Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

John Moore/Getty Images

LETSHOLO LE KGETHEHILENG

Na Mmusong wa Modimo Teng ho Tla ba le Bophelo bo Botle?

Na Mmusong wa Modimo Teng ho Tla ba le Bophelo bo Botle?

 Ka la 22 May 2023 e mong wa baetapele ba World Health Organization e leng Dr. Tedros Adhanom Ghebreyesus o ile a re: “Taba ya hore COVID-19 ha e sa nkwa e le koduwa e kaalo, ha e bolele hore e se e fedile.. . . Ho ntse ho tla ba le sewa se seng mme re tla lokela ho ba malalaalaotswe.”

 COVID-19 e bakile mathata a mangata ao batho ba sa ntseng ba sebetsana le ona hona jwale, e ba amme mmeleng le maikutlong. Ha e le moo mebuso le mekgatlo ya tsa bophelo bo botle e se e ntse e sa kgone hore hlokomela hona jwale, na e tla be e le malalaalaotswe ha ho ka ba le sewa se seng?

 Bibele e bua ka mmuso o tla kgona ho re fa bophelo bo botle. E re: “Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso.” (Daniele 2:​44) Mmusong oo “ha ho moahi ya tla re: ‘Ke a kula.’ ” (Esaia 33:​24) Motho e mong le e mong o tla ba le bophelo bo botle a be mahlahahlaha jwalo ka ha a ne a le monyenyane.​—Jobo 33:25.