Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Taiwan

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Taiwan

HOO e ka bang lilemong tse hlano tse fetileng Choong Keon le Julie e leng banyalani ba ka bang lilemo li 35 e ne e le bo-pula-maliboho ba kamehla Sydney, Australia. Choong Keon o re: “Re ne re sebetsa mosebetsi oa nakoana ’me bophelo bo lumetse. Moo re neng re lula teng boemo ba leholimo bo ne bo le botle ’me re phela hamonate. Re ne re thabela ho ba haufi le beng ka rōna le metsoalle.” Ho ntse ho le joalo ho ne ho e-na le ntho e tšoenyang Choong Keon le Julie. Ba ne ba tšoenngoa ke’ng? Ba ne ba tseba hore boemo ba bona bo ba lumella ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova empa ba le leqe ho nka bohato.

Ha ba le kopanong ka 2009 ho ile ha fanoa ka puo e ileng ea ba ama maikutlo. Sebui se ile sa bua le ba ka khonang ho atolosa tšebeletso ea bona, sa re: “Nahana ka mohlala ona: Mokhanni a ka ’na a tjekisetsa koloi ea hae ka ho le letšehali kapa ka ho le letona empa a ka etsa joalo hafeela koloi e tsamaea. Ka tsela e tšoanang, Jesu ke eena ea re tataisang hore re eketse tšebeletso ea rōna, empa o etsa joalo hafeela re nka mehato e tobileng re ikitlaelletsa ho finyella lipakane tsa rōna.” * Banyalani bana ba ile ba utloa eka sebui se bua le bona ka ho toba. Hona kopanong eo ho ile ha buisanoa le banyalani bao e leng baromuoa Taiwan. Ba ile ba bua kamoo tšebeletso e ba tlisetsang thabo kateng le hore masimo a soeufetse. Le hona moo, Choong Keon le Julie ba ile ba ’na ba ikutloa eka ho ntse ho buuoa le bona.

Julie o re: “Ka mor’a kopano eo re ile ra rapela Jehova hore a re fe sebete e le hore re ka fallela Taiwan.” O tsoela pele ho re: “Empa re ne re tšaba. Re ikutloa eka re ke ke ra khona.” Lengolo le ileng la ba thusa ke Moeklesia 11:4, le reng: “Ea shebellang  moea a ke ke a jala peō; ’me ea talimang maru a ke ke a kotula.” Choong Keon o re: “Re ile ra etsa qeto ea ho khaotsa ‘ho shebella moea’ ’me ra qala ‘ho jala le ho kotula.’” Ba ile ba rapela ba sa phetse, ba bala liphihlelo tsa baromuoa, ba ngollana li-e-mail tse ngata le ba seng ba ntse ba sebeletsa Taiwan, ba rekisa likoloi le fenishara ’me ka mor’a likhoeli tse tharo ba fallela Taiwan.

THABO E TLISOANG KE HO BOLELA

Hona joale bara le barali babo rōna ba ka holimo ho 100 ba tsoang linaheng tse ling ba sebeletsa Taiwan, libakeng tseo ho nang le tlhokahalo e khōlō ea baboleli ba ’Muso ho tsona. Ba tsoa Australia, Brithani, Canada, Fora, Japane, Korea, Spain le United States, ’me lilemo tsa bona li pakeng tsa tse 21 le tse 73. Har’a bona ho na le baralib’abo rōna ba sa nyaloang ba ka bang ka holimo ho 50. Ebe ke eng se thusitseng bara le barali baa babo rōna ba chesehang ho ea sebeletsa naheng e ’ngoe? A re fumaneng lebaka.

Laura

Morali’abo rōna ea bitsoang Laura, oa Canada, o sebeletsa e le pula-maliboho Taiwan boroa. Lilemong tse leshome tse fetileng o ne a sa rate mosebetsi oa boboleli. Laura o re, “Ke ne ke ikela tšimong feela tjee.” Eaba metsoalle ea hae ea Canada e mo kōpa hore a e’o qeta khoeli le eona Mexico ho ea bolela. “Lena e ne e le lekhetlo la pele ke qeta nako e ngata tšimong, ruri ke ile ka natefeloa!”

Phihlelo ena e monate e ile ea susumetsa Laura hore a nahane ho ea kopanela phuthehong e buang puo e ’ngoe Canada. O ile a ithuta Sechaena, a thusa sehlopha se buang Sechaena eaba o ipehela pakane ea ho fallela Taiwan eo a ileng a e finyella ka September 2008. Laura o re: “Ho nkukile selemo hore ke tloaele sebaka, empa hona joale ha ke sa batla ho khutlela Canada.” O ikutloa joang ka mosebetsi oa boboleli? O re, “O oa thabisa. Ha ho na ntho e monate joaloka ho bona liithuti tsa Bibele li fetola bophelo ba tsona ha li ntse li ithuta ka Jehova. Ho  sebeletsa Taiwan ho mphile monyetla oa hore ke latsoe thabo ena ka makhetlo a mangata.”

HO SEBETSANA LE BOTHATA BA PUO

Brian le Michelle

Brian le Michelle e leng banyalani ba tsoang United States ba ka bang lilemo li 35 ba ile ba fallela Taiwan lilemong tse robeli tse fetileng. Qalong ba ne ba ikutloa eka ha ba kopanele ka botlalo tšebeletsong. Empa moromuoa e mong ea nang le phihlelo o ile a re ho bona: “Le lokela ho hopola hore le haeba le ka fa motho pampitšana feela, e ka ’na eaba ke lekhetlo la pele motho eo a amohela molaetsa o buang ka Jehova. Kahoo le se le ntse le phetha mosebetsi oa bohlokoa!” Mantsoe ao a khothatsang a ile a thusa Brian le Michelle hore ba se ke ba tela. Mor’abo rōna e mong eena o ile a re ho bona: “E le hore le se ke la soetseha ha le ntse le ithuta Sechaena, le se ke la lekanya khatelo-pele ea lōna ka matsatsi empa le e lekanye ka likhoeli.” Ruri ba ile ba hatela pele ’me hona joale ke bo-pula-maliboho ba atlehang.

Ke eng e ka u susumetsang hore u ithute puo e ’ngoe? Etela naheng eo u lakatsang ho sebeletsa ho eona. E-ea libokeng, thabela setsoalle le bara le barali babo rōna ba sebakeng seo ’me u kopanele le bona tšebeletsong ea tšimo. Brian o re: “Ha u se u bone kamoo batho ba bangata ba amohelang molaetsa oa ’Muso kateng le kamoo bara le barali babo rōna ba u tsotellang, seo se tla u susumelletsa hore u ikemisetse ho ea sebeletsa naheng e ’ngoe.”

BA IPHELISA KA TSELA EFE?

Kristin le Michelle

Barab’abo rōna ba bangata ba sebeletsang libakeng tseo ho nang le tlhokahalo ho tsona Taiwan, ba iphelisa ka ho ruta Senyesemane. Kristin le Michelle ba rekisa litlhapi. Kristin o re, “Ke ne ke qala ho rekisa litlhapi empa mosebetsi ona o ’nolofalletsa hore ke ’ne ke lule naheng ena.” Ha nako e ntse e ea, Kristin o ile a fumana batho ba rekang litlhapi kamehla. Mosebetsi ona oa nakoana o thusa Kristin le mosali oa hae hore ba iphelise ’me o ba fa nako e lekaneng ea ho etsa mosebetsi oo ba o tletseng moo e leng ho bula maliboho kapa ho tšoasa batho.

“THABELA TŠEBELETSO”

William le Jennifer, e leng banyalani ba tsoang United States, ba fihlile Taiwan lilemong tse supileng tse fetileng. William o re: “Ka linako tse ling ho ithuta puo, ho bula maliboho, ho hlokomela phutheho le ho etsa mosebetsi oa boipheliso ho ne ho e-ba boima.” Ke’ng e ba thusitseng hore ba atlehe le ho lula ba thabile? Ba ipehela lipakane tseo ba ka li finyellang. Ka mohlala nakong eo ba neng ba ntse ba ithuta Sechaena ba ne ba sa ipehele lipakane tseo ba ke keng ba li finyella ’me seo se ile sa etsa hore ba se ke ba nyahama ha tsoelo-pele ea bona e lieha.

William le Jennifer

William o hopola seo molebeli e mong ea tsamaeang a ileng a mo bolella sona ha a re; “Ha le ntse le ithuta bophelo ba sebakeng se secha, le thabele tšebeletso.” Ka mantsoe a mang, ka mor’a hore re ipehele lipakane tsa moea re lokela ho thabela mehato eo re e nkang ho li finyella. William o re ho sebelisa keletso ena ho ba thusitse hore e be batho ba tenyetsehang, ba mamelang likeletso tsa barab’abo rōna ba ikarabellang le ho fetola tsela eo ba etsang lintho ka eona e le hore ba atlehe tšebeletsong. O oa phaella, “Ho boetse ho re thusitse hore re iphe nako ea ho thabela botle ba sehlekehleke seo re sebeletsang ho sona.”

Joaloka William le Jennifer, Morali’abo rōna Megan, e leng pula-maliboho oa lesoha ea tsoang United States, o ‘thabela tšebeletso’ ha a ntse a ithuta ho bua Sechaena phollatsi. Mafelo-bekeng o tsamaea le bahoeletsi ba bang ho ea bolela boema-kepeng ba Kaohsiung, bo boholo ka ho fetisisa Taiwan. O khonne ho bolela litaba tse molemo likepeng tse sa tšoaneng le ho pakela batšoasi ba litlhapi ba tsoang Bangladesh, India, Indonesia, Philippines, Thailand le Vanuatu. “Kaha batšoasi bana ba litlhapi ha ba  lule mona nako e telele re qalisa lithuto tsa Bibele le bona hang-hang. E le hore ke ba finyelle kaofela, hangata ke ithuta le ba bane kapa ba bahlano ka nako.” O se a le bohōleng bofe ka ho ithuta Sechaena? O re, “Ekare nka ithuta kapele empa ke leka ho ikhopotsa seo mor’abo rōna a kileng a mpolella sona ha a re, ‘Etsa sohle seo u ka se khonang ’me Jehova o tla u thusa.’”

Megan

POLOKEHO LE BOPHELO BO KHOTSOFATSANG

Pele Cathy, ea tsoang Brithani a fallela naheng e ’ngoe, o ile a batlisisa hore na ke sebaka sefe se sireletsehileng seo morali’abo rōna oa lesoha a ka sebeletsang ho sona. O ile a bolella Jehova seo a amehileng ka sona, a ngolla liofisi tsa makala tse ’maloa ho botsa hore na ke libaka life tse sireletsehileng bakeng sa baralib’abo rōna ba masoha. Ka mor’a moo o ile a hlahloba ka hloko likarabo tseo a li fumaneng eaba o etsa qeto ea ho ea Taiwan.

Ka 2004 ha Cathy a le lilemo li 31, o ile a fallela Taiwan ’me a phela bophelo bo itekanetseng. O re: “Ke ile ka botsa bara le barali babo rōna hore na ke hokae moo nka rekang meroho le litholoana ka theko e tlaase. Keletso ea bona e ile ea nthusa hore ke boloke chelete.” Ke’ng e mo thusang hore a phele ka tsela e itekanetseng? Cathy o re: “Ke lula ke rapela Jehova hore a nthuse hore ke khotsofalle lijo le liaparo tseo ke nang le tsona. Ke lumela hore Jehova o arabela lithapelo tsa ka ka hore a nthuse ho lemoha lintho tseo ke li hlokang le tseo ke sa li hlokeng.” O phaella ka ho re: “Ke thabela tsela ena eo ke phelang ka eona kaha e ’nolofalletsa ho tsepamisa kelello linthong tsa moea.”

Cathy

Cathy o boetse o thabela seo a se etsang. Ha a hlalosa lebaka o re: “Ke bolela litaba tse molemo moo batho ba teng ba arabelang hantle. Ruri seo sea nthabisa!” Ha a fihla sebakeng seo a neng a il’o sebeletsa ho sona e le pula-maliboho Taiwan, ho ne ho e-na le liphutheho tsa Sechaena tse peli feela empa hona joale li supile. Cathy o boetse o re: “Ho bona keketseho e khōlō e bileng teng le ho nka karolo mosebetsing ona oa kotulo hoa nkhotsofatsa!”

“LE ’NA KE NE KE HLOKOA!”

Ho ntse ho ea joang ka Choong Keon le Julie, bao re buileng ka bona qalong ea sehlooho see? Qalong Choong Keon o ne a ikutloa eka ha a na thuso e kaalo ka phuthehong hobane a sa khone ho bua Sechaena hantle. Empa barab’abo rōna ba moo ba ne ba sa nahane joalo. Choong Keon o re: “Kaha ke ne ke le mohlanka ea sebeletsang ha phutheho ea rōna e aroloa ke ile ka fuoa boikarabelo bo eketsehileng. Ke ile ka elelloa hore ke sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo.” O bua ka pososelo o re: “Ke ile ka thabela ho tseba hore le ’na ke ne ke hlokoa!” Kajeno ke moholo. Julie o eketsa ka ho re: “Ha re e-s’o ka re thaba le ho khotsofala hakana haesale. Re ne re tletse ho tla thusa mona empa ke rōna ba ruileng molemo haholo. Re leboha Jehova hore ebe o re lumeletse ho sebeletsa mona!”

Libakeng tse ngata ho hlokahala basebetsi ba eketsehileng mosebetsing oa kotulo. Na u mothating oa ho qeta sekolo ’me u ua ipotsa hore na u etse’ng bophelong? Na u lesoha ’me u lakatsa ho sebelisoa haholoanyane mokhatlong oa Jehova? Na u ka rata ho siela lelapa la hao lefa le enneng tšebeletsong ea Jehova? Na u pensheneng, ’me u na le phihlelo eo u ka ratang ho e arolelana le ba bang? Haeba u etsa qeto ea ho sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba eketsehileng ba ’Muso u ka kholiseha hore u letetsoe ke mahlohonolo a mangata.

^ ser. 3 Sheba buka ea “Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo, khaolo ea 16, serapa sa 5-6.