Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Na U Lokela ho Rapela?

Na U Lokela ho Rapela?

U ka ’na ua ipotsa, ‘Haeba Molimo a tseba lintho tsohle, ho akarelletsa le lintho tseo ke li nahanang le tseo ke li hlokang, ke hobane’ng ha ke lokela ho rapela?’ Eo ke potso e utloahalang. Na Jesu ha aa ka a re Molimo o “tseba hore na ke lintho life tseo le li hlokang le pele le mo kōpa”? (Matheu 6:8) Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a hlokomela sena, eaba o re: “Ha ho lentsoe lelemeng la ka, empa, bona! Jehova, u se u ntse u le tseba kaofela.” (Pesaleme ea 139:4) Joale, ke hobane’ng ha re lokela ho rapela Molimo? E le hore re fumane karabo ea potso ena, a re ke re hlahlobe seo Bibele e se buang ka lithapelo tsa barapeli ba Molimo. *

“Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8

 THAPELO E RE ATAMETSA HO MOLIMO

Le hoja Bibele e re Jehova * Molimo o tseba lintho tsohle, e boetse e bontša hore ha a batle feela ho fumana boitsebiso ka barapeli ba hae. (Pesaleme ea 139:6; Baroma 11:33) Mohopolo oa hae o se nang moeli ha o tšoane le k’homphieutha e bolokang boitsebiso ba batho. Ha e le hantle, Molimo o labalabela ho tseba maikutlo a rōna a tebileng hobane o batla hore re atamele haufi le eena. (Pesaleme ea 139:23, 24; Jakobo 4:8) Ke kahoo Jesu a ileng a khothalletsa balateli ba hae hore ba rapele, le hoja Ntate oa hae a tseba hantle lintho tsa bohlokoa tseo re li hlokang. (Matheu 6:6-8) Ha re ntse re bolella Mōpi oa rōna kamoo re ikutloang kateng, re tla atamela haufi le eena.

Ka linako tse ling, ho ka ba thata ho tseba hore na re kōpe eng ha re rapela. Maemong a joalo, Molimo a ka re fa seo re se hlokang esita leha re sa khone ho ntša maikutlo a rōna ka botlalo kaha o tseba hantle seo re se hlokang. (Baroma 8:26, 27; Baefese 3:20) Ha re hlokomela hore ho na le lintho tseo Molimo a re thusitseng ka tsona, esita le ka litsela tse poteletseng, re ikutloa re le haufi le eena.

NA MOLIMO O ARABA LITHAPELO TSOHLE?

Bibele e re tiisetsa hore Molimo ea Matla ’Ohle o araba lithapelo tsa bahlanka ba hae ba tšepahalang, empa e boetse e fana ka mabaka a hore na ke hobane’ng ha a sa arabe lithapelo tse ling. Ka mohlala, nakong eo ho neng ho e-na le ntoa Iseraele ea boholo-holo, Molimo o ile a bolella moprofeta oa hae Esaia hore a bolelle batho ba hae sena: “Esita le hoja le etsa lithapelo tse ngata, ha kea mamela; matsoho a lōna a tletse tšollo ea mali.” (Esaia 1:15) Ho hlakile hore batho ba nkelang melao ea Molimo tlaase kapa ba mo rapelang ka sepheo se fosahetseng, ha baa lokela ho lebella hore Molimo a utloe lithapelo tsa bona.—Liproverbia 28:9; Jakobo 4:3.

Ka lehlakoreng le leng, Bibele e re: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.” (1 Johanne 5:14) Leha ho le joalo, na seo se bolela hore joang kapa joang ntho leha e le efe eo barapeli ba hae ba e kōpang o tla ba fa eona? Che, ha ho joalo! Nahana ka taba ea moapostola Pauluse, ea ileng a kōpa ka tieo ka makhetlo a mararo hore Molimo a tlose “moutloa nameng.” (2 Bakorinthe 12:7, 8) E ka ’na eaba Pauluse o ne a lula a tšoenngoa ke mahlo. Ruri e tlameha ebe seo se ile sa mo nyahamisa! Pauluse o ne a e-na le mpho ea ho folisa ’me o ile a ba a tsosa le motho ea neng a shoele, empa o ile a tlameha ho mamella boloetse boo a neng a e-na le bona. (Liketso 19:11, 12; 20:9, 10) Le hoja lithapelo tsa Pauluse li sa ka tsa arajoa ho latela kamoo a neng a batla kateng, o ile a ananela tsela eo Molimo a ileng a arabela thapelo ea hae ka eona.—2 Bakorinthe 12:9, 10.

“Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.”—1 Johanne 5:14

Ke ’nete hore lithapelo tsa batho ba bang ba hlahang ka Bibeleng li ile tsa arajoa ka mohlolo. (2 Marena 20:1-7) Esita le mehleng ea Bibele, Molimo o ne a sa arabe lithapelo ka tsela eo. Balumeli ba bang ba ile ba utloa bohloko ha ho bonahala eka Molimo o ne a sa ka a arabela lithapelo tsa bona. Morena Davida o ile a botsa: “Jehova, u tla ntebala halelele hakae? Ka ho sa feleng?” (Pesaleme ea 13:1) Empa ha Davida ea tšepahalang a hlokomela kamoo Jehova a ’nileng a mo pholosa kateng, o ile a tšepa Molimo le ho feta. Thapelong eona eo, Davida o ile a phaella ka ho re: “Ha e le ’na, ke tšepile mosa oa hao o lerato.” (Pesaleme ea 13:5) Joaloka Davida, kajeno ho ka ’na ha hlokahala hore barapeli ba Molimo ba phehelle thapelong ho fihlela ba lemoha hore Molimo o arabela likōpo tsa bona.—Baroma 12:12.

 KAMOO MOLIMO A ARABELANG LITHAPELO

Molimo o re fa lintho tseo re hlileng re li hlokang.

Hase kamehla batsoali ba ratang bana ba bona ba ba fang seo ba se kōpang ka nako eo ba se kōpang ka eona ’me ba etsa seo ka mabaka a utloahalang. Ka ho tšoanang, Molimo a ka ’na a se ke a arabela lithapelo tsa rōna ka tsela eo re nahanang hore o lokela ho li arabela ka eona, kapa ka nako eo re e lebeletseng. Empa re ka kholiseha hore joaloka ntate ea lerato, ’Mōpi oa rōna o tla re fa lintho tseo re hlileng re li hlokang ka nako e nepahetseng le ka tsela e nepahetseng.—Luka 11:11-13.

Molimo a ka sebelisa Bibele ho re arabela ha re kōpa thuso

Molimo a ka ’na a arabela ka litsela tse sa totobalang.

Leha ho le joalo, re ka etsa’ng haeba re rapella hore bothata bo itseng bo ntseng bo tsoela pele bo fele? Na re ka fihlela qeto ea hore hobane feela Jehova a sa re arabele ka mohlolo, ha aa arabela ho hang? Ho e-na le hoo, re lokela ho nahana hore na ebe Molimo ha a arabele lithapelo tsa rōna ka tsela e sa totobalang na. Ka mohlala, mohlomong motsoalle ea u ratang o ile a u thusa ka nako eo u neng u hloka thuso ka eona. (Liproverbia 17:17) Na ho ka etsahala hore ebe Jehova o susumelitse motsoalle eo hore a u thuse? Ho phaella moo, ha re kōpa thuso, Molimo a ka ’na a sebelisa Bibele ho re arabela. Ha re e bala, re khona ho utloisisa hore na re ka sebetsana joang le mathata.—2 Timothea 3:16, 17.

Molimo a ka ’na a sebelisa metsoalle hore e re thuse ka nako eo re hlileng re hlokang thuso

Ho e-na le hore a tlose mathata a rōna, hangata Molimo o fa batho ba hae matla ao ba a hlokang hore ba mamelle. (2 Bakorinthe 4:7) Ka mohlala, ha Jesu a ne a kōpa Ntate oa hae hore a tlose teko eo a neng a tšoha hore e tla tlisa thohako lebitsong la Molimo, Jehova o ile a romela lengeloi hore le matlafatse Mora oa hae. (Luka 22:42, 43) Ka ho tšoanang, Molimo a ka ’na a sebelisa motsoalle ea haufi hore a re khothatse ka nako eo re hlileng re hlokang khothatso ka eona. (Liproverbia 12:25) Ka lebaka la hore karabelo ena ha ea totobala, re lokela ho ba seli e le hore re lemohe tsela eo Molimo a arabelang lithapelo tsa rōna ka eona.

Lithapelo tse ling li lokela ho leta ho fihlela Molimo a li araba ka nako e loketseng.

Bibele e re Molimo ea Matla ’Ohle o bontša batho ba ikokobelitseng mohau ka ‘nako e loketseng.’ (1 Petrose 5:6) Kahoo haeba re bona eka Molimo o lieha ho araba lithapelo tseo re li etsang ka tieo seo hase bolele hore Jehova ha a na taba le rōna. Ho e-na le hoo, kaha o tseba lintho tsohle, ’Mōpi oa rōna ea re ratang o hlahloba likōpo tsa rōna a shebile hore na ke’ng se molemohali bakeng sa rōna.

“Ka hona, le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo, e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng.”—1 Petrose 5:6

Ka mohlala: A re re mora oa hao e monyenyane o batla hore u mo rekele baesekele. Na u ne u tla mo rekela u sa inahana pele? Haeba u bona hore ha a e-s’o hōle ka ho lekaneng hore a ka palama baesekele, u ka ’na ua etsa qeto ea ho mo rekela hamorao. Leha ho le joalo, qetellong u ka ’na ua mo rekela haeba u bona seo se le molemo. Ka tsela e tšoanang, haeba u tsoela pele u rapela, Molimo a ka u fa “tseo pelo ea hao e li kōpang” ka nako e loketseng.—Pesaleme ea 37:4.

KHOLISEHA HORE JEHOVA O OA MAMELA

Bibele e khothalletsa Bakreste hore ba tsoele pele ho nka thapelo e le ntho ea bohlokoa. Ba bang ba ka ’na ba bolela hore ho thata ho etsa joalo. Ke ’nete hore haeba u ntse u mameletse mathata a sa eeng moriting kapa ho tšoaroa ka ho hloka toka, ho ka ba thata ho emela hore Molimo a u arabe. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola seo Jesu a ileng a se ruta mabapi le hore re phehelle thapelong.

Jesu o ile a pheta papiso ea mohlolohali ea futsanehileng ea ileng a tsoela pele a e-ea ho moahloli ea neng  a le leeme e le hore a fumane toka. (Luka 18:1-3) Le hoja qalong moahloli a ile a hana ho mo thusa, qetellong o ile a ipolella a re: “Ke tla tiisa hore o fumana toka, e le hore a tle a se ke a ’na a tla ’me a nteteka ka ho feletseng.” (Luka 18:4, 5) Ho latela temana ena ka Segerike, moahloli eo o ile a mamela mohlolohali eo e le hore a se ke “a [mo] senya lebitso.” * Haeba moahloli ea se nang toka a ka thusa mohlolohali ea futsanehileng hobane a tšaba seo batho ba tla se nahana ka eena, ho hlakile hore Molimo oa rōna ea lerato o tla fa “ba hoeletsang ho eena bosiu le motšehare” toka. Joalokaha Jesu a bontšitse, Molimo “o tla etsa hore ba etsetsoe toka ka potlako.”—Luka 18:6-8.

“Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa.”—Luka 11:9

Le hoja ka linako tse ling re khathala ke ho kōpa thuso kapa ho kōpa ho bontšoa mohau, ha rea lokela ho tela. Ha re phehella thapelong, re bontša hore ka sebele re lakatsa ho bona Molimo a re thusa. Re boetse re ithuta ho lemoha kamoo Molimo a arabelang likōpo tsa rōna kateng ’me seo se tla etsa hore re atamele haufi le eena. Ka sebele re ka kholiseha hore Jehova o tla araba lithapelo tsa rōna haeba re tsoela pele re mo kōpa ka tumelo.—Luka 11:9.

^ ser. 3 Haeba re batla hore Molimo a mamele lithapelo tsa rōna, re lokela ho ikitlaetsa hore re etse seo a se hlokang ho rōna. Haeba re etsa joalo, re tla bona kamoo thapelo e leng matla kateng, joalokaha sehlooho sena se tla bua ka eona. E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 17 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 5 Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.

^ ser. 22 Mehleng ea Bibele, Molimo o ne a lebeletse hore baahloli ba Baiseraele ba fe bahlolohali le likhutsana tlhokomelo e khethehileng.—Deuteronoma 1:16, 17; 24:17; Pesaleme ea 68:5.