Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

O ka Thabela ho Dula o le Mong Jwang?

O ka Thabela ho Dula o le Mong Jwang?

Na o jewa ke bodutu? Haeba ho jwalo, o ka nna wa ikutlwa jwalo ka mopesaleme ya ileng a re: “Ke fetohile ya jwalo ka nonyana e nnotshi hodima marulelo.” (Pesaleme ya 102:7) Bibele e na le dikeletso tse ka o thusang ho sebetsana le mathata a tliswang ke ho dula o le mong.

 Atamela ho Modimo

Le haeba o dula o le mong, o ka kgona ho thaba ka hore o hlokomele hore o hloka ho tseba ka Modimo. (Matheu 5:3, 6) Dintlha tsena tse latelang di ka o thusa.

Bala ditemana tsa Bibele tse kgothatsang

Ditemana tsena di tshedisitse batho ba bangata. Ho e na le hore o bale ditemana tse ngata ka nako e le nngwe, leka ho sebedisa nako ena ho nahanisisa ka temana ka nngwe mme o rapele.​—Mareka 1:35.

Ithute hore na ke hobaneng ha dintho tse bohloko di etsahala

O ka kgona ho sebetsana le boemo bofe kapa bofe bo tshwenyang haeba o tseba hore na ke hobaneng ha dintho tse bohloko di etsahala, le hore na Modimo o tla di fedisa jwang.​—Esaia 65:17.

Qoba ho tshwenyeha ho sa hlokahale

Dihlooho tse latelang di ka o thusa ho sebetsana le ho tshwenyeha ho tliswang ke ho dula o le mong, hape di ka o thusa hore o ‘kgaotse ho tshwenyeha.’​—Matheu 6:25.

Etsa metswalle

Ho ba le metswalle ho ka o thusa hore o nahane hantle le hore o thabe, hape metswalle e ya hlokahala haholo nakong ena eo ho leng thata ho kopana le batho. Haeba ha o kgone ho tswa ka tlung, o ka sebedisa nako ena ho buisana le metswalle kapa wa etsa e metjha o sebedisa divideo kapa mekgwa e meng ya metjha ya puisano. Dihlooho tse latelang di ka o thusa hore o fumane metswalle ya nnete le hore o be “motswalle wa nnete.”​—Liproverbia 17:17.

Dula o ikwetlisa

Bibele e a dumela hore “kwetliso ya mmele e na le molemo.” (1 Timothea 4:8) Ho ikwetlisa ho ka o thusa hore o nahane hantle hape o be o thabe, haholoholo haeba o dula o le mong. Esita le haeba o sa kgone ho tswa ka tlung, ho na le dintho tseo o ka dulang o di etsa.