Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Morena oa ’Muso oa Molimo ke Mang?

Morena oa ’Muso oa Molimo ke Mang?

Molimo o entse hore bangoli ba bangata ba Bibele ba ngole ka lintlha tse neng li tla etsa hore ho be bonolo ho bona hore na ke mang eo e neng e tla ba Morena oa ’Muso oa Molimo. Morena eo e ne e tla ba

  • Ea khethiloeng ke Molimo. “Ke hlomamisitse morena oa ka . . . e le hore nka fana ka lichaba e le lefa la hao le lipheletso tsa lefatše e le leruo la hao.”​—Pesaleme ea 2:​6, 8.

  • Mojalefa oa Morena Davida. “Re tsoaletsoe ngoana, re filoe mora . . . Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea bohosana le khotso, teroneng ea Davida le ’musong oa hae e le ho o tiisa ka thata.”​—Esaia 9:​6, 7.

  • Letsoalloa la Bethlehema. “Uena Bethlehema . . . , ho uena ho tla tsoa bakeng sa ka eo e tlang ho ba ’musi . . . O tla ba moholo ho ea fihla lipheletsong tsa lefatše.”​—Mikea 5:​2, 4.

  • Molahloa a be a bolaoe. “O ile a nyelisoa, ’me ra mo nka e se oa bohlokoa. . . . O ne a hlajoa ka lebaka la litlolo tsa rona, o ne a hatelloa ka lebaka la liphoso tsa rona.”​—Esaia 53:​3, 5.

  • Ea tsositsoeng bafung le ho tlotlisoa. “U ke ke oa tlohela moea oa ka [lebitleng]. U ke ke oa lumella ea tšepahalang oa hao hore a bone sekoti. . . . Ho na le thabo letsohong la hao le letona ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ea 16:​10, 11.

Jesu ke Morena ea Tšoanelehang

Har’a batho bohle ba kileng ba phela ha ho motho ea kileng a etsahalloa ke lintho tsena kantle ho Jesu Kreste e leng se bontšang hore ke eena Morena ea tšoanelehang. Ha e le hantle lengeloi le ile la re ho Maria ’mè oa Jesu: “Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida, . . . ’Muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.”​—Luka 1:​31-33.

Jesu ha e-s’o be morena lefatšeng empa o tla busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo a le leholimong. Ke’ng se etsang hore e be eena Morena ea tšoanelehang? Nahana ka lintho tsena tseo Jesu a ileng a li etsa ha a le lefatšeng.

  • Jesu o ne a tsotella batho. Jesu o ile a thusa banna le basali, bacha le batho ba baholo ho sa tsotellehe maemo a bona kapa litso tsa bona. (Matheu 9:​36; Mareka 10:​16) Ha molepera a ne a mo kopa ka tieo a re: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa,” Jesu o ile a susumetsoa ke khauho eaba oa mo folisa.​—Mareka 1:​40-42.

  • Jesu o re rutile ho mamela Molimo. O ile a re “Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” A boela a re re lokela ho tšoara batho ba bang ka tsela eo re batlang hore le bona ba re tšoare ka eona. Keletso ena e tsebahala ka hore ke Molao oa Khauta. Hape o ile a bontša hore Jehova o tsotella tsela eo re nahanang ka eona le eo re ikutloang ka eona eseng feela tsela eo re etsang lintho ka eona. Kahoo e le hore re khahlise Molimo re lokela ho laola maikutlo a rona. (Matheu 5:​28; 6:​24; 7:​12) Jesu o ile a boela a hatisa taba ea hore re lokela ho ithuta hore na Molimo o batla’ng ho rona e be re etsa sona seo.​—Luka 11:28.

  • Jesu o re rutile ho rata batho ba bang. Mantsoe a Jesu le liketso tsa hae li ne li le matla ’me li hapa lipelo tsa bamameli ba hae. “Bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta, kaha o ne a ba ruta joaloka motho ea nang le matla.” (Matheu 7:​28, 29) Jesu o ile a re ho bona: ‘Ratang lira tsa lona.’ O ile a boela a rapella batho ba entseng hore a bolaoe a re: “Ntate, u ba tšoarele, kaha ha ba tsebe seo ba se etsang.”​—Matheu 5:​44; Luka 23:34.

Jesu ke eena Morena ea tšoanelehang hore a buse batho kaha o mosa ebile o thusa batho. Empa o tl’o qala ho busa neng?