Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

U ka Nahanela Maikutlo a Molekane oa Hao Joang?

U ka Nahanela Maikutlo a Molekane oa Hao Joang?

BOTHATA

Uena le molekane oa hao le na le maikutlo a fapaneng ka ntho e itseng. Ha e le hantle, ho na le lintho tse tharo tseo le ka khethang ho li etsa:

  1. U ka tsitlella ka manganga hore le etse lintho ka tsela ea hao.

  2. U ka lumela hore le etse seo molekane oa hao a se batlang.

  3. Ka bobeli le ka nahanelana.

U ka ’na ua re, ‘Empa ha ke rate ntho ena ea ho nahanelana. Ekare ka bobeli re ke ke ra fumana seo re se batlang!’

Kholiseha hore ho nahanelana hase hore ka bobeli le ke ke la fumana seo le se batlang—hafeela le ho etsa hantle. Empa pele u ka nahana hore na u ka ho etsa joang, ho na le lintho tse ’maloa tseo u lokelang ho nahana ka tsona.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Ho nahanelana ho hloka hore le tšoarisane. Pele le nyalana, e ka ’na eaba u ne u tloaetse ho iketsetsa liqeto tse amang uena feela. Hona joale lintho li fetohile ’me uena le molekane oa hao le tšoanela ho beha lenyalo la lōna pele ho litakatso tsa lōna. Ho e-na le ho nka sena e le tšitiso, nahanang ka melemo ea sona. Mosali e mong ea nyetsoeng ea bitsoang Alexandra o re: “Liqeto tse etsoang ke batho ba babeli li molemo ho feta e etsoang ke motho a le mong.”

Ho nahanelana ho hloka motho ea chatsi. Moeletsi oa banyalani ea bitsoang John M. Gottman o re: “Ha ho hlokahale hore u lumellane le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo molekane oa hao a e buang kapa a e lumelang, empa u lokela ho nahanela maikutlo a hae ka botšepehi bohle. Haeba u iphumana u phuthile matsoho ’me u sisinya hlooho ho bontša hore ha u lumellane le seo molekane oa hao a se buang ha a leka ho rarolla bothata bo itseng le uena, puisano ea lōna ha e na ho le tsoela molemo.” *

Ho nahanelana ho hloka boitelo. Ha ho na motho ea ka ratang ho lula le molekane ea tsitlellang maikutlo a hae. Ho molemo haholo ha banyalani ba e-na le moea oa boitelo. Mosali e mong ea nyetsoeng ea bitsoang June o re: “Ka linako tse ling ke lumela ho etsa lintho tse tla thabisa molekane oa ka, le eena o etsa se tšoanang. Lenyalo le tlameha ho ba joalo. Nahanela molekane oa hao, e se ke ea e-ba uena feela ea nahaneloang.”

SEO U KA SE ETSANG

Buisanang hantle. Molumo oa lentsoe oo u qalang ho bua ka ona, ke oona oo le tla qetella ka oona. Ha u qala ho bua ka mantsoe a hlabang, ho ka ’na ha se ke ha khoneha hore le qetelle le e-na le khotso le molekane oa hao. Kahoo, latela keletso ea Bibele e reng: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakolose 3:12) Litšobotsi tsena li tla thusa uena le molekane oa hao hore le qobe ho phehisana ’me le qale ho rarolla bothata.—Molao-motheo oa Bibele:Bakolose 4:6.

Fumanang lintho tseo le lumellanang ka tsona. Haeba uena le molekane oa hao lea loana ha le leka ho bontšana mabaka, seo se tla be se bolela hore le tsepamisitse maikutlo linthong tseo le fapanang ka tsona. Ho e-na le hoo, fumanang moo le lumellanang teng. E le ho le thusa ho etsa joalo, lekang sena:

E mong le e mong a nke leqephe ’me a sehe mola bohareng ba lona. Ka lehlakoreng le leng, ngola lintlha tse u amang haholo ka bothata boo. Ka ho le leng, thathamisa lintho tseo u nahanang hore u ka khona ho nahanela maikutlo a molekane oa hao ho tsona. Ebe le buisana ka lintho tseo le li ngotseng. Le ka ’na la fumana hore le lumellana linthong tse ngata. Haeba ho joalo, ho nahanelana ha ea lokela ho ba ntho e thata. Le haeba le sa lumellane, hore ebe le li ngotse fatše ho ka le thusa hore le bone taba ka ho hlaka.

Buisanang ka lintlha tseo le nahanang hore li tla le thusa. Ho ka ’na ha e-ba bonolo ho rarolla mathata a itseng. Leha ho le joalo, haeba ho e-na le mathata a rarahaneng haholo, ka bobeli le ka matlafatsa kamano ea lōna ka ho buisana ka lintho tse ka le thusang ’me la fihlela tharollo e molemo le ho feta.—Molao-motheo oa Bibele: Moeklesia 4:9.

Ikemisetse ho tenyetseha. Bibele e re: “E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.” (Baefese 5:33) Ha ho e-na le lerato le tlhompho, banyalani ba ikemisetsa le ho feta ho nahanela maikutlo a e mong—’me e mong a ka ba a tenyetseha. Monna e mong ea nyetseng ea bitsoang Cameron o re: “Ho na le lintho tse ling tseo u ka khethang ho se li etse empa—ka tšusumetso ea molekane oa hao—u ka qetella u li rata.”—Molao-Motheo oa Bibele: Genese 2:18.

^ ser. 12 Ho tsoa bukeng ea The Seven Principles for Making Marriage Work.