Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

’Muso oa Molimo o Tla Busa Lefatše Neng?

’Muso oa Molimo o Tla Busa Lefatše Neng?

Balateli ba bang ba Jesu ba ne ba batla ho tseba hore na ’Muso oa Molimo o tla qala ho busa neng. Jesu o ile a ba araba ka hore ba ke ke ba tseba nako e tobileng ea hore na ’Muso oa Molimo o tla qala ho busa neng. (Liketso 1:​6, 7) Empa pejana o ne a ile a bolella balateli ba hae hore ha ba bona lintho tse itseng li etsahala kaofela ka nako e le ’ngoe ba “tsebe hore ’Muso oa Molimo o haufi” le hore nako e ne e se e fihlile ea hore o qale ho busa lefatše.​—Luka 21:31.

KE LINTHO LIFE TSEO JESU A ITSENG LI TLA ETSAHALA?

Jesu o ile a re: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla, le ’muso o tla tsohela ’muso matla, ’me ho tla ba le litšisinyeho tse kholo tsa lefatše, le mafu a seoa.” (Luka 21:​10, 11) Lintho tsena kaofela ke matšoao a hlakileng a bontšang hore “’Muso oa Molimo o haufi.” Na lintho tsee li kile tsa etsahala kaofela ka nako e le ’ngoe lefatšeng lohle? Bona bopaki bo latelang.

1. LINTOA

Ka 1914 ho ile ha qhoma ntoa eo ho neng ho e-s’o ka ho bonoa e tšoanang le eona esale lefatše le thehoa. Bo-rahistori ba re selemo sa 1914 ke sona se ikhethang ka ho fetisisa historing hobane ntoa ea pele ea lefatše e ile ea qhoma ka sona selemo seo. Ntoeng ena ho ile ha sebelisoa likoloi tsa likanono, lifofane tse lihang libomo, lithunya tsa morathatha, likhase tse chefo le libetsa tse ling tse kotsi. Leo e ne e le lekhetlo la pele ho sebelisoa libetsa tsa mofuta ona ka tsela e kholo hakaalo! Ho ile ha latela ntoa ea bobeli ea lefatše moo ho ileng ha sebelisoa libomo tsa athomo ka lekhetlo la pele. Ho tloha ka 1914, ntoa e ile ea lula e ntse e kupa libakeng tse fapaneng ’me ho se ho shoele batho ba baloang ka limilione ka lebaka la tsona.

2. LITŠISINYEHO TSA LEFATŠE

Britannica Academic e re selemo le selemo ho ba le litšisinyeho tsa lefatše tse ka bang lekholo tse matla hoo li ka bakang “tšenyo e kholo.” United States Geological Survey eona e bontša hore ho latela litlaleho tse bolokiloeng ka lilemo tse ngata, (ho tloha ka bo 1900) ho ka lebelloa hore ho be le litšisinyeho tse 16 ka selemo, tse kholo ho feta tse boletsoeng pejana. Ba bang ba ka ’na ba lumela hore ho bonahala li le ngata hobane feela ho se ho e-na le mekhoa ea ho li bona. Ho sa tsotellehe hore na taba eo ke ’nete kapa che, litšisinyeho tsa lefatše tse bang teng lefatšeng lohle li baka mesarelo hape li bolaea batho ba bangata ho feta pele.

3. KHAELLO EA LIJO

Ho ba le khaello ea lijo lefatšeng ka lebaka la lintoa, bobolu, moruo o putlameng le ho hloka boiphihlelo litabeng tsa temo kapa ho se roalle le sa sele bakeng sa maemo a mabe a leholimo. Tlaleho ea selemo sa 2018 ea World Food Programme e re: “Lefatšeng lohle, ho na le batho ba limilione tse 821 ba haelloang ke lijo ebe ho na le ba limilione tse 124 ba robalang ba itsosa.” Selemo le selemo ho shoa bana ba ka holimo ho limilione tse tharo ka lebaka la ho se je lijo tse lekaneng tse nang le phepo. Ho bana ba ileng ba shoa lefatšeng lohle ka selemo sa 2011, hoo e ka bang halofo ea bona e ne e le ba neng ba haelloa ke phepo.

4. MAFU

Sengoloa se seng sa World Health Organization se re: “Lilemong tsa morao tjena, ho se ho bile le mafu a mangata a seoa. Mafu a khale a kang k’holera, plague le yellow fever a boile sekoele. Ho se ho bile ho e-na le a mang a kang SARS, lefu la seoa la ntaramane, MERS, Ebola le Zika. Morao tjena ho se ho e-na le seoa sa COVID-19. Le hoja bo-rasaense le lingaka li ithutile lintho tse ngata ka mafu, ba ntse ba sitoa ho a fumanela pheko kaofela.

5. MOSEBETSI OA HO RUTA BATHO BIBELE O ETSOANG LEFATŠENG LOHLE

Jesu o ile a bua ka letšoao le leng hape ha a ne a profeta a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle, joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:​14) Le hoja lefatše le aparetsoe ke mathata, ho na le batho ba ka holimo ho limilione tse robeli lefatšeng lohle ba bolellang batho litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. Ba etsa mosebetsi ona linaheng tse 240 ka lipuo tse ka holimo ho 1 000. Ha ho e-s’o ka ho etsahala ntho e tjena historing.

LINTHO TSEE LI BOLELA’NG HO RONA?

Lintho tseo Jesu a ileng a re li tla etsahala, li etsahala feela joalo mehleng ena. Ke hobane’ng ha taba ee e le ea bohlokoa ho rona? Hobane Jesu o itse: “Ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’muso oa Molimo o haufi.”​—Luka 21:31.

Haufinyane ’Muso oa Molimo o tla etsa bonnete ba hore lefatše le ka tsela eo Molimo a batlang hore le be ka eona

Ha re sheba matšoao ao Jesu a re fileng ’ona le tatellano eo Bibele e neng e itse lintho li tla etsahala ka eona, re bona ka ho hlaka hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa leholimong ka selemo sa 1914. a Ka nako eo Molimo o ile a hlomamisa Jesu Kreste hore e be Morena. (Pesaleme ea 2:​2, 4, 6-9) Haufinyane ’Muso oa Molimo o tla busa lefatše, ’me o tla tlosa mebuso eohle ea batho ebe lefatše lohle e-ba paradeise ’me batho ba phele teng ho ea ho ile.

Haufinyane mantsoe ana a thapelong ea mohlala eo Jesu a re rutileng eona a tla phethahala: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:​10) Empa ke lintho life tseo ’Muso oa Molimo o seng o li entse ho tloha ka selemo sa 1914? Re ka lebella eng ha ’Muso oa Molimo e se e le oona feela o busang batho?

a E le hore u tsebe ka selemo sa 1914, sheba khaolo ea 32 bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.