Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Malumeli a Fapa-fapaneng ba Lumela’ng?

Batho ba Malumeli a Fapa-fapaneng ba Lumela’ng?

Mahindu

Mahindu a lumela hore ho utloa bohloko ke litla-morao tsa tsela eo motho a phelang ka eona hona joale kapa eo a phetseng ka eona bophelong bo fetileng. A boetse a lumela hore motho o fihlela moksha, e leng qetello ea ho tsoaloa hangata hobane a se a fetohile ’me a khaolitse bophelo bo litšila.

Mamosleme

Mamosleme a re batho ba utloa bohloko hobane ba otloa ka lebaka la libe tsa bona kapa hobane ho lekoa tumelo ea bona. Dr. Sayyid Syeed e leng mopresidente oa mokhatlo oa Mamosleme a Amerika Leboea, o re mathata a re “hopotsa hore re lokela ho leboha Molimo ha a re hlohonolofatsa, hape a re hopotsa ho tšehetsa mafutsana.”

Bajuda

Bajuda ba lumela hore motho o utloa bohloko hobane a kotula seo a se jetseng. Bajuda ba bang bona ba re ho tla ba le tsoho ’me ka mor’a eona ho tla phethahatsoa toka bakeng sa batho ba ileng ba utloa bohloko ba se na molato. Tumelo ea Bajuda ea Kabbalistic eona e ruta hore motho o tsoaloa hangata e leng se mo fang menyetla ea ho bakela libe tsa hae.

Mabuddha

Mabuddha a lumela hore motho o tla lula a hlaheloa ke lintho tse bohloko ka makhetlo ’ohle a ha a ntse a tsoaloa ho fihlela a lokisa menahano ea hae e mebe, maikutlo le litabatabelo tsa hae. A boetse a lumela hore ha motho a le bohlale, a itšoere hantle a bile a khona ho laola menahano ea hae, a ka fihlela boemo ba nirvana e leng boemo boo motho a seng a sa hlaheloe ke lintho tse bohloko.

Maconfucius

Dictionary of Comparative Religion e re Maconfucius a lumela hore batho ba utloa bohloko ka lebaka la ho “hloleha ho finyella lintho tse itseng bophelong kapa ka lebaka la liphoso tsa bona.” Thuto ena ea bona e ruta hore motho a ka iphokoletsa mathata ka ho itšoara hantle empa o ntse a tla ba le mathata hobane a bakoa ke “libopuoa tsa moea tse matla ho feta batho. Maemong ao ha ho na ntho eo motho a ka e etsang ha e se ho amohela hore ntoa e mo hlotse.”

Malumeli a merabe e meng

Malumeli ana a lumela hore lintho tse bohloko li bakoa ke baloi. Ho latela malumeli ana baloi ba ka atlehisa motho kapa ba mo sotla empa ba ka thibeloa ka hore ho etsoe meetlo e meng e itseng. Ho lumeloa hore ha motho a kula a ka hlabela balimo, a sebelisa meriana le lithakhisa tsa lingaka tsa setso ho leleka mesebetsi ena ea baloi.

Bakreste

Bakreste bona ba lumela hore lintho tse bohloko li bakiloe ke ho se mamele ha batho ba babeli ba pele bao ho buuoeng ka bona ka Bibeleng ho Genese. Leha ho le joalo malumeli a mangata a ikekelelitse lithuto tse ling. Ka mohlala, Mak’hatholike a mang a lumela hore bohloko boo motho a bo utloang a ka bo fa Molimo e le sehlabelo e le ho mo kopa hore a hlohonolofatse kereke kapa hore a lokolle motho e mong.

ITHUTE HAHOLOANYANE

Shebella video e reng Na Molimo o Amohela Malumeli ’Ohle? e fumanehang ho jw.org/st.