Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha o Kula Haholo

Ha o Kula Haholo

Linda ya dilemo di 71 o re: “Ha ngaka e mpolella hore ke na le kankere ya matshwafo le ya mala, ke ile ka utlwa eka hothwe ke tlo shwa. Ha ke fihla hae ke ile ka re: ‘Ke nnete hore ke ne ke sa lebella ntho ena, empa ke lokela ho mamella.’”

Elise ya dilemo di 49 yena o re: “Ke tshwerwe ke lefu le etsang hore methapo e ka lehlakoreng le letshehadi la sefahleho sa ka, e dule e le bohloko. Ka dinako tse ding ke opelwa hore ke be ke utlwe ke tepelletse. Boholo ba nako ke ne ke utlwa eka ke mong, hoo ke neng ke batla le ho ipolaya.”

HAEBA wena kapa e mong wa lelapa a na le bolwetse bo ka etsang hore a hlokahale, seo se ka etsa hore o tshwenyehe. Ho feta moo ka lebaka la maemo, wena kapa motho ya kulang le ka utlwiswa bohloko ke dintho tse sa reng letho. Ho tshwenyeha ha mokudi le mohlokomedi wa hae, ho ka eketswa ke ho nahana hore na ngaka e tla reng, ho se fumane pheko kapa ho se kgone ho patalla meriana le ho se tshwarwe hantle ke meriana. Ho kula haholo ho ka baka kgatello ya maikutlo.

Re ka fumana thuso ho kae? Batho ba bangata ba ile ba tshediswa haholo ke ho rapela Modimo le ho bala ditemana tse kgothatsang tse hlahang ka Bibeleng. Thuso e nngwe e ka ba tshehetso eo re e fumanang ho metswalle le ba lelapa.

SE ILENG SA THUSA BATHO BA BANG

Robert ya dilemo di 58 o re: “Eba le tumelo ho Modimo mme o tla o thusa ho mamella bolwetse boo. Rapela Jehova mme o mo bolelle hore na o ikutlwa jwang. Kopa hore a o thuse ka moya o halalelang e le hore ba lelapa ba kgothale le hore o be le maikutlo a nepahetseng ha o ntse o mamelletse ho kula.

Ho kgothatsa haholo ha ba lelapa ba amehile ka hore na o ikutlwa jwang. Letsatsi le leng le le leng, batho ba dula ba founa mme ba mpotsa hore na ke ntse ke ya jwang. Ke fumana dikgothatso ho tswa ho metswalle e tswang dibakeng ka ho fapana. Ba etsa hore ke ikutlwe ke le betere, e leng se etsang hore ke se ke ka nyahama.”

Hlokomela hore na Linda o re o lokela ho etsa jwang haeba o tjhakela motswalle wa hao ya kulang, o re: “Motho ya kulang o batla ho etsa dintho ka tsela eo a neng a di etsa ka yona pele, eseng hore a dule a bua ka bokudi ba hae. Ka hoo, bua ka dintho tseo le neng le tlwaetse ho bua ka tsona.”

Ka matla ao Modimo a re fang ona, matshediso a tswang ka Bibeleng hammoho le tshehetso e tswang ho ba lelapa le metswalle, re ka kgodiseha hore re na le lebaka la ho phela le hoja re kula haholo.