Jobo 14:1-22

  • Jobo o tswela pele ho araba (1-22)

    • Motho o phela nako e kgutshwanyane le e tletseng mathata (1)

    • “Le sefate se na le tshepo” (7)

    • “Ekare o ka mpata Lebitleng” (13)

    • “Ha motho a shwa, na a ka phela hape?” (14)

    • Modimo o tla hopola mosebetsi wa matsoho a hae (15)

14  Motho ya tswetsweng ke mosadiO phela nako e kgutshwanyane+ mme bophelo ba hae bo tletse mathata.*+   O hlaha jwalo ka palesa e be o a pona,*+O baleha jwalo ka moriti e be o a nyamela.+   O dula o mo shebile Ebe o ya nyeweng le yena.*+   Na motho ya nang le sebe a ka tswala motho ya se nang sebe?*+Tjhe!   Haeba matsatsi a hae a etseditswe qeto,Palo ya dikgwedi tsa hae e ho wena,O mo lekanyeditse nako mme a ke ke a e feta.+   Kgaotsa ho mo sheba e le hore a ka phomola,Ho fihlela a qeta mosebetsi wa hae jwalo ka motho ya hirilweng.+   Le sefate se na le tshepo,Haeba se ka kgaolwa, se tla hola hapeLe makala a sona a tla hola.   Haeba methapo ya sona e tsofalla ka tlasa mobuLe kutu ya sona e shwella mobung,   Ha se utlwa monko wa metsi se tla hlomela,Se hlahise makala jwalo ka semela se setjha. 10  Empa motho o a shwa mme matla a hae a a fela,Ha motho a shwa o ya hokae?+ 11  Metsi a nyamela lewatlengMme noka e a psha e be e omelle. 12  Hape motho o a robala ebe ha a tsohe.+ A ke ke a tsoha ho fihlela mahodimo a le siyoEbile a ke ke a tsoswa borokong.+ 13  Ekare o ka mpata Lebitleng,*+Wa mpata ho fihlela bohale ba hao bo feta,Wa mpehela nako ebe o a nkgopola.+ 14  Ha motho a shwa, na a ka phela hape?+ Ke tla leta ho fihlela matsatsi a bokgoba ba ka a fela,Ho fihlela ke lokoloha.+ 15  O tla mpitsa mme ke tla o araba.+ O tla hopola* mosebetsi wa matsoho a hao. 16  Empa hona jwale o ntse o bala mehato ya ka,O shebile dibe tsa ka feela. 17  Phoso ya ka e kwalletswe ka mokotleng,O kwetse sebe sa ka ka sekgomaretsi. 18  Feela jwalo ka ha thaba e wa mme e nyamelaLe lefika le tloswa sebakeng sa lona. 19  Feela jwalo ka ha metsi a fata majweLe dinokana tsa ona di hohola mobu,O fedisitse tshepo ya motho ka tsela e tshwanang. 20  O mo hlola ka matla ho fihlela a shwa,+O fetola tsela eo a shebahalang ka yona ebe o mo isa lebitleng. 21  Bana ba hae ba a hlomphuwa empa ha a tsebeLe ha ba se ba kgellwa fatshe, ha a hlokomele.+ 22  O utlwa bohloko ha feela a ntse a phelaEbile o lla ha feela a ntse a phela.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “o kgotshe matshwenyeho.”
Kapa mohlomong: “o a kgaolwa.”
Ka Seheberu: “nna.”
Ka Seheberu: “Na motho ya sa hlwekang a ka tswala motho ya hlwekileng.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “hlolohelwa.”