Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Morena wa Mmuso wa Modimo ke Mang?

Morena wa Mmuso wa Modimo ke Mang?

Modimo o ile a etsa hore bangodi ba Bibele ba ngole dintlha tse tla re thusa hore re tsebe hore na ke mang eo e tla ba Morena Mmusong wa Modimo. Morena eo:

  • O kgethilwe ke Modimo. “Ke hlomamisitse morena wa ka . . . E le hore nka fana ka ditjhaba e le lefa la hao le dipheletso tsa lefatshe e le leruo la hao.”​—Pesaleme ya 2:6, 8.

  • Ke mojalefa wa Morena Davida. “Etswe re tswalletswe ngwana, re filwe mora . . . Ho ke ke ha eba le bofelo bongateng ba puso ya bohosana le kgotso, teroneng ya Davida le mmusong wa hae e le ho o tiisa ka thata.”​—Esaia 9:6, 7.

  • O tswalletswe Bethlehema. “Wena Bethlehema . . . , ho wena ho tla tswa bakeng sa ka eo e tlang ho ba mmusi . . . O tla ba moholo ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.”​—Mikea 5:2, 4.

  • O ile a hanyetswa ke batho mme a bolawa. ‘O ile a nyatswa, mme ra mo nka e se wa bohlokwa.  . . O ne a hlajwa ka lebaka la ditlolo tsa rona, o ne a hatellwa ka lebaka la diphoso tsa rona.’​—Esaia 53:3, 5.

  • O ile a tsoswa bafung mme a tlotliswa. “Etswe o ke ke wa tlohela moya wa ka Sheole [kapa Lebitleng]. O ke ke wa dumella ya tshepahalang wa hao hore a bone sekoti. . . . Ho na le thabo letsohong la hao le letona ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ya 16:10, 11.

Ke Hobaneng ha Jesu Kreste e le Morena ya Tshwanelehang?

Historing yohle ya batho, ke motho a le mong feela ya tshwanelwang ke ditlhaloso tseo mme motho eo ke Jesu Kreste. Ha e le hantle, lengeloi le ile la bolella Mme wa hae Maria la re: “Modimo o tla mo fa terone ya ntatae Davida, . . . mme mmuso wa hae o ke ke wa eba le bofelo.”​—Luka 1:31-33.

Jesu ha e so ka e ba morena lefatsheng. Empa o tla busa batho lefatsheng a le lehodimong Mmusong wa Modimo. Ke eng e etsang hore e be Morena ya tshwanelehang? Ha re boneng hore na e ne e le motho ya jwang ha a ne a le lefatsheng.

  • Jesu o ne a tsotella batho. Jesu o ne a thusa banna le basadi, bana le batho ba hodileng, ho sa tsotellehe maemo a bona a bophelo. (Matheu 9:36; Mareka 10:16) Ha molepera a ne a mo kopa a re: “Haeba feela o batla, o ka ntlhwekisa,” Jesu o ile a susumetswa ke kgauho yaba wa mo fodisa. (Mareka 1:40-42).

  • Jesu o ne a ruta batho hore ba ka thabisa Modimo jwang. O ile a re: “Le ke ke la ba makgoba a Modimo le a Maruo.” O ile a boela a re re lokela ho tshwara ba bang ka tsela eo le rona re ka thabelang ho tshwarwa ka yona. Ho ekelletsa moo, Modimo ha a shebe feela hore na re etsang empa o boetse o sheba tsela eo re ikutlwang ka yona le eo re nahanang ka yona. Ka hoo, e le hore re thabise Modimo re lokela ho laola maikutlo a rona. (Matheu 5:28; 6:24; 7:12) Jesu o ile a re e le hore re thabe e le ka nnete, re lokela ho ithuta hore na Modimo o batla re etseng mme re etse sona seo.​—Luka 11:28.

  • Jesu o ile a ruta batho hore ba rate batho ba bang. Mantswe le diketso tsa Jesu di ne di ama dipelo tsa batho ba neng ba mo mamela. “Bongata bo ile ba hlollwa ke tsela ya hae ya ho ruta, ka ha o ne a ba ruta jwalo ka motho ya nang le matla.” (Matheu 7:28, 29) O ile a ba ruta hore ba rate dira tsa bona. Le ha a ne a le thupeng ya tlhokofatso o ile a rapella batho ba neng ba tlo mo bolaya a re: “Ntate, o ba tshwarele, ka ha ha ba tsebe seo ba se etsang.”​—Matheu 5:44; Luka 23:34.

Ka nnete Jesu o a tshwaneleha ho busa lefatshe ka tsela e tla etsa hore batho ba thabe. Empa Jesu o tla qala ho busa neng?