Fetela boitsebisong

Na Lefatše le Tla Felisoa?

Na Lefatše le Tla Felisoa?

Karabo ea Bibele

 Che, lefatše le ke ke la felisoa, la chesoa kapa la fetoloa. Bibele e ruta hore Molimo o bopile lefatše hore re lule ho lona ka ho sa feleng.

  •   “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ea 37:29.

  •   “[Molimo] o thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng, le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ea 104:5.

  •   “Lefatše le eme esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”​—Moeklesia 1:4.

  •   “ ’Mopi oa lefatše le Moetsi oa lona, Eena Ea le tiisitseng ka thata, ea sa kang a le bopela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi.”​—Esaia 45:18.

Na batho ba tla senya lefatše?

 Molimo a ke ke a lumella batho hore ba senye lefatše ka ho le silafatsa, ka lintoa kapa ka mokhoa leha e le ofe. Ho e-na le hoo, o tla “felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:​18) O tla etsa see joang?

 Molimo o tla felisa mebuso ea batho e sitiloeng ho sireletsa lefatše ’me sebakeng sa eona a hlome ’Muso oa hae o phethahetseng oa leholimo. (Daniele 2:​44; Matheu 6:​9, 10) Morena oa ’Muso oo e tla ba Mora oa Molimo, Jesu Kreste. (Esaia 9:​6, 7) Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a sebelisa matla a hae ka mohlolo ho laola lintho tsa tlhaho. (Mareka 4:​35-​41) Joaloka Morena oa ’Muso oa Molimo, Jesu o tla sebelisa matla a hae ho laola lefatše le lihloliloeng tsa lona. O tla lokisa lefatše le ho le nchafatsa, a le etse hore le tšoane hantle le kamoo serapa sa Edene se neng se le kateng.​—Matheu 19:​28; Luka 23:43.

Na Bibele e ruta hore lefatše le tla felisoa ka mollo?

 Che, hangata batho ba ba le maikutlo ana a fosahetseng ka lebaka la ho se utloisise 2 Petrose 3:​7, e reng: “Maholimo le lefatše tse teng hona joale li boloketsoe mollo.” Bona lintlha tse peli tsa bohlokoa tse re thusang ho utloisisa moelelo oa mantsoe ana:

  1.   Ha Bibele e sebelisa mantsoe ana “leholimo,” “lefatše” le “mollo” ha e bolele ntho e le ’ngoe. Mohlala, Genese 11:1 e re: “Lefatše lohle la tsoela pele le e-na le puo e le ’ngoe.” Mona “lefatše” le bolela batho.

  2.   2 Petrose 3:7 e bontša hore na leholimo, lefatše le mollo li bolela eng moo li sebelisitsoeng. Temana ea 5 le 6 li bontša ho tšoana ha Moroallo oa mehleng ea Noe. Ho na le nako eo mehleng ea pele, lefatše le ileng la felisoa empa polanete ea rona eona ha ea ka ea felisoa. Ho e-na le hoo, Moroallo o ile oa felisa batho ba khopo kapa “lefatše.” (Genese 6:​11) O ile oa boela oa felisa “maholimo” e leng mademona a neng a busa lefatše ka nako eo. Sena se bolela hore ho ile ha felisoa batho ba khopo eseng polanete ea rona. Noe le lelapa la hae ba ile ba pholoha ha ho ne ho felisoa lefatše ’me ka mor’a Moroallo ba ile ba lula hona lefatšeng.​—Genese 8:​15-18.

 Feela joaloka Moroallo oa metsi, timetso kapa “mollo” oo ho buuoang ka oona ho 2 Petrose 3:7 o tla felisa batho ba khopo, eseng polanete ea rona. Molimo o re tšepisa “maholimo a macha le lefatše le lecha” tseo “ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:​13) “Lefatše le lecha” e leng batho, ba tla busoa ke “maholimo a macha” e leng ’Muso oa Molimo. Ha lefatše le busoa ke ’Muso oa Molimo le tla etsoa paradeise.​—Tšenolo 21:​1-4.