Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PUISANO | CÉLINE GRANOLLERAS

Ngaka ea Liphio e Hlalosa Tumelo ea Eona

Ngaka ea Liphio e Hlalosa Tumelo ea Eona

Dr. Céline Granolleras, ke ngaka e lulang Fora, e sebetsang ka mafu a liphio ka ho khetheha. Ka mor’a lilemo tse fetang 20 e le ngaka, o ile a fihlela qeto ea hore ho na le ’Mōpi ea re tsotellang. Tsoha! e ile ea mo botsa ka mosebetsi oa hae le tumelo ea hae.

Ak’u re bolelle hore na u hōtse joang.

Ha ke le lilemo li robong lelapa leso le ile la tloha Spain la fallela Fora. Batsoali ba ka e ne e le Mak’hatholike, empa ke ile ka khaotsa ho lumela ho Molimo ha ke le lilemo li 16. Ho ea ka ’na, bolumeli e ne e se ntho ea bohlokoa. Ha ke ne ke botsoa hore na bophelo bo bile teng joang haeba ho se na Molimo, ke ne ke re, “Ha joale bo-rasaense ha ba khone ho hlalosa seo empa ka le leng ba tla khona.”

Ke’ng e entseng hore u batle ho ithuta ka mafu a liphio?

Ke ile ka ithutela bongaka sekolong se Montpellier, Fora. Moprofesa o ile a bua le ’na ka ho sebetsa lefapheng le leng la mafu a liphio, e leng nephrology. Mosebetsi oa ka o ne o akarelletsa ho etsa lipatlisiso mabapi le ho hlokomela bakuli. Ke eona ntho eo ke neng ke e batla. Ka 1990 ke ile ka qala ho nka karolo patlisisong ea motsoako oa maiketsetso oa erythropoietin (EPO), o eketsang tlhahiso ea lisele tse khubelu. Ka nako eo e ne e sa le lefapha le lecha la lipatlisiso.

Ke eng e ileng ea etsa hore u qale ho nahana ka Molimo?

Morao koana ka 1979, monna oa ka Floréal, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Empa ke ne ke se na thahasello. Ha ke ne ke le ngoana ke ne ke se ke utloile ke bolumeli. Ho ntse ho le joalo, monna oa ka le bana e ile ea e-ba Lipaki ’me kapele feela, hoo e ka bang metsoalle eohle ea rōna e ne e se e le Lipaki. E mong oa eona, e leng Patricia, o ile a re nke ke leke ho rapela. O ile a re: “Haeba ha ho na motho leholimong, ha u lahleheloe ke letho, empa haeba motho o teng, u tla bona se tla etsahala.” Lilemo hamorao, ke ile ka qala ho  ipotsa hore na morero oa bophelo ke ofe ’me ka hopola mantsoe a Patricia. Ke ile ka qala ho rapella hore ke be le kutloisiso.

Ke eng e ileng ea etsa hore u ipotse ka morero oa bophelo?

Litlhaselo tsa bokhukhuni tse ileng tsa etsahala World Trade Center, New York, li ile tsa etsa hore ke ipotse hore na ke hobane’ng ha batho ba le khopo hakaale. Ke ile ka nahana: ‘Batho ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng ba beha bokamoso ba rōna kotsing. Empa ’na ke pota-potiloe ke Lipaki Tsa Jehova tse nang le khotso. Ha ba chesehele bolumeli ka ho feteletseng. Ba latela Bibele. Mohlomong ke lokela ho e hlahloba ke utloe hore na e re’ng.’ Kahoo, ke ile ka qala ho ithuta Bibele ka bonna.

Kaha u ngaka, na u ile ua thatafalloa ho lumela ho ’Mōpi?

Che. Ke ne ke hlolloa haholo ke tsela eo ’mele ea rōna e rarahaneng e bōpiloeng ka eona. Ka mohlala, tsela eo liphio li laolang palo ea lisele tse khubelu maling a rōna ea hlolla.

Ke hobane’ng ha u bua joalo?

Ke ile ka lemoha hore ke Molimo feela ea ka etsang tsamaiso ena e hlollang

Joalokaha u tseba, lisele tse khubelu li tsamaisa oksijene. Haeba u tsoa mali a mangata haholo kapa o e-ea sebakeng se phahameng haholo, ’mele oa hao o tla lahleheloa ke oksijene. Liphio tsa rōna li khona ho utloa ha oksijene e le sieo. Haeba li utloa hore oksijene ea haella maling, li romela molaetsa hore ho hlahisoe EPO ’me EPO e ka phahama ka makhetlo a sekete. EPO e etsa hore ’moko oa masapo o hlahise lisele tse khubelu tse eketsehileng, ebe li tsamaisa oksijene e eketsehileng. Ruri ke ntho e hlollang! Ho makatsang ke hore ke ithutile sena ka lilemo tse leshome pele ke lemoha hore ke Molimo feela ea ka etsang tsamaiso ena e hlollang.

U ile ua nahana’ng ka Bibele?

Ke ile ka bala libuka tsa histori le tsa lipale tse ratoang, empa hang-hang ke ile ka hlokomela hore Bibele e fapane le libuka tse ling. E fana ka likeletso tse molemo hoo ke ileng ka kholiseha hore ha e tsoe ho motho. Ke ile ka khahloa ke botho ba Jesu. Ke ile ka hlokomela hore e ne e le motho oa sebele. O ne a e-na le maikutlo ’me a e-na le metsoalle. Kaha ke ne ke sa batle ho bala libuka tsa Lipaki Tsa Jehova, ha ke ne ke e-na le lipotso ke ne ke etsa lipatlisiso libukeng tse ling le ho li-encyclopedia.

U ne u batlisisa eng?

Ke ile ka batlisisa libukeng tsa histori . . . Qetellong ke ile ka fihlela qeto ea hore boprofeta bona ba Bibele bo ile ba phethahala ka nako ’me e tlameha ebe bo bululetsoe ke Molimo

Har’a lintho tse ling ke ile ka khahloa ke tsela eo Bibele e ileng ea bolela esale pele hore na Jesu o tla kolobetsoa ka selemo sefe. E bontša hantle hore na ho ne ho tla feta nako e kae pakeng tsa selemo sa bo20 sa ho busa ha ’musi oa Mopersia, e leng Artaxerxes le selemo seo Jesu a neng a tla itlhahisa e le Mesia ka sona. * Ke tloaetse ho etsa lipatlisiso—ke karolo ea mosebetsi oa ka. Kahoo ke ile ka batlisisa libukeng tsa histori e le hore ke netefatse nako ea puso ea Artaxerxes le ea tšebeletso ea Jesu. Qetellong ke ile ka fihlela qeto ea hore boprofeta bona ba Bibele bo ile ba phethahala ka nako ’me e tlameha ebe bo bululetsoe ke Molimo.

^ ser. 19 Sheba buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova, leqepheng la 197-199.