TSOHA! No. 2 2020 | Ke Hobane’ng ha re Utloa Bohloko?

Ho tseba ’nete ho ka u tšelisa ha u e-⁠na le mathata.

Batho ba Malumeli a Fapa-fapaneng ba Lumela’ng?

Bona hore na malumeli a fapa-fapaneng a re re hlaheloa ke lintho tse bohloko ka mabaka afe.

1 Na ke Molimo ea re Bakelang Mathata?

Batho ba bangata ba thetsoa ke batho ba ruta’ng mashano ka Molimo. Hoo e leng ’nete ke eng?

2 Na ke Molato oa Rona ha re Hlaheloa ke Mathata?

Haeba ehlile re molato mohlomong re ka khona ho fokotsa mathata a teng.

4 Na Molimo o ne a Rerile Hore re Utloe Bohloko?

Na ke ntho e utloahalang hore ebe Molimo a ka etsa lefatše le letle hakaale ebe o re bakela mathata? Haeba ha se eena ea re bakelang mathata, ho senyehile kae?

5 Na Lintho Tse Bohloko li Tla ke li Fele?

Bibele e re bolella lintho tsohle tseo Molimo a tla li etsa ho felisa mahlomola.

U ka Fumana Thuso

Leha re ka hlaheloa ke mathata ao re bonang eka ha a na tharollo, ho na le ntho e ka re thusang.