Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Laola Kgalefo ya Hao

Laola Kgalefo ya Hao

Bibele e re kgothalletsa hore re laole bohale ba rona ebile e re eletsa hore re etse dintho tse tla re ruisa molemo.

KGALEFO

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ya diehang ho halefa o molemo ho feta monna ya matla.”​—Liproverbia 16:32.

SEO E SE BOLELANG: Re rua molemo haholo haeba re laola tsela eo re ikutlwang ka yona. Le hoja ka dinako tse ding re ka ba le mabaka a utlwahalang a hore re halefe, haeba re sa laole kgalefo ya rona seo se ka ba kotsi haholo. Bafuputsi ba re haeba motho a halefile ha a kgone ho nahana hantle mme a ka qetella a buile kapa a entse dintho tseo a tla ikwahlaela tsona.

SEO O KA SE ETSANG: Ithute ho laola bohale ba hao pele bona bo ka o laola. Le hoja batho ba bang ba nahana hore batho ba bohale ba matla, ha e le hantle batho ba bohale ba a fokola. Bibele e re: “Motho ya sa thibeng moya wa hae, o jwalo ka motse o thuhilweng, o se nang lerako.” (Liproverbia 25:28) Ntho e ka o thusang hore o laole bohale ba hao, ke hore o batle ho tseba hore na ho etsahetseng, pele o bua kapa o etsa ntho e itseng. “Ka sebele temohisiso ya motho e diehisa bohale ba hae.” (Liproverbia 19:11) Re tla be re etsa hantle haeba re mamela ka hloko mahlakore a mabedi e leng se ka re thusang hore re laole maikutlo a rona.

KANANELO

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Le iponahatse le le ba lebohang.”​—Bakolose 3:15.

SEO E SE BOLELANG: Ho bolelwa hore batho ba bontshang kananelo ke bona ba fumanang thabo. Le batho ba ileng ba lahlehelwa ke ntho kapa motho eo ba mo ratang ba dumellana le taba ena. Ba re ntho e ba thusang ho laola maikutlo a bona ke hore ba ananela dintho tseo ba nang le tsona, ho e na le ho tshwenyeha ka dintho tse ba lahlehetseng.

SEO O KA SE ETSANG: Letsatsi le letsatsi ngola dintho tseo o di ananetseng. Ha ho hlokahale hore ebe dintho tse kgolo. Ka mohlala, nahana ka dintho tse nyane tse kang ho sheba botle ba ha letsatsi le tjhaba hoseng, ho qoqa le motho eo o mo ratang kapa ho leboha Modimo hore ebe o ntse o phela. Haeba o ipha nako ya ho nahana ka dintho tsena o tla thaba mme o tla di ananela.

Ho ka ba molemo hore o nahane ka hore na ke hobaneng ha o ananela metswalle ya hao le lelapa hao. Ha o se o tseba hore na keng e etsang hore o ba ananele o ka ba ngolla lengolo, e-⁠mail, molaetsa kapa wa ba jwetsa le shebane mahlong hore na ke hobaneng ha o ba ananela. Ha o etsa sena o tla thaba hobane o tla be o etsetsa ba bang dintho tse molemo.​—⁠Liketso 20:⁠35.

MELAOMOTHEO E MENG YA BIBELE

O ka downloada Bibele e mamelwang. E fumaneha ka dipuo tse ka bang 40 ho jw.org

QOBA DIQABANG.

“Tshimoloho ya ho hloka kutlwano e jwalo ka ya bulelang metsi; ka hoo pele qabang e qhoma, o itsamaele.”​—LIPROVERBIA 17:14.

O SE KE WA TSHWENYEHA KA BOKAMOSO.

“Le se ke la tshwenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etswe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matshwenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanwa ke bobe ba lona.”​—MATHEU 6:34.

NAHANISISA KA BOEMO PELE O NKEHA KE MAIKUTLO.

“Matla a ho nahana a tla o lebela, temoho e tla o sireletsa.”​—LIPROVERBIA 2:11.