Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha Bophelo bo Eba Thata

Ha Bophelo bo Eba Thata

BOPHELO bo ba monate haeba re sena mathata. Empa ka dinako tse ding mathata a ka re thatafalletsa bophelo.

Ka mohlala, Sally, * ya dulang United States, ya ileng a lahlehelwa ke dintho tse ngata ka lebaka la lehodiotswana, o re: “Ke ne ke se ke sa kgone ho mamella. Ke ne ke utlwa ekare lefatshe le ka petsoha ka kena.”

Bothata bo bong ke ha motho eo o mo ratang a hlokahala. Janice, ya dulang Australia o re: “Ke ile ka utlwa bohloko bo otlang pelo ka mora hore bara ba ka ba babedi ba hlokahale. Ke ile ka rapela Modimo ka re: ‘Ka kopo, ha ke sa kgona ho mamella bohloko bona! Ntlohele ke shwe. Ha ke sa batla ho phela.’”

Ka lehlakoreng le leng, Daniel o ile a utlwa bohloko bo sa tsweng madi ha mosadi wa hae a ne a sa mo tshepahalla. O re: “Ha mosadi wa ka a mpolella hore ha a ka a tshepahala, ke ile ka utlwa eka pelo ya ka e ya ema. E ne eka hona le motho ya ntseng a nhlaba ka thipa mme ke ile ka ikutlwa ka tsela ena ka dikgwedi tse mmalwa.”

Makasine ena ya Tora ya ho Lebela e tla re bontsha hore na ke hobaneng ha bophelo e le ba bohlokwa le haeba re hlahelwa ke

Ntlha ya pele, o lokela ho etsang ha ho hlaha dikoduwa tsa tlhaho?

^ par. 3 Mabitso a mang a fetotswe sehloohong sena le tse ding.