Daniele 2:1-49

  • Morena Nebukadnezare o lora toro e mo tshwenyang (1-4)

  • Banna ba bohlale ha ba kgone ho hlalosa toro eo (5-13)

  • Daniele o kopa thuso ho Modimo (14-18)

  • Modimo a ke a roriswe ka lebaka la ho senola sephiri (19-23)

  • Daniele o hlalosetsa morena toro (24-35)

  • Tlhaloso ya toro (36-45)

    • Lejwe la mmuso le tla silakanya setshwantsho (44, 45)

  • Morena o tlotla Daniele (46-49)

2  Nebukadnezare o ile a lora ditoro tse ngata ka selemo sa bobedi a busa. O ne a tshwenyehile+ hoo a neng a sa kgone ho robala.  Morena a laela hore baprista ba maselamose, dinohe, baloi le Bakalde* ba bitswe hore ba tlo mo bolella hore na o lorileng. Ba kena mme ba ema ka pela morena.+  Morena a re ho bona: “Ho na le ntho eo ke e lorileng. Ke tshwenyehile hobane ke batla ho tseba hore na ke lorileng.”  Bakalde ba araba morena ka Searame*+ ba re: “Morena, o ke o phele ka ho sa feleng. Re bolelle toro ya hao, rona re tla o bolella tlhaloso ya yona.”  Morena a re ho Bakalde bao: “Qeto eo ke e entseng ke ena: Haeba le sa mpolelle toro eo ke e lorileng le tlhaloso ya yona, le tla kgaolwa dikoto mme matlo a lona e tla ba matlwana a setjhaba.*  Empa haeba le ka mpolella toro le tlhaloso ya yona, ke tla le fa dimpho le moputso ke be ke etse hore le hlomphuwe haholo.+ Jwale mpolelleng toro eo le tlhaloso ya yona.”  Ba araba ka lekgetlo la bobedi ba re: “Morena re kopa o re bolelle toro ya hao, rona re tla o bolella tlhaloso ya yona.”  Morena a re: “Ke a bona hore le leka ho dieha hobane le utlwile qeto eo ke e entseng.  Haeba le sa mpolelle hore na ke lorileng, kaofela ha lona le tlo fumana kotlo e tshwanang. Le dumellane ka ho mpolella leshano le tshepile hore ke tla fetola maikutlo. Ha le ka mpolella toro ya ka, ke tla tseba hore le tla kgona ho ntlhalosetsa yona.” 10  Bakalde ba re ho morena: “Ha ho na motho lefatsheng ya ka kgonang ho etsa ntho ena eo o e kopang morena. Ha ho na morena e moholo kapa letona le kileng la kopa baprista ba maselamose, dinohe kapa Bakalde hore ba etse ntho e tjena. 11  Morena, ntho eo o e kopang e thata. Ha ho na motho ya ka kgonang ho o bolella yona ntle le medimo e sa pheleng le batho.” 12  Ha morena a utlwa sena, a halefa haholo yaba o laela hore banna bohle ba bohlale ba Babilona ba bolawe.+ 13  Ka mora hore ho fanwe ka taelo eo mme banna ba bohlale ba le haufi le ho bolawa, ba ile ba batla Daniele le metswalle ya hae hore le bona ba tlo bolawa. 14  Ka nako eo, Daniele a bua ka bohlale le Arioke mookamedi wa balebedi ba morena, ya neng a tswile hore a yo bolaya banna ba bohlale ba Babilona. 15  O ile a botsa Arioke molaodi wa morena a re: “Ke hobaneng ha morena a fane ka taelo e sehloho hakaale?” Yaba Arioke o bolella Daniele hore na ho etsahalang.+ 16  Daniele a ya ho morena, a mo kopa hore a mo fe nako ya hore a tlo mo hlalosetsa toro eo. 17  Ka mora moo, Daniele a ya ntlong ya hae mme a bolella metswalle ya hae e leng Hanania, Mishaele le Azaria ka taba eo. 18  A ba kopa hore ba rapele Modimo wa lehodimo, ba mo kope hore a ba hauhele mme a ba senolele sephiri sena e le hore Daniele le metswalle ya hae ba se ke ba bolawa ha mmoho le banna ba bang ba bohlale ba Babilona. 19  Bosiu Daniele a senolelwa sephiri seo ponong.+ Ka hoo, Daniele a rorisa Modimo wa lehodimo. 20  Daniele a re: “Lebitso la Modimo le ke le roriswe ka ho sa felengHobane ke yena feela ya bohlale le ya matla.+ 21  O fetola dinako le mehla,+O tlosa marena ebile o beha marena,+O hlalefisa ba bohlale ebile o fa ba nang le temoho tsebo.+ 22  O senola dintho tse tebileng le tse patehileng,+O tseba dintho tse lefifing+Ebile moo a leng teng o potolohilwe ke kganya.+ 23  Ke a o leboha Modimo wa baholoholo ba ka ebile ke a o rorisa,O mphile bohlale le matla Ebile hona jwale o ntsebisitse seo re o kopileng sona.O re tsebisitse ntho e tshwenyang morena.”+ 24  Ka mora moo, Daniele a ya ho Arioke eo morena a neng a mo kgethile hore a bolaye banna ba bohlale ba Babilona,+ a re ho yena: “O se ke wa bolaya banna ba bohlale ba Babilona. Nkise ho morena mme ke tla mo hlalosetsa toro.” 25  Arioke a isa Daniele ho morena ka potlako yaba o re ho yena: “Ke fumane monna e mong hara Bajuda ba tlileng botlamuweng,+ ya ka kgonang ho o hlalosetsa toro morena.” 26  Morena a re ho Daniele, eo lebitso la hae e neng e le Beltsatsare:+ “Na ka nnete o ka mpolella toro eo ke e lorileng le tlhaloso ya yona?”+ 27  Daniele a re ho morena: “Banna ba bohlale, dinohe, baprista ba maselamose le balepi ba dinaledi, ha ba kgone ho bolella morena sephiri seo a batlang ho se tseba.+ 28  Empa ho na le Modimo lehodimong eo e leng Mosenodi wa diphiri+ mme o tsebisitse Morena Nebukadnezare se tlo etsahala matsatsing a bofelo. Toro ya hao ke ena mme tsena ke dipono tseo o di boneng ha o robetse betheng ya hao: 29  Morena, ha o ne o robetse o lorile* se tla etsahala nakong e tlang mme Mosenodi wa diphiri o o tsebisitse se tla etsahala. 30  Ha ke a senolelwa sephiri sena hobane ke le bohlale ho feta batho ba bang bohle empa ke se senoletswe e le hore ke tle ke o tsebise tlhaloso ya toro ya hao le hore o tsebe seo o neng o se nahana.+ 31  Morena, ha o ntse o lora o ile wa bona setshwantsho* se seholohadi. Setshwantsho seo se neng se eme ka pela hao, se ne se le seholo ebile se kganya haholo mme tsela eo se neng se shebahala ka yona e ne e tshosa. 32  Hlooho ya setshwantsho seo e ne e le ya kgauta e ntle,+ sefuba sa sona le matsoho a sona e le a silevera,+ mpa le dirope tsa sona e le tsa koporo,+ 33  meomo ya sona e le ya tshepe+ mme maoto a sona e le a tshepe e kopaneng le letsopa.*+ 34  O ile wa sheba ho fihlela lejwe le kgephoha empa le sa kgepholwe ka matsoho. La otla setshwantsho maotong a sona a tshepe le letsopa mme la a silakanya.+ 35  Ka nako eo, tshepe, letsopa, koporo, silevera le kgauta, tsa silakanngwa kaofela mme tsa eba jwalo ka mmoko o tswang seotlong sa lehlabula. Moya wa di fefola kaofela mme ha ho a ka ha sala letho. Empa lejwe le ileng la otla setshwantsho la fetoha thaba e kgolo mme la tlala lefatshe lohle. 36  Morena, ena ke toro ya hao mme hona jwale re tla o bolella tlhaloso ya yona. 37  Morena, o morena wa marena eo Modimo wa lehodimo a mo fileng mmuso,+ matla le kganya. 38  Hape o entse hore o buse batho hohle moo ba dulang teng ha mmoho le dibata tsa naheng le dinonyana tsa lehodimo, o entse hore o di buse kaofela.+ Hlooho ya kgauta ke wena.+ 39  Ka mora hao ho tla hlaha mmuso o mong,+ o tlasana ho wena ebe ka mora moo ho hlaha mmuso o mong wa boraro wa koporo o tla busa lefatshe lohle.+ 40  Mmuso wa bone o tla ba matla jwalo ka tshepe.+ Jwalo ka ha tshepe e thuhakanya le ho sila ntho e nngwe le e nngwe, mmuso ona o tla thuhakanya o be o fedise mebuso ena kaofela.+ 41  Jwalo ka ha o bone karolo e nngwe ya maoto le menwana e le letsopa la sebopi le kopaneng le tshepe, mmuso oo o tla arohana. Karolo e nngwe e tla ba thata jwalo ka tshepe jwalo ka ha o bone tshepe e kopane le letsopa le bonolo. 42  Jwalo ka ha menwana ya maoto e le ya tshepe e kopaneng le letsopa, mmuso oo o tla ba le dikarolo tse matla le tse fokolang. 43  Jwalo ka ha o bone tshepe e kopane le letsopa le bonolo, di tla tswakana le batho empa di ke ke tsa kgomarelana hore e be ntho e le nngwe feela jwalo ka ha tshepe e sa kopane le letsopa. 44  Matsatsing a marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso+ o ke keng wa fediswa le ka mohla.+ Mmuso ona o ke ke wa fetisetswa ho batho ba bang.+ O tla silakanya o fedise mebuso ena kaofela+ mme ke wona feela o tla dula o le teng ka ho sa feleng.+ 45  Ho tla ba jwalo ka ha o bone lejwe le kgephoha thabeng, le sa kgepholwe ka matsoho le bile le silakanya tshepe, koporo, letsopa, silevera le kgauta.+ Modimo e Moholo o o tsebisitse hore na ho tla etsahalang nakong e tlang.+ Toro ena ke nnete mme tlhaloso ya yona e a tshepahala.” 46  Ka mora moo, Morena Nebukadnezare a kgumama* ka pela Daniele a bontsha hore o a mo tlotla. A boela a laela hore a fuwe mpho le hore a tjhesetswe dibano. 47  Morena a re ho Daniele: “Ka nnete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo le Morena wa marena le Mosenodi wa diphiri hobane o entse hore o kgone ho ntshenolela sephiri sena.”+ 48  Morena a beha Daniele boemong bo phahameng mme a mo fa dimpho tse ngata tse ntle yaba o mo etsa mmusi wa profinse yohle ya Babilona+ le molaodi ya ka sehloohong wa banna bohle ba bohlale ba Babilona. 49  Morena a etsa Shadrake, Meshake le Abednego+ batsamaisi ba profinse ya Babilona feela jwalo ka ha Daniele a ne a kopile. Daniele yena o ne a sebeletsa ntlong ya morena.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng sehlopha sa ditsebi tsa bonohe le bolepi ba dinaledi.
Qalong Da 2:4b ho ya ho 7:28 e ne e ngotswe ka puo ya Searame.
Kapa mohlomong: “moo ho lahlelwang matlakala teng; qubu ya bolokwe.”
Ka Searame: “menahano ya hao e o bontshitse.”
Kapa: “seemahale.”
Kapa: “letsopa le bopilweng.”
A thetsitse fatshe ka hlooho.