Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KE HOBANE’NG HA BATHO BA HLOEANE HAKAALE?

1 | U se ke oa ba Leeme

1 | U se ke oa ba Leeme

Seo Bibele e se Rutang:

“Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”​LIKETSO 10:​34, 35.

Seo Temana Ena e se Bolelang:

Jehova * Molimo ha a re ahlole ho ea ka morabe oa rona, ’mala, setso kapa hore na re tsoa hokae. Ho e-na le hoo, o ela hloko lintho tseo re li labalabelang le lintho tseo re li nahanang. Ke ’nete hore “motho o bona se bonahalang mahlong, empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.”​—1 Samuele 16:7.

Seo o ka se Etsang:

Le hoja re ke ke ra tseba seo batho ba nahanang, re ka leka ho etsisa Jehova ka hore re se ke ra ba leeme. Leka ho bona batho ka bomong eseng e le sehlopha. Haeba u utloa u e-na le maikutlo a fosahetseng ka batho ba merabe e meng, rapela Molimo hore a u thuse ho loantša maikutlo ao. (Pesaleme ea 139:​23, 24) Haeba u kopa Jehova hore a u thuse hore u tlohelle ho ba leeme, u ka kholiseha hore o tla mamela thapelo ea hao ’me a u thuse.​— 1 Petrose 3:12.

^ Jehova ke lebitso la Molimo.​—Pesaleme ea 83:18.

“Ke ne ke e-s’o ka ke lula fatše le motho ea mosoeu ka khotso . . . Joale ke ne ke le setho sa mokhatlo oa ’nete oa bara ba motho.”​—TITUS