Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KE HOBANE’NG HA BATHO BA HLOEANE HAKAALE?

4 | U ka Hlola Lehloeo ka Thuso ea Molimo

4 | U ka Hlola Lehloeo ka Thuso ea Molimo

Seo Bibele e se Rutang:

“Litholoana tsa moea ke lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.”​BAGALATA 5:​22, 23.

Seo Temana Ena e se Bolelang:

Re ka khona ho hlola lehloeo ka thuso ea Molimo. Moea oa hae o halalelang o ka re thusa hore re be le makhabane ao re ke keng ra khona ho ba le ’ona ka borona. Ho e-na le ho leka ho hlola lehloeo ka matla a rona, ho molemo hore re kope thuso ea Molimo. Haeba re etsa joalo, re tla ikutloa ka tsela eo moapostola Pauluse a neng a ikutloa ka eona. O ile a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafilipi 4:​13) Le rona re ka khona hore re re: “Thuso ea ka e tsoa ho Jehova.”​—Pesaleme ea 121:2.

Seo U ka se Etsang:

“Jehova o fetotse bophelo ba ka ha ke sa le motho ea mabifi empa ke se ke le motho oa khotso.”​—WALDO

Rapela Jehova ka tieo ’me u mo kope moea oa hae o halalelang. (Luka 11:​13) Kopa hore a u thuse ho ba le makhabane a tšoanang lea hae. Ithute seo Bibele e se rutang ka makhabane a ka re thusang hore re se ke ra ba le lehloeo, a kang lerato, khotso, tiisetso le boitšoaro. Leka ho bonahatsa makhabane ana. E-ba motsoalle oa batho ba lekang hore ba be le makhabane ana. Metsoalle e joalo e tla “[u] susumelletsa leratong le mesebetsing e metle.”​—Baheberu 10:24.