Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

3 Ke Hobane’ng ha Batho ba Lokileng ba Utloa Bohloko?

3 Ke Hobane’ng ha Batho ba Lokileng ba Utloa Bohloko?

Re Lokela ho Tseba Karabo

Ha ho utloahale hore ebe batho ba lokileng ba ba le mathata. Batho ba bang ba nka hore ha ho na thuso ho leka ho ba motho ea lokileng haeba qetellong u ntse u tla ba le mathata.

Nahana ka Taba Ena

Batho ba bang ba nka hore ha batho ba shoa ba tla boela ba tsoaloa hape ’me ntho ena e lula e ipheta-pheta. Ba nka hore batho ba ileng ba etsa lintho tse ntle bophelong ba bona ba pele ba phela bophelo bo monate hona joale, ha batho ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe bophelong ba bona ba pele ba phela ka thata hona joale. Ho ea ka tumelo eo, esita le motho ea lokileng a ka hlaheloa ke lintho tse bohloko haeba a ile a etsa lintho tse mpe “bophelong ba hae bo fetileng.” Leha ho le joalo . . .

  • Na ho na le molemo oa hore motho a etsahalloe ke lintho tse bohloko e le kotlo, empa a sa hopole lintho tseo a li entse bophelong ba pele?

  • Thuso ke efe ea hore re leke ka matla ho lula re phetse hantle le ho qoba likotsi haeba qetellong re ntse re tla utloa bohloko ka lebaka la liphoso tseo re li entseng bophelong ba pele?

    ITHUTE HAHOLOANYANE

    Shebella video e reng Ke Hobaneng ha Molimo a sa Felise Mathata? e fumanehang ho jw.org/st.

Bibele e Re’ng?

Molimo ha a otle batho ka mathata.

Ho fapana le hoo, lintho tse bohloko li iketsahalla feela tjee, hangata e le hobane motho a le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng.

“Ba lebelo ha ba hlole peisong, leha e le hore ba matla baa hlola ntoeng, kapa hore ba bohlale le bona ba na le lijo, leha e le hore ba nang le kutloisiso le bona ba na le maruo, kapa hore esita le ba nang le tsebo ba fumana kamohelo, hobane bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”​MOEKLESIA 9:11.

Sebe seo re se futsitseng ke sona se re bakelang mathata.

Hangata ha batho ba bua ka sebe ba nahana ka ketso e mpe eo motho a e entseng. Leha ho le joalo, Bibele e boetse e sebelisa lentsoe lena ho hlalosa boemo boo batho bohle ba bo futsitseng, ebang ba lokile kapa ba khopo.

“Ke ile ka tsoalloa phosong ka bohloko ba pelehi, ’mè a nkemolela sebeng.”​PESALEME EA 51:5.

Sebe seo re se futsitseng se re bakela mesarelo e tšabehang.

Se sentse setsoalle sa rona le Molimo hape se entse hore re se ke ra phela ka tsela eo Molimo a neng a rerile hore re phele ka eona. Sena se bakela batho mesarelo e tšabehang.

“Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.”​BAROMA 7:21.

“Popo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.”​BAROMA 8:22.