Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molimo o na le Makhabane Afe?

Molimo o na le Makhabane Afe?

Ha u ntse u tsoela pele ho tseba motsoalle oa hao u bona makhabane a hae ’me u mo rata le ho feta. Ka tsela e tšoanang, ha re ntse re ithuta ka Jehova re bona makhabane a hae ebe re mo rata le ho feta. Har’a makhabane ’ohle a Molimo, ho na le a mane a hlaheletseng e leng: matla, bohlale, toka le lerato.

MOLIMO O MATLA

“ ’Musi Morena Jehova! Bona! u entse maholimo le lefatše ka matla a hao a maholo.”​—⁠JEREMIA 32:⁠17.

Ha re sheba popo ea Molimo re bona matla a hae. Mohlala, ha u eme kantle u utloa’ng? Mofuthu oa letsatsi. Ha e le hantle, mofuthu oo u o utloang ke bopaki ba hore Jehova o na le matla a maholo. Letsatsi le matla hakae? Mocheso oa lona o feta oa metsi a belang ka makhetlo a ka bang 150 000. (Ke 15,000,000°C. Kahoo, metsi a belang ha se letho ha a bapisoa le letsatsi). Ka motsotsoana letsatsi le ntša mocheso o lekanang le oa ha ho qhoma libomo tse limilione tse makholo.

Letsatsi le le nyane ha le bapisoa le linaleli tse libilione tse teng sepakapakeng. Litsebi tsa linaleli li hakanya hore ho na le naleli e ’ngoe e kholohali e bitsoang UY Scuti eo ha e ne e ka behoa moo letsatsi le leng hona teng, e neng e ka likaliketsa lefatše ea ba ea fetela le ho polanete e bitsoang Jupiter. Lintlha tsena li etsa hore re utloisise mantsoe a Jeremia hantle ha a ne a re Jehova Molimo o matla kaha o bopile leholimo le lefatše.

Re fumana melemo efe ka hore e be Molimo o matla? E le hore re phele re hloka lintho tseo Molimo a li bopileng tse kang letsatsi le lihloliloeng tse ling. Hape, Molimo o na le matla a ho thusa motho e mong le e mong. A ka re thusa joang? Ha Jesu a ne a le lefatšeng, Molimo o ile a mo fa matla a ho etsa mehlolo. Bibele e re: “Ba foufetseng ba boetse baa bona, le ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba hloekisoa ’me ba sa utloeng litsebeng baa utloa, le bafu ba ntse ba tsosoa.” (Matheu 11:⁠5) Molimo o re thusa joang? Bibele e re: “O fana ka matla ho ea khathetseng,” e boetse e re: “Ba tšepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla.” (Esaia 40:​29, 31) Molimo a ka re fa “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore re ka mamella mathata ao re nang le ’ona. (2 Bakorinthe 4:⁠7) Mohlomong u tla lumela hore ke ha bohlokoa hore re be le kamano e haufi le Molimo ea lerato, ea nang le matla a hore thusa ha re e-⁠na le mathata.

MOLIMO O BOHLALE

“Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale.”​—⁠PESALEME EA 104:⁠24.

Kamehla re tsota bohlale ba Molimo ha re bona lintho tseo a li bopileng. Ho na le lefapha la boenjiniere le bitsoang biomimetics, le etsisang lintho tsa tlhaho ha le qapa lintho. Mohlala, litsebi li sheba popo ha li qapa lintho tse kang lense ea k’hamera kapa sefofane.

Leihlo la motho le entsoe ka tsela e hlollang

Re bona bohlale ba Molimo ha re sheba tsela eo ’mele oa motho o entsoeng ka eona. Mohlala, nahana kamoo bophelo ba motho bo qalang kateng. Qalong e ba sele e le ’ngoe feela e nang le liphatsa tsohle tsa lefutso. Sele eo e qala ho aroha ebe e hlahisa lisele tse ling tse tšoanang le eona. Lisele tsena li ka khona ho iphetola ho ba lisele tsa mali, tsa masapo le tsa methapo. Ka mor’a nakoana, lisele li a kopana ’me li qala ho etsa litho tse fapa-fapaneng tsa ’mele. Ka likhoeli tse robong feela, sele ela e le ’ngoe e se e le lesea le nang le lisele tse li bilione. Batho ba bangata ba tsota tsela ena e rarahaneng eo motho a entsoeng ka eona ’me ba lumellana le mongoli oa Bibele ea ileng a re: “Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.”​—⁠Pesaleme ea 139:⁠14.

Re fumana melemo efe ka hore e be Molimo o bohlale? ’Mopi oa rona o tseba lintho tseo re li hlokang e le hore re thabe. Kaha Jehova o tseba lintho tse ngata ho re feta, o re file likeletso tse bohlale ka Bibeleng. Mohlala, Bibele e re: “Tsoelang pele le . . . tšoarelana ka bolokolohi.” (Bakolose 3:​13) Na keletso ee e molemo? E. Lingaka li bontša hore ha motho a tšoarela mali a hae a tla phalle hantle ebile a ke ke a hlobaela. Hape, motho ea tšoarelang ba bang o fokotsa menyetla ea ho ba le khatello ea maikutlo kapa ho tšoaroa ke mafu a mang. Molimo o tšoana le motsoalle ea lerato le ea tsotellang ea re thusang nako eohle le ho re fa keletso eo re e hlokang. (2 Timothea 3:​16, 17) Na u ka rata ho ba le motsoalle ea joalo?

MOLIMO O NA LE TOKA

“Jehova o rata toka.”​—⁠PESALEME EA 37:⁠28.

Molimo o etsa lintho tse nepahetseng kamehla. Bibele e re: “Ho ke ho be hole le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo, le hore Ea Matla ’Ohle a sebetse ka mokhoa o hlokang toka!” (Jobo 34:​10) Jehova o ahlola ka toka ’me mopesaleme o ile a tiisa taba ena ha a re: “U tla ahlola lichaba ka ho loka.” (Pesaleme ea 67:⁠4) Kaha “Jehova o bona seo pelo e leng sona,” re ke ke ra mo thetsa hobane o bona seo e leng ’nete ’me o fana ka kahlolo e loketseng. (1 Samuele 16:⁠7) Hape, Molimo o bona ho hloka toka le bobolu tse teng lefatšeng ’me o tšepisitse hore haufinyane “ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng.”​—⁠Liproverbia 2:⁠22.

Molimo ha se moahloli ea khopo ea ratang ho otla batho. O hauhela batho ha ho loketse. Bibele e re: “Jehova o mohau ’me o mosa,” o bontša sena le ho batho ba baetsalibe ha ba bakile e le kannete. Na see ha se bopaki ba hore Molimo o na le toka?​—⁠Pesaleme ea 103:⁠8; 2 Petrose 3:⁠9.

Re fumana melemo efe ka hore e be Molimo o na le toka? Moapostola Petrose o ile a re: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:​34, 35) Re rua molemo ka hore e be Molimo o na le toka hobane ha ho mohla a ahlolang ka leeme. Re ka ba bahlanka ba hae ho sa tsotellehe hore na re batho ba morabe kapa setso sefe, hore na re rutehile, kapa re hlaheletse hakae sechabeng.

Molimo ha a leeme ’me ha a ahlole ho ea ka morabe kapa hore na motho o hlaheletse hakae sechabeng

Molimo o re file letsoalo e le hore le re thuse ho utloisisa hore na toka ea hae e sebetsa joang ’me re rue molemo ho eona. Bibele e hlalosa letsoalo e le molao o ‘ngotsoeng lipelong tsa rona,’ o re tataisang ho khetha pakeng tsa ntho e fosahetseng le e nepahetseng. (Baroma 2:​15) Letsoalo le re thusa joang? Haeba letsoalo la hao le sebetsa hantle, le ka u thusa ho qoba ho etsa lintho tse fosahetseng. Hape, haeba re entse liphoso matsoalo a ka re thusa hore re li bakele ’me re li lokise. Ha e le hantle, ho utloisisa kamoo Molimo a nang le toka kateng ho ka re thusa hore re be le kamano e ntle le eena.

MOLIMO KE LERATO

“Molimo ke lerato.”​—⁠1 JOHANNE 4:⁠8.

Molimo o matla, o bohlale ebile o na le toka, empa Bibele ha e re Molimo ke matla, bohlale, kapa toka. Joale ke hobane’ng ha e re ke lerato? Hobane matla a Molimo a mo nolofalletsa ho etsa lintho, ’me toka le bohlale ba hae li mo tataisa ho etsa lintho ka tsela e lokileng. Empa Jehova o susumetsoa ke lerato ho etsa lintho. Lerato le susumetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang.

Kaha Jehova o lerato, o bopile mangeloi, batho le lintho tsohle tse phelang lefatšeng. Le hoja a ne a sa hloke letho, o re bopile le lintho tsohle hobane a re rata a bile a re tsotella. O ile a lokisa lefatše hantle hore batho ba tle ba tsebe ho phela ho lona. Hape Jehova o ntse a tsoela pele ho bontša hore o rata batho ka hore e be “o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.”​—⁠Matheu 5:⁠45.

Ho phaella moo, “Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.” (Jakobo 5:​11) O bontša hore o rata batho ba ithutang ka eena. Molimo o bona boiteko ba bona e le batho ka bomong. Bibele e re ha a “hole le e mong le e mong oa rona.”​—⁠Liketso 17:⁠27.

Re fumana melemo efe ka hore e be Molimo ke lerato? O re file lintho tse ngata tse re thabisang tse akaretsang lelapa, ho utloa ha ngoana a tšeha le ho bona ha letsatsi le likela. Lintho tsena li ka ’na tsa bonahala li se kholo hakaalo, empa ke tsa bohlokoa haholo bophelong ba rona.

Ntho e ’ngoe hape eo Molimo a re fileng eona ke monyetla oa ho mo rapela. Bibele e re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe Molimo.” Kaha Jehova ke Ntate ea lerato, o batla hore re mo kope thuso ha re e-⁠na le mathata. Ka lerato o tšepisa hore o tla re fa “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.”​—⁠Bafilipi 4:​6, 7.

Na sehlooho see se neng se tšohla makhabane a Molimo a hlaheletseng, e leng matla, bohlale, toka le lerato se u thusitse ho tseba Molimo haholoanyane? E le hore u tsoele pele u ithuta ka Molimo, re kopa u bale sehlooho se latelang se buang ka lintho tseo Molimo a li entseng le tseo a tla li etsa molemong oa hao.

MOLIMO O NA LE MAKHABANE AFE? Jehova o matla haholo, o bohlale ebile o na le toka ho feta mang kapa mang. Empa lerato ke lona le hlaheletseng