Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mmuso wa Modimo o Tla Busa Neng Lefatsheng?

Mmuso wa Modimo o Tla Busa Neng Lefatsheng?

Balatedi ba bang ba tshepahalang ba Jesu ba ne ba batla ho tseba hore na Mmuso wa Modimo o tla qala ho busa neng. Jesu o ile a ba araba ka hore ba ke ke ba tseba nako e tobileng ya hore na Mmuso wa Modimo o tla busa neng lefatsheng. (Diketso 1:6, 7) O ile a ba bolella hore ha ba bona diketsahalo tse itseng tse etsahalang ka nako e le nngwe, ba “tsebe hore Mmuso wa Modimo [o ne o le] haufi” le ho busa lefatsheng.​—Luka 21:31.

KE DIKETSAHALO DIFE TSEO JESU A ITSENG DI TLA ETSAHALA?

Jesu o ile a re: “Setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, le mmuso o tla tsohela mmuso matla, mme ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe, le mafu a sewa le dikgaello tsa dijo sebakeng se seng ka mora se seng.” (Luka 21:10, 11) Dintho tsena kaofela e ne e tla ba letshwao la hore “Mmuso wa Modimo o haufi.” Na diketsahalo tseo di etsahetse ka nako e le nngwe lefatsheng lohle? Nahana ka bopaki bo latelang.

1. DINTWA

Ka 1914 ho ile ha e ba le ntwa e ileng ya ama batho ba bangata! Hangata ha borahistori ba bua ka selemo sena, ba re ke selemo se tlileng le diphetoho tse kgolo hobane ntwa ya pele ya lefatshe e ile ya qala ka selemo seo. Ka nako eo ho ile ha eba le disebediswa tse ngata tsa ntwa tse kang dikoloi tsa ntwa, dibomo tse neng di lahlelwa fatshe ho tswa sefofaneng, dithunya tsa motjhini le kgase e tjhefu mme di ne di sebedisetswa ho bolaya batho ba bangata dibakeng tse ngata. Ntwa ena e ile ya lebisa ntweng ya bobedi ya lefatshe moo ho ileng ha qalwa ho sebediswa dibomo tsa athomo. Ka mora moo, ho ile ha eba le dintwa tse ding sebakeng se seng ho isa ho se seng mme dintwa tseo di ile tsa bolaya batho ba bangata.

2. DITSHISINYEHO TSA LEFATSHE

Britannica Academic e re: “Selemo le selemo ho ba le ditshisinyeho tsa lefatshe tse ka bang 100 tse bakang tshenyo e kgolo.” Geological Survey ya United States yona e re: “Ditlaleho di bontsha hore selemo le selemo ho ba le ditshisinyeho tsa lefatshe tse ka bang 16.” Le hoja batho ba bang ba dumela hore ho tloha kgale haesale ditshisinyeho tsa lefatshe di le ngata, empa hona jwale ho bonahala eka di eketsehile hobane ho na le dintho tse ngata tse ba thusang hore ba kgone ho di hlokomela. Empa nnete ke hore, ditshisinyeho tsa lefatshe di bolaya batho ba bangata mme di bakela batho mathata a mangata.

3. KGAELLO YA DIJO

Kgaello ya dijo e teng lefatsheng lohle ka lebaka la dintwa, bobodu, ho putlama ha moruo le ho se hlokomele dijo hantle kapa ho se be le tsebo e nepahetseng ka tsa temo. Ripoto ya The World Food Programme’s 2018 e re: “Batho ba dimilione tse 821 ha ba na dijo tse lekaneng, athe ba dimilione tse 124 bona ha ba na dijo ho hang.” Bana ba 3 100 000 ba a hlokahala selemo le selemo ka lebaka la kgaello ya phepo e nepahetseng. Ka selemo sa 2011, bana ba ka bang diperesente tse 45 lefatsheng lohle ba shwele ka lebaka la kgaello ya phepo e nepahetseng.

4. HO KULA LE MAFU A SEWA

Buka ya World Health Organization e re: “Ho tloha ka dilemo tsa bo 2000 ho ile ha eba le mafu a mangata a sewa. Mafu a kgale a sewa a kang cholera le yellow fever a kgutlile mme ho se ho e na le a mang a kang Severe acute respiratory syndrome, pandemic influenza, Middle East respiratory syndrome, Ebola le Zika.” Morao tjena ho se ho ena le sewa sa COVID-19. Le hoja borasaense le dingaka ba ithuta ho hongata ka mafu ana, ba ntse ba sa kgone ho a phekola kaofela.

5. MOSEBETSI WA HO BOLELA DITABA TSE MOLEMO LEFATSHENG LOHLE

Jesu o ile a bua ka letshwao le leng le neng le tla bontsha hore Mmuso wa Modimo o haufi, o ile a re: “Ditaba tsena tse molemo tsa mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona hore e be bopaki ho ditjhaba tsohle, jwale e ntano ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:​14) Le hoja lefatsheng ho na le mathata a mangata, ho na le batho ba dimilione tse ka hodimo ho 8 ba bolelang ditaba tse molemo tsa Mmuso lefatsheng lohle dinaheng tse ka bang 240 mme ba sebedisa dipuo tse ka hodimo ho 1 000. Ha ho so ka ho etsahala ntho e tjena historing ya batho!

DIKETSAHALO TSEE DI RE BOLELLA ENG?

Dintho tseo Jesu a ileng a bua ka tsona di a etsahala kajeno. Ke hobaneng ha re lokela ho thahasella taba ee? Ke hobane Jesu o ile a re: “Ha le bona dintho tsena di etsahala, le tsebe hore Mmuso wa Modimo o haufi.”​—Luka 21:31.

Haufinyane Mmuso wa Modimo o tla etsa hore thato ya hae e etsahale lefatsheng

Matshwao ao Jesu a ileng a fana ka ona, ha mmoho le diketsahalo tse etsahetseng ka tatellano tse hlahang ka Bibeleng, di re thusa ho utlwisisa hore Modimo o ile a hloma Mmuso wa hae lehodimong ka selemo sa 1914. a Ka yona nako eo, o ile a etsa Mora wa hae Jesu Kreste hore e be Morena. (Pesaleme ya 2:2, 4, 6-9) Haufinyane, ha Mmuso wa Modimo o se o busa lefatsheng, o tlo fedisa mebuso e meng kaofela mme batho ba tla phela ka ho sa feleng lefatsheng la paradeise.

Haufinyane, mantswe a hlahang thapelong ya mohlala eo Jesu a ileng a e ruta barutuwa ba hae a reng: “Muso wa hao o ke o tle. Thato ya hao e ke e etsahale lefatsheng, jwalo ka ha e etsahala lehodimong” a tla phethahala. (Matheu 6:10) Jwale, keng seo Mmuso wa Modimo o ntseng o se etsa ho tloha ha o ne o qala ho busa ka 1914? Mme ke se fe seo re ka se lebella ha Mmuso oo o se o busa lefatsheng?

a E le hore o tsebe ka selemo sa 1914, sheba kgaolo ya 32 bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! e hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova.