse mo kulisang. * Empa haeba lijo tse itseng li u hlōla, li je u li chakela ’me u se ke oa ja tse ngata. Leha ho le joalo, bakeng sa batho ba bang, ho ka ba molemo hore ba hle ba khaotse ho li ja kapa ba li je ka mor’a nako e telele.

Haeba u kulisoa ke lijo kapa li u hlōla, u ka khothatsoa ke ho tseba hore ho na le batho ba bangata ba kulisoang ke lijo empa ba khona ho laola boemo boo ’me ba ntse ba ja mefuta e mengata ea lijo.

^ ser. 19 Batho ba kulisoang ke lijo tse itseng, ba khothaletsoa hore ba lule ba e-na le moriana oo ba ka ikentang ka oona ha ho hlokahala. Lingaka li khothalletsa hore bana ba kulisoang ke lijo ba fuoe ntho e bontšang hore na ba kulisoa ke lijo life e le hore matichere a li tsebe.