Feta

SE KA THUSANG LELAPA | BATSWADI

Bua le Bana ba Hao ka Kgethollo ya Morabe

Bua le Bana ba Hao ka Kgethollo ya Morabe

 Bana ha ba sa le banyenyane ba ka hlokomela hore batho ba bang ba tshwara ba bang ka tsela e fapaneng ka lebaka la morabe kapa hore na ba tswa dinaheng dife. O ka thusa ngwana wa hao jwang hore a se ke a etsisa batho bana ba kgethollang ba bang? O ka etsang haeba e le ngwana wa hao ya kgethollwang?

Sehloohong sena

 O ka bolella bana ba hao eng ka morabe?

 Seo o ka ba hlalosetsang sona. Lefatsheng kaofela ho na le ditso tse ngata le batho ba batle ba mefuta e sa tshwaneng. Ntho ena e entse hore batho ba tshware batho ba bang hampe ba itshetlehile ka hore na ba shebahala jwang kapa ba etsa dintho jwang.

 Le ha ho le jwalo, Bibele e re ruta hore kaofela ha rona re tswa ho motho a le mong. Ka mantswe a mang, kaofela re bana ba motho.

[Modimo] o entse hore ditjhaba tsohle di tswe ho motho a le mong.”​—Diketso 17:26.

 Karen o re: “Re hlokometse hore ha bana ba rona ba qeta nako le batho ba morabe o sa tshwaneng le wa bona ba a bona hore motho e mong le e mong o hloka ho ratwa le ho hlomphuwa.”

 O ka hlalosa kgethollo ya morabe jwang ho bana ba hao?

 Ha nako e ntse e eya, ngwana wa hao o tla utlwa ditabeng ho buuwa ka batho ba hloileng ba bang kapa ba tshwarang ba merabe e meng hampe. O ka mo hlalosetsa jwang se etsahalang? O ka mo hlalosetsa ho ya ka hore na dilemo tsa hae di kae.

  •   Bana ba ntseng ba le banyenyane. Makasineng wa Parents, Dr. Allison Briscoe-Smith o ile a re: “Bana ba banyenyane ba kgona ho bona ha ntho e le hantle le ha e se hantle. Ntho e na e ka o fa monyetla wa hore o bue le bona ka kgethollo.”

“Modimo ha a leeme empa o amohela motho wa setjhaba sefe kapa sefe ya mo hlomphang le ya etsang dintho tse lokileng.”​—Diketso 10:34,35.

  •   Bana ba tlo kena dilemong tsa botjha. Bana ba dilemo di tshelela ho ya ho tse 12 ba na le takatso ya ho tseba dintho, ke ka hoo ka dinako tse ding ba botsang dipotso tse thata. Leka ka hohle ho araba dipotso tsa bona hantle. Bua le bana ba hao ka dintho tseo ba di bonang sekolong le Thelevisheneng kapa Inthaneteng mme o sebedise dintho tseo ba buileng ka tsona e le monyetla wa ho ba hlalosetsa hore kgethollo ya morabe e fosahetse.

“Le utlwane, le utlwelane bohloko, le ratane jwalo ka bana ba motho, le qenehelane le be le ikokobetse.”​—1 Petrose 3:8.

  •   Batjha. Batjha ba se ba le dilemong tseo ho tsona ba seng ba kgona ho utlwisisa dintho tse thata. Ha ngwana wa hao a se a le dilemong tsena, ona ke monyetla o hantle wa hore le buisane ka dintho tse hlahang ditabeng, tse buang ka batho ba nang le kgethollo.

‘Batho ba hodileng kelellong, ba kgona ho kgetholla se nepahetseng ho se fosahetseng.’​—Baheberu 5:14.

 Tanya o re: “Re bua le bana ba rona ka kgethollo hobane ke ntho eo ba tla e bona kapa e ka ba etsahallang ho sa tsotellehe hore na ba dula hokae. Haeba re sa buisane le bona ka taba ena ka tlung, ba ka qetella ba se ba nahana jwalo ka batho bao ba nang le kgethollo. Batho ba ka bua dintho tse fosahetseng mme ba etsa hore bana ba rona ba dumele hore ke nnete.”

 O ka ba behela mohlala jwang?

 Bana ba ithuta ho batswadi. Ka hoo, ke habohlokwa hore motswadi a nahane pele a bua kapa a etsa ntho e itseng. Ka mohlala:

  •   Na o ke o etse metlae e phoqang ka batho ba merabe e meng kapa hona ho ba nyatsa? Mokgatlo wa American Academy of Child and Adolescent Psychiatry o re: “Bana ba hao ba o shebile ebile ba o mametse mme ba etsisa tsela eo o etsang dintho ka yona.”

  •   Na o thabela ho ba le batho ba tswang dinaheng tse ding? Alanna Nzoma eo e leng ngaka ya bana o re: “Haeba o batla hore bana ba hao . . . e be metswalle ya batho ba tswang dinaheng tse ding, ba lokela ho o bona o ena le batho ba tswang dinaheng tse ding.”

“Le hlomphe batho ba mefuta yohle.”​—1 Petrose 2:17.

 Katarina o re: “Ka dilemo tse ngata lelapa leso le ne le amohela baeti ba tswang dinaheng tse ding. Re ile ra ithuta ka dijo le mmino wa bona ebile re ne re apara le diphahlo tsa bona tsa setso. Ha re ne re bua le bana ba rona re ne re bua ka batho eseng ka morabe wa bona. Hape re ne re sa bue ka setso sa rona eka se bohlokwa ho feta sa batho ba bang.”

 O ka thusa ngwana wa hao jwang ha a kgethollwa?

 Le hoja batho ba bangata ba bua ka hore batho ba lokela ho tshwarwa ka tsela e tshwanang, ho na le kgethollo e ngata lefatsheng. Taba ena e bolela hore ngwana wa hao a ka se tshwarwe hantle, haholoholo haeba setso kapa morabe wa hae o kgellwa fatshe. Ha seo se etsahala . . .

 Batla dintlha kaofela. Na motho eo o ne a ikemiseditse ho tshwara ngwana wa ka hampe kapa o ne a mpa feela a sa nahana pele a bua? (Jakobo 3:2) Na ho hlokahala hore ho buuwe le motho eo kapa le ka iphapanyetsa se etsahetseng?

 Ke habohlokwa hore o be le tekatekano. Bibele e fana ka keletso e bohlale, e reng: “O se ke wa potlakela ho kgopeha.” (Moeklesia 7:9) Kgethollo ke bothata bo atileng empa sena ha se bolele hore nako le nako ha motho a o tshwara hampe o o hloile kapa o na le kgethollo.

 Ke nnete hore maemo a a fapana. Ka hoo, batla hore na ho etsahetseng pele o nka kgato.

“Mang kapa mang ya arabang taba pele a utlwa dintlha kaofela ke sethoto ebile o a itlotlolla.”​—Diproverbia 18:13.

 Ha o qeta ho fumana dintlha kaofela, ipotse:

  •   ‘Na ngwana wa ka a ka thuswa ke ho nahana hore batho bohle ba na le kgethollo le hore nako le nako ha a sa tshwarwe hantle ke ka lebaka la morabe wa hae?’

  •   ‘Na keletso ena e hlahang ka Bibeleng e ka tswela ngwana wa ka molemo, e reng: “O se ke wa nkela hloohong mantswe ohle ao batho ba a buang”?’​—Moeklesia 7:21.

“Batho bohle ba ke ba bone hore ha le batho ba tsitlellang maikutlong a lona.”​—Bafilipi 4:5.

 Ho thweng haeba motho eo o entse ka boomo? Thusa ngwana wa hao hore a hlokomele hore ho ho yena hore dintho di mpefale kapa di loke. Ka dinako tse ding motho ya sotlang ngwana wa hao o lebelletse hore ngwana wa hao a etse ho hong. Ho ka ba molemo hore o iphapanyetse se etsahetseng.

“Ha patsi e le siyo mollo o a tima.”​—Diproverbia 26:20.

 Ngwana wa hao a ka bua le motho ya mo utlwisitseng bohloko haeba seo se ke ke sa eba kotsi. Mohlomong a ka re ho motho eo (ka boikokobetso): “Ke nahana hore ntho eo o e buileng (kapa eo o e entseng) e ne e se hantle.”

 Ho thweng haeba o batla ho tlaleha taba ena? Haeba ngwana wa hao a le kotsing kapa ka mabaka a mang a itseng o utlwa hore o ke ke wa iphapanyetsa boemo, bua le matitjhere sekolong kapa o ka bua le mapolesa haeba ho hlokahala.