Fetela boitsebisong

SE KA THUSANG LELAPA

U ka Etsa’ng Hore u Tlohele Bohale?

U ka Etsa’ng Hore u Tlohele Bohale?

 A re re molekane oa hao o etsa ntho e u koatisang joale u leka ho pata hore u koatile. Empa joale o oa hlokomela hore ha oa thaba ’me oa u botsa hore na u koatetse’ng. Taba ena e u utloisa bohloko le ho feta. U ka laola bohale joang boemong boo?

 U lokela ho tseba’ng

  •   Ho inehella bohale ho ka u kulisa. Liphuputso tse entsoeng li bontša hore ho se laole bohale ho ka baka mafu a kang, la phallo ea mali, lefu la pelo, khatello ea maikutlo le bothata ba tšilo ea lijo. Hape bohale bo ka etsa hore motho a hlobaele bosiu, ba etsa hore a lule a tšoenyehile, ba mo bakela mathata a letlalo kapa bo ka etsa hore a tšoaroe ke setorouku. Ke ka hoo Bibele e reng: “Tlohela bohale ’me u lese khalefo; U se ke ua iponahatsa u halefile hore feela u etse bobe.”​—Pesaleme ea 37:8.

  •   Ho hatella bohale ho ka ba kotsi. Ha motho a itumella ho lula a halefile ho ka ba joalokaha eka o na le lefu le mo jellang ka likobong. Ka mohlala, a ka fetoha moithati a ba a tšoaea batho ba bang liphoso. Motho ea joalo a ka ithatafalletsa bophelo a ba a senya le lenyalo la hae.

 U lokela ho etsa’ng

  •   Sheba makhabane a molekane oa hao. Ngola lintlha tseo u li ratang ka eena, e le hore nakong e tlang ha a u koatisa u ka sheba makhabane ao u a ngotseng ka eena. Ho etsa joalo ho ka ’na ha u thusa ho laola bohale.

     Molao-motheo oa Bibele: “Le iponahatse le le ba lebohang.”​—Bakolose 3:15.

  •    Lula u ikemiselitse ho tšoarela. Leka ho sheba lintho ka tsela eo molekane oa hao a li shebang ka eona. Ha u etsa joalo, u ipeha boemong ba hae ’me u bontša hore u mo ‘utloela bohloko.’ (1 Petrose 3:8) Hape u ka ipotsa hore na molekane oa hao o u koatisitse hoo u ke keng oa mo tšoarela.

     Molao-motheo oa Bibele: ‘Ho hlokomoloha tlolo ke botle ho uena.’​—Liproverbia 19:11.

  •    E ba mosa ha u ntša maikutlo a hao. U ka sebelisa mantsoe a kang “ke”, ka mohlala, ho e-na le hore, “Ha u ’nahanele hobane ha u lieha ho fihla ha u ntetsetse u mpolelle hore na u hokae,” u ka re, “Kea tšoenyeha ha ke bona u lieha ho fihla kea ipotsa hore na moo u leng teng u sireletsehile.” Ha u bua ka tsela ena u tla khona ho laola bohale.

     Molao-motheo oa Bibele: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nokiloeng ka letsoai.”​—Bakolose 4:6.

  •    Mamela ka tlhompho. Ha u qetile ho ntša maikutlo a hao lumella molekane oa hao hore le eena a bue u sa mo kene hanong. Ha a se a qetile ho bua, u ka leka ho pheta lintho tseo a li buileng ho bona hore na oa utloisisa. Ho mamela ho ka u thusa hore u laole bohale.

     Molao-motheo oa Bibele: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua.”​—Jakobo 1:19.