Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O KA KGONA HO KGAOTSA HO TSHWENYEHA

O ka Etsang Hore o Kgaotse ho Tshwenyeha?

O ka Etsang Hore o Kgaotse ho Tshwenyeha?

E le hore o kgaotse ho tshwenyeha o lokela ho nahana ka bophelo ba hao, tsela eo o sebedisanang le ba bang ka yona, seo o batlang ho se finyella le dintho tseo e leng tsa bohlokwa bophelong. Sehloohong sena re tla hlahloba melaomotheo e sebetsang ho re thusa hore na re ka sebetsana kapa re ka fokotsa ho tshwenyeha jwang.

Leka ho Nahana ka Dintho Tsa Letsatsi ka Leng

“Le ka mohla le se ke la tshwenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etswe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matshwenyeho a lona.”​—MATHEU 6:34.

Seo e se bolelang: Ho kgathatseha ke karolo ya bophelo. O se ke wa nahana ka mathata a letsatsi le latelang. Leka ho nahana ka dintho tsa letsatsi ka leng.

  • Ha o dula o tshwenyehile o ka bona eka mathata a hao a mangata. Leka sena: Ntlha ya pele, hlokomela hore matshwenyeho a mang re ke ke ra kgona ho a qoba. Ho kgathatseha ka dintho tseo re ke keng ra kgona ho di qoba ho ka re bakela ho tshwenyeha. Ntlha ya bobedi, hlokomela hore maemong a mangata dintho ha di be ka moo re neng re nahanne ka teng.

Etsa Dintho Tseo o ka di Kgonang

‘Bohlale bo tswang hodimo . . . bo na le kahlolo e molemo.’​—JAKOBO 3:17.

Seo e se bolelang: O se ke wa batla ho ba motho ya sa etseng diphoso. Qoba ho etsa dintho tseo o ke keng wa di kgona kapa wa lebella batho ba bang hore ba di etse.

  • E ba motho ya ikokobeditseng, etsa dintho tseo o ka di kgonang mme o tsebe mefokolo ya hao le ya ba bang. Ha o etsa sena, o tla fokotsa ho tshwenyeha mme o tla kgona ho thusa batho ba bang hore le bona ba etsa se tshwanang. Hape, eba motho ya ratang batho. Ha o tsheha le hoja o na le mathata, o fokotsa ho tshwenyeha.

Tseba Hore na o Tshwenngwa Keng

“Motho ya nang le temoho o na le moya o kgutsitseng.”​—LIPROVERBIA 17:⁠27.

Seo e se bolelang: Ho ba le maikutlo a fosahetseng ho ka etsa hore o se ke wa nahana hantle, ka hoo dula o kgobile matshwafo.

  • Hlokomela hore na keng se o tshwenyang mme o shebe hore na o etsa dintho jwang ha o tshwenyehile. Ka mohlala, o ka sheba hore na o nahana kang, o ikutlwa jwang, o itshwara jwang, mohlomong o ka ngola dintho tsena fatshe. Ho tseba hore na o tshwenngwa keng, ho ka o thusa hore o sebetsane le matshwenyeho a hao ka tsela e atlehileng. Hape, nahana ka dintho tse ka o thusang ho fokotsa matshwenyeho bophelong ba hao. Haeba ha o atlehe, leka ho sheba ditsela tsa hore na matshwenyeho a hao a bakwa keng mme o batle tsela tsa ho a fokotsa.

  • Leka ho fetola tsela eo o shebang dintho ka yona. O ka fumana hore se o tshwenyang ha se se tshwenyang batho ba bang. Sena se bakwa ke tsela eo o shebang dintho ka yona. Nahana ka ditlhahiso tsena tse tharo:

    1. O se ke wa potlakela ho nahana hampe ka batho ba bang. Ka mohlala, ha re nke hore o lebenkeleng mme o eme moleng, ebe ho fihla motho a ema ka pela hao ho e na le hore a qale ho fola moo mola o fellang teng. O ka nahana hore motho eo o a o tella mme seo se ka etsa hore o kgopehe. Ho ena le hoo, ke hobaneng ha o sa nahane hore o ne a tatile ha a etsa jwalo? Mohlomong o tla be o nepile!

    2. Sheba dintho ka tsela e nepahetseng. Ka mohlala, ho ka ba bonolo hore o eme nako e telele ha o le ngakeng kapa o le boemafofane, o ka sebedisa nako eo ka bohlale ka hore o bale ntho e itseng kapa o etse mosebetsi o saletseng morao.

    3. Nahana ka seo o batlang ho se finyella. O ka ipotsa, ‘Na bothata bona bo tla eketseha hosane kapa matsatsing a latelang?’ Tseba hore na ke mathata a fe a tebileng le a sa tebang.

Etsa Dintho ka Tlhophiso

“Dintho tsohle di ke di etsahale ka mokgwa o hlomphehang le ka tlhophiso.”​—1 BAKORINTHE 14:40.

Seo e se bolelang: Leka ho etsa dintho ka tlhophiso bophelong ba hao.

  • Re rata ha dintho di re tsamaela hantle bophelong. Ntho e nngwe e ka etsang hore re se ke ra hlophiseha le hore re tshwenyehe, ke hore re tjhetjhisetse morao mesebetsi eo re tlamehang ho e etsa mme sena se ka etsa hore re be le dintho tse ngata tseo re lokelang ho di etsa. Leka ho sebedisa ditlhahiso tsena tse pedi:

    1. Iketsetse lenane la dintho tseo o batlang ho di etsa mme o di tshepahalle.

    2. Sheba mme o lokise dintho tse neng di o sitisa hore o etse dintho ka nako.

Etsa Dintho ka Tekatekano

“Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabedi le ho lelekisa moya.”​—MOEKLESIA 4:6.

Seo e se bolelang: Batho ba sebetsang haholo ba ka nna ba se bone molemo wa mosebetsi wa bona o boima. Ba ka nna ba hloka nako le matla a ho thabela dintho tseo ba di sebeleditseng ka thata.

  • Eba le maikutlo a loketseng ka tjhelete le mosebetsi. Ho ba le tjhelete e ngata, ha ho bolele hore o tla thaba kapa ha o na tshwenyeha. Ha e le hantle lengolo la Moeklesia 5:12 le re: “Dintho tse ngata tsa morui ha di mo dumelle ho robala.” Ka hoo phela bophelo bo itekanetseng.

  • Eba le nako ya ho phomola. Ha o etsa dintho tseo o di thabelang o fokotsa ho tshwenyeha. Le ha ho le jwalo, ho etsa dintho tse tlwaelehileng jwalo ka ho shebella thelevishene ho ke ke ha o thusa.

  • O se ke wa qeta nako e ngata o sebedisa theknoloji mohlomong ka ho sheba e-mail, melaetsa le metjha ya puisano kgafetsa. O se ke wa sheba melaetsa e amanang le mosebetsi ka nako ya hao ya ho phomola, ntle le haeba maemo a o qobella.

Hlokomela Mmele wa Hao

“Kwetliso ya mmele e na le molemo.”​—1 TIMOTHEA 4:8.

Seo e se bolelang: O lokela ikwetlisa ka mehla.

  • Batla ditsela tsa ho ntlafatsa bophelo ba hao. Ho ikwetlisa ho ka etsa hore o thabe mme ha thusa o hore o fokotse ho tshwenyeha. E ja dijo tse nang le phepo e ntle mme o se ke wa itima dijo. Etsa bonnete ba hore o robala ka ho lekaneng.

  • O se ke wa fokotsa ho tshwenyeha ka ho sebedisa dintho tse kotsi tse kang ho tsuba, ho nwa jwala le ho sebedisa dithethefatsi. Qetellong, dintho tsena di tla ama bophelo ba hao di be di o nkele tjhelete eo o e sebeleditseng ka thata, ho hobe le ho feta, ho ka eketsa ho tshwenyeha ha hao.

  • Ho ka ba molemo hore o ye ngakeng haeba o bona eka o ntse o tshwenyeha le ho feta. O se ke wa swabela ho kopa thuso.

Kgetha Dintho Tsa Bohlokwa

“Nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.”​—BAFILIPI 1:10.

Seo e se bolelang: Etsa dintho tsa bohlokwa pele.

  • Ngola fatshe dintho tsa bohlokwa tseo o batlang ho di etsa. Ho etsa jwalo, ho tla o thusa hore o bone hore na ke dintho dife tseo o lokelang ho di etsa pele, le hore ke dife tseo o ka di etsang hammamorao.

  • Ngola fatshe dintho tseo o di entseng beke ka nngwe. Ebe o batla ditsela tsa ho sebedisa nako ya hao ha molemo. Ha o etsa dintho ka tlhophiso, o ke ke wa iphumana o le tlasa kgatello.

  • Eba le nako ya ho phomola. Ho nka kgefu e kgutshwane ho tla o kgatholla mme ha etsa hore o fokotse ho tshwenyeha.

Fumana Thuso

“Ho tshwenngwa ke dipelaelo ka pelong ya motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentswe le molemo le etsa hore e thabe.”​—LIPROVERBIA 12:25.

Seo e se bolelang: Ha batho ba bang ba bua le rona ka mantswe a nang le mosa le a bontshang qenehelo, seo se ka re kgothatsa haholo.

  • Bua le motho eo o mo tshepang. Motswalle a ka o thusa hore o bone dintho ka tsela e fapaneng, a ba a o thusa hore o fumane tharollo mathateng a hao. Ho phetlela batho ba bang sefuba ho tla etsa hore o imolohe.

  • Kopa thuso. Arolelana le batho ba bang mosebetsi.

  • Haeba ho na le motho ya o tshwenyang mosebetsing, batla ditsela tsa ho sebetsana le boemo boo. Ka mohlala, o ka bolella motho eo hore o etsa hore o ikutlwe jwang (Liproverbia 17:27) Haeba sena se sa sebetse, na o ka kgaotsa ho qeta nako e ngata le motho eo?

Batla Tataiso ya Modimo

‘Ho thaba ba batlang ho tseba ka Modimo.’​—MATHEU 5:3.

Seo e se bolelang: Batho ha ba hloke dijo, diphahlo le bodulo feela empa ba boetse ba hloka ho tseba ka Modimo. E le hore re tle re thabe bophelong, re lokela ho tseba Modimo mme re latele tataiso ya hae.

  • Ho rapela ho ka re thusa haholo. Modimo o batla hore o ‘lahlele matshwenyeho ohle a hao ho yena, hobane o a o tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Ho rapela le ho nahanisisa ka seo re ithutileng sona, ho ka re thusa hore re be le kgotso ya kelello.​—Bafilipi 4:6, 7.

  • Bala dintho tse tla o thusa hore o be le kamano e ntle le Jehova Modimo. Melaomotheo e makasineng ena e thehilwe Bibeleng mme e ka o thusa hore o tsebe Modimo, hape e tla o thusa hore o be le “bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.” (Liproverbia 3:​21) Ke hobaneng ha o sa qalelle ho bala Bibele? Mohlomong o ka qala ka ho bala lengolo la Liproverbia.