Kosepele ya Mareka 1:1-45

  • Johanne Mokolobetsi o a ruta (1-8)

  • Jesu o a kolobetswa (9-11)

  • Satane o leka Jesu (12, 13)

  • Jesu o ruta Galilea (14, 15)

  • Jesu o bitsa barutuwa ba pele (16-20)

  • Modemona o a lelekwa (21-28)

  • Jesu o fodisa batho ba bangata Kapernauma (29-34)

  • Jesu o rapela moo a leng mong (35-39)

  • Molepera o a fodiswa (40-45)

1  Ditaba tse monate tse buang ka Jesu Kreste Mora wa Modimo di qala tjena:  Mantswe a ngotsweng ke moprofeta Esaia a re: “(Ke romela moromuwa wa ka pele ho wena* ya tla lokisa tsela ya hao.)+  Ho na le motho ya hweletsang lefeelleng a re: ‘Lokisang tsela ya Jehova,* otlollang ditsela tsa hae.’”+  Johanne Mokolobetsi o ne a le lefeelleng, a bolella batho hore ba kolobetswe ho bontsha hore ba bakile e le hore ba tshwarelwe dibe.+  Baahi bohle ba Judea le Jerusalema ba ya ho yena. Ba ne ba ipolela dibe phatlalatsa ebe o ba kolobetsa* Nokeng ya Jordane.+  Johanne o ne a apara diaparo tsa boya ba kamele, a itlama ka lebanta la letlalo thekeng,+ dijo tsa hae e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naheng.+  O ne a ruta a re: “Ho na le ya matla ho mpheta ya tlang. Ha ke tshwanelehe ho inama ke fasolla marapo a dieta* tsa hae.+  Ke le kolobeditse ka metsi empa yena o tla le kolobetsa ka moya o halalelang.”+  Nakong eo, Jesu a tswa Nazaretha e Galilea mme a kolobetswa Jordane ke Johanne.+ 10  Hang ha a tswa ka metsing a bona mahodimo a buleha yaba moya o halalelang o theohela hodima hae jwalo ka leeba.+ 11  Yaba lentswe le tswa mahodimong le re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlisang.”+ 12  Hanghang moya o halalelang wa mo tataisetsa lefeelleng. 13  Ka hoo, a qeta matsatsi a 40 lefeelleng, yare ha a le moo Satane a mo leka.+ Moo ho ne ho ena le dibata empa mangeloi a ne a mo sebeletsa.+ 14  Ka mora hore Johanne a tshwarwe, Jesu a kena Galilea+ a ntse a bolella batho ditaba tse monate tsa Modimo.+ 15  O ne a re: “Nako e behilweng e fihlile mme Mmuso wa Modimo o atametse. Bakang+ le be le amohele ditaba tse monate tsa Modimo.” 16  Ha a ntse a tsamaya haufi le Lewatle la Galilea a bona Simone le ngwanabo e leng Andrease+ ba akgela matlowa* a bona ka lewatleng.+ E ne e le batshwasi ba ditlhapi.+ 17  Jesu a re ho bona: “Ntshaleng morao, ke tla le etsa batshwasi ba batho.”+ 18  Hanghang ba tlohela matlowa a bona yaba ba a mo latela.+ 19  Yare ha a fetela pele, a bona bara ba Zebedea e leng Jakobo le Johanne ba le ka sekepeng sa bona ba lokisa matlowa a bona+ 20  yaba hanghang o a ba bitsa. Ba siya ntate wa bona Zebedea le banna ba hirilweng ka sekepeng, ba mo sala morao. 21  Ba tsamaya ho ya kena Kapernauma. Ka Sabatha a ya ka tlung ya thapelo* yaba o qala ho ruta.+ 22  Batho ba ne ba tsota tsela eo a rutang ka yona hobane ha a ba ruta, ho ne ho utlwahala hore o fuwe matla ke Modimo. O ne a sa ba rute jwalo ka bangodi ba bona.+ 23  Ka tlung ya bona ya thapelo* motho e mong ya neng a ena le modemona a hweletsa a re: 24  “O batlang ho rona Jesu wa Monazaretha?+ Na o tlo re fedisa? Ke tseba hantle hore na o mang, o Mohlanka ya Halalelang wa Modimo.”+ 25  Empa Jesu a kgalemela modemona eo ka thata a re: “Thola, o tswe ho yena!” 26  Modemona eo a hweletsa haholo a ba a etsa hore motho eo a thothomele ha bohloko yaba o tswa ho yena. 27  Batho bohle ba makala haholo, ba qala ho buisana ba re: “Hoo keng? E tlameha ebe ke mokgwa o motjha wa ho ruta.* O na le matla a ho leleka bademona ebile ba a mo mamela.” 28  Ka hoo, dintho tseo a di entseng tsa tsebahala kapele dibakeng tsohle tse Galilea. 29  Ka nako eo, ba tswa ka tlung ya thapelo* mme ba ya lapeng la Simone le Andrease ba ena le Jakobo le Johanne.+ 30  Mohwehadi wa Simone*+ o ne a robetse a tshwerwe ke feberu mme hanghang ba bolella Jesu ka yena. 31  Jesu a ya ho yena a mo tshwara ka letsoho a mo phahamisa. Mohwehadi wa Simone a fola yaba o ba etsetsa dijo. 32  Mantsiboya ha letsatsi le diketse, batho ba mo tlisetsa bohle ba kulang le ba nang le bademona+ 33  mme motse wohle wa bokana hona moo monyako. 34  Ka hoo, a phekola ba bangata ba neng ba tshwerwe ke mafu a sa tshwaneng,+ a leleka le bademona ba bangata. Empa o ne a sa dumelle bademona ho bua hobane ba ne ba tseba hore ke Kreste.* 35  A tsoha ka meso ho sa le lefifi, a tswela ka ntle yaba o ya moo a leng mong, ha a fihla moo a rapela.+ 36  Simone le ba nang le yena ba mo batla hohle. 37  Ha ba mo fumana ba re ho yena: “Batho kaofela ba ntse ba o batla.” 38  Empa a re ho bona: “A re yeng ditoropong tse ding tse haufi e le hore nka ruta le moo ka ha ke yona ntho eo ke e tletseng.”+ 39  A ya, a ruta ka matlung a bona a thapelo* ho potoloha Galilea yohle a bile a leleka bademona.+ 40  Molepera e mong a tla ho yena, a mo kopa a bile a kgumame a re: “Haeba feela o batla, o ka ntlhwekisa.”+ 41  Jesu a mo hauhela mme a otlolla letsoho a mo tshwara yaba o re ho yena: “Ke a batla, hlweka.”+ 42  Lepera la nyamela hanghang mme a hlweka. 43  A mo laya ka thata yaba o re a tsamaye, 44  a re ho yena: “O etse bonnete ba hore ha o re letho ho mang kapa mang empa o ye ho moprista a o bone. O etse dinyehelo tseo Moshe a itseng di etswe+ e le hore o hlweke, hore e be bopaki ho baprista.”+ 45  Empa ha monna eo a tloha, a bolella batho ditaba tsena tsohle, hoo Jesu a neng a se a tlameha ho kena metseng a sa bonwe. O ne a dula dibakeng tse ka ntle tse hole haholo. Ho ntse ho le jwalo, batho ba nna ba tla ho yena ba hlaha ka mahlakoreng ohle.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “ka pela sefahleho sa hao.”
Kapa: “ina; tipa.”
Ka Segerike: “meqathatso.”
Ke dinete tse tshwasang ditlhapi.
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Ka Segerike: “sinagogeng ya bona.”
Kapa: “thuto e ntjha.”
Ka Segerike: “sinagogeng.”
E leng mme wa mosadi wa Simone.
Kapa mohlomong: “hore na ke mang.”
Ka Segerike: “disinagogeng tsa bona.”