Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thuto 4

Jesu Kreste ke Mang?

Jesu Kreste ke Mang?

1. Bophelo ba Jesu bo qalile joang?

Ke litšobotsi life tse neng li etsa hore Jesu a ratoe ke batho?​—MATHEU 11:29; MAREKA 10:13-16.

Ho fapana le batho ba bang, Jesu o phetse leholimong e le lengeloi pele a tsoaloa lefatšeng. (Johanne 8:23) Molimo o ile a mo bōpa pele ho lintho tsohle ’me Jesu o ile a thusa Molimo ho bōpa lintho tse ling tsohle. Ke eena feela eo Jehova a mo bōpileng ka ho toba ’me ke kahoo a bitsoang Mora ea “tsoetsoeng a ’notši” oa Molimo. (Johanne 1:14) Jesu e ne e le ’Muelli oa Molimo, ke kahoo a boetseng a bitsoang “Lentsoe.”​—Bala Liproverbia 8:22, 23, 30; Bakolose 1:15, 16.

2. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tla lefatšeng?

Molimo o ile a romela Mora oa hae lefatšeng ka ho mo tlosa leholimong ’me a fetisetsa bophelo ba hae pōpelong ea moroetsana oa Mojuda ea bitsoang Maria. Kahoo, Jesu o ne a se na ntate oa lefatšeng. (Luka 1:30-35) Jesu o ile a tla lefatšeng (1) ho tla ruta ’nete ka Molimo, (2) ho re behela mohlala oa kamoo re ka etsang thato ea Molimo kateng le tlas’a maemo a thata le (3) ho fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le “thekollo.”​—Bala Matheu 20:28.

3. Ke hobane’ng ha re hloka thekollo?

Thekollo ke ntho e lefshoang ho lokolla motho kotsing ea lefu. (Exoda 21:29, 30) Lefu le botsofali e ne e se lintho tseo Molimo a neng a li reretse moloko oa batho. Re tseba seo joang? Molimo o ile a bolella monna oa pele, Adama, hore haeba a ka etsa seo Bibele e reng ke “sebe” o tla shoa. Hoja Adama a se ke a etsa sebe, a ka be a sa shoa. (Genese 2:16, 17; 5:5) Ho ea ka Bibele, lefu le ile la “kena” ho batho bohle ba lefatšeng ka Adama. Kahoo, Adama o ile a fetisetsa sebe le kotlo ea sona e leng lefu ho bana bohle ba hae. Re hloka thekollo e le hore re lokolloe kotlong ea lefu leo re le futsitseng ho tsoa ho Adama.​—Bala Baroma 5:12; 6:23.

Ke mang ea neng a tla lefa thekollo e le hore a re lokolle lefung? Ha re e-shoa, re lefella kotlo ea libe tsa rōna feela. Ha ho motho ea sa phethahalang ea ka khonang ho lefella libe tsa batho ba bang.​—Bala Pesaleme ea 49:7-9.

4. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a shoa?

Ho fapana le rōna, Jesu o ne a phethahetse. Kahoo haa shoela libe tsa hae, hobane o ne a se na tsona. Ho e-na le hoo, Jesu o shoetse libe tsa batho ba bang. Molimo o ile a bontša hore o rata batho haholo ka ho romela Mora oa hae hore a re shoele. Jesu le eena o ile a bontša hore oa re rata ka ho mamela Ntate oa hae le ho fana ka bophelo ba hae bakeng sa libe tsa rōna.​—Bala Johanne 3:16; Baroma 5:18, 19.

Shebella video ea Ke Hobaneʼng ha Jesu a Ile a Shoa?

5. Jesu o etsa’ng hona joale?

Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a folisa ba kulang, a tsosa bafu a ba a lopolla batho maqakabetsing. Ka ho etsa joalo, o ile a bontša lintho tseo a tl’o li etsetsa batho ba mamelang nakong e tlang. (Matheu 15:30, 31; Johanne 5:28) Ka mor’a hore Jesu a shoe, Molimo o ile a mo tsosa e se e le lengeloi. (1 Petrose 3:18) Ka mor’a moo, Jesu o ile a leta a le ka letsohong le letona la Molimo ho fihlela Jehova a mo fa matla a ho busa lefatše lohle e le Morena. (Baheberu 10:12, 13) Hona joale Jesu o busa e le Morena leholimong ’me balateli ba hae ba phatlalatsa litaba tse molemo lefatšeng lohle.​—Bala Daniele 7:13, 14; Matheu 24:14.

Haufinyane, Jesu o tla sebelisa matla a hae a Borena ho felisa mahlomola ’ohle le bohle ba a bakang. Bohle ba bontšang tumelo ho Jesu le ho mo mamela ba tla fumana bophelo lefatšeng la paradeise.​—Bala Pesaleme ea 37:9-11.