Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha Motho eo o mo Ratang a Hlokahala

Ha Motho eo o mo Ratang a Hlokahala

Vanessa ya dulang Australia o re: “Ke ile ka utlwa ke sa tsebe hore na ke etseng ha abuti wa ka a hlokahala ke sa nahana. Dikgwedi ka mora moo, ke ne ke mo hopola mme seo se ne se nkutlwisa bohloko, e ne e ka ho na le motho ya nhlabang ka thipa. Ka dinako tse ding ke ne ke kwata. Ke ne ke ipotsa hore na ke hobaneng ha abuti a ne a lokela ho hlokahala, hape ke ne ke ikutlwa ke le molato hore ebe ha ke a ka ka qeta nako le yena pele a hlokahala.”

HAEBA le wena o ile wa hlokahallwa ke motho eo o mo ratang, e ka nna yaba o ile wa utlwa o ferekane, eka o mong ebile o sa tsebe hore na o etseng. Mohlomong o ile wa utlwa o kwatile, o le molato ebile o tshohile. Kapa o ile wa ipotsa hore na ho sa na le lebaka la hore o phele.

Kgodiseha hore ha se phoso ho utlwa bohloko le haeba hoo ho ka nka nako telele. Seo se bontsha hore na o ne o ikutlwa jwang ka motho eo. Le ha ho le jwalo, na ho na le ntho e ka kokobetsang bohloko boo o bo utlwang?

SE ILENG SA THUSA BATHO BA BANG

Le hoja ho ka bonahala eka bohloko boo o bo utlwang bo ke ke ba fela, o ka nna wa thuswa ke dintlha tse latelang:

O SE KE WA KWALLA BOHLOKO KA HARE

Batho ha ba utlwe bohloko ka tsela e tshwanang, ba bang ba nka nako e telele ha ba bang bona ba nka e kgutshwanyane. Ho ntse ho le jwalo, ho lla ho ka fokotsa bohloko boo o bo utlwang. Vanessa eo re buileng ka yena qalong o re: “Ha ke batla ho fokotsa bohloko boo ke bo utlwang ke a lla.” Sofía eo ausi wa hae a ileng a hlokahala a sa lebella, o re: “Ho nahana ka se etsahetseng ho nkutlwisa bohloko, ekare ke tshela letswai leqebeng. Le hoja ho le thata ho mamella bohloko boo, empa ho etsa jwalo ho thusa leqeba hore le fole.”

BUA HORE NA O IKUTLWA JWANG LE HORE NA O NAHANANG

Ho a utlwahala hore ka dinako tse ding o ka nna wa ikutlwa eka o ka ba mong. Ho ka ba boima haholo ho mamella bohloko ba ho hlokahallwa o le mong. Jared ya dilemo di 17, ya ileng a hlokahallwa ke ntate wa hae, o re: “Ke ne ke bolella batho ba bang hore na ke ikutlwa jwang. Ha ke nahane hore ke ne ke bua dintho tse utlwahalang, empa ho bua ho ile ha nthusa.” Janice eo ho builweng ka yena sehloohong se qalang, o bua ka molemo o mong mme o re: “Ho bua le batho ba bang ho ne ho nkgothatsa haholo. Ke ne ke utlwa eka batho ba a utlwisisa hore na ke ikutlwa jwang le hore ke ne ke sa lokela ho mamella ke le mong.”

AMOHELA THUSO

Setsebi se seng sa kelello se re: “Haeba motho ya hlokahalletsweng a dumella metswalle le ba bang ba lelapa hore ba mo thuse, seo se ka etsa hore ho be bonolo ho mamella le hore a fole.” Metswalle ya hao e ka nna ya batla ho o thusa empa ya se ke ya tseba hore na e ka etsa seo jwang, ka hoo o ka ba bolella hore na e o thuse jwang.—Liproverbia 17:17.

ATAMELA HO MODIMO

Tina o re: “Ha ka tshohanyetso monna wa ka a hlokahala ka lebaka la kankere, ho ne ho se ho sena motho eo ke mmolellang mathata aka, ka hoo ke ne ke bolella Modimo dintho tsohle! Ke ne ke mo kopa letsatsi le leng le le leng hore a nthuse hore ke mamelle. Modimo o ile a nthusa ho feta ka moo ke neng ke nahanne ka teng.” Tarsha eo a neng a na le dilemo tse 22 ha mme wa hae a hlokahala o re: “Ke ne ke tshediswa ke ho bala Bibele ka mehla. Ho ne ho dula ho nkgothatsa ho nahana ka seo ke se balang.”

NAHANA KA TSOHO

Tina o tswelapele ka hore: “Qalong taba ya hore bafu ba tla tsoha e ne e sa ntshedise, ka ha ke ne ke hloka monna wa ka ka nako eo mme le bara ba ka ba ne ba hloka ntate wa bona. Ho ntse ho le jwalo, hona jwale ho se ho fetile dilemo tse 4 mme ke se ke dula ke nahana ka tsoho, ebile sena se nkgothatsa haholo. Ke nahana ha ke se ke mmona hape mme sena se etsa hore ke thabe!”

Ho nka nako hore motho a ikutlwe a le hantle. Ho ntse ho le jwalo, seo Vanessa a se buang se ka o kgothatsa. O re: “O ka nahana hore o ke ke wa hlola o ba hantle, empa ha nako e ntse e ya o tla utlwa o le betere.”

O se ke wa lebala hore le hoja o tla dula o hopola motho eo, o ntse o na lebaka la ho phela. Ka thuso ya Modimo o ntse o ka kgona ho thabela botswalle le ho tseba hore na o phelelang. Haufinyane Modimo o tla tsosa bafu. O batla hore o boele o kopane le baratuwa ba hao. Ka nako eo, bohloko boo o bo utlwang hona jwale bo tla be bo fedile!