Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

“Jerusalema” eo ho buuoang ka eona ho Esaia 60:1 ke eng, hona e ile ea “tsoha” le ho “khantša leseli” joang?

Esaia 60:1 e re: “Tsoha, uena Jerusalema, khantša leseli kaha leseli la hao le tlile. Khanya ea Jehova e khanya holim’a hao.” Motse oa “Jerusalema” kapa Sione e ne e le motse-moholo oa Juda ea ka nako eo. (Esa. 60:14; 62:1, 2) Motse oa Jerusalema o ne o emela sechaba sohle sa Iseraele. Mantsoe a Esaia a phahamisa lipotso tse peli tse latelang: Ea pele, ke neng hona ke joang Jerusalema e ileng ea “tsoha” ’me ea khantša leseli? Ea bobeli, na mantsoe a Esaia aa phethahala mehleng ee ea rona?

Jerusalema e ile ea “tsoha” neng hona joang hore e khantše leseli la moea? Jerusalema le tempele ea eona e ile ea lula e le lithako ha Bajuda ba ntse ba le botlamuoeng Babilona ka lilemo tse 70. Empa ka mor’a hore Babilona e hloloe ke Bamede le Bapersia, Baiseraele bohle ba neng ba tsoa hohle ’Musong oa Babilona ba ne ba lokolohile ho khutlela naheng ea habo bona le ho tsosolosa borapeli ba ’nete. (Esdr. 1:1-4) Ho tloha ka selemo sa 537 B.C.E., masala a tšepahalang a tsoang melokong eohle e 12 a ile a tsosolosa tempele. (Esa. 60:4) A ile a qala ho etsetsa Jehova mahlabelo, a e-ba le mekete le ho tsosolosa tempele. (Esdr. 3:1-4, 7-11; 6:16-22) Khanya ea Jehova e ile ea boela ea khantšetsa Jerusalema e leng batho ba Molimo. Ba ile ba fetoha mohloli oa leseli ho batho ba neng ba sa tsebe Molimo.

Leha ho le joalo, ke karolo e itseng feela ea boprofeta ba Esaia e ileng ea phethahala ka nako eo. Boholo ba Baiseraele ha boa ka ba tsoela pele bo mamela Molimo. (Neh. 13:27; Mal. 1:6-8; 2:13, 14; Mat. 15:7-9) Hamorao, ba ile ba latola Mesia e leng Jesu Kreste. (Mat. 27:1, 2) Jerusalema e ile ea felisoa hape ka selemo sa 70 C.E.

Jehova o ile a bolela esale pele hore seo se ne se tla etsahala. (Dan. 9:24-27) Ho hlakile hore e ne e se morero oa hae hore Jerusalema e phethahatse boprofeta bohle bo hlahang ho Esaia khaolo ea 60.

Na mantsoe a Esaia a phethahala haholoanyane mehleng ee? E, ho joalo empa a phethahala ho “Jerusalema e leholimong.” Moapostola Pauluse o ile a re ka eona: “Ke ’mè oa rona.” (Bagal. 4:26) Jerusalema e leholimong, ke karolo ea mokhatlo oa Molimo o entsoeng ka mangeloi a tšepahalang. Bana ba eona ke Jesu le Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000 ba nang le tšepo ea ho ea leholimong joaloka Pauluse. Bakreste ba tlotsitsoeng ke “sechaba se halalelang” e leng “Iseraele ea Molimo.”—1 Pet. 2:9; Bagal. 6:16.

Jerusalema e leholimong e ile ea “tsoha” le ho “khantša leseli” joang? E ile ea etsa joalo e sebelisa bana ba eona ba tlotsitsoeng ba lefatšeng. Bapisa le se ileng sa etsahalla bana ba eona le boprofeta bo ho Esaia khaolo ea 60.

Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba lokela ho “tsoha” hobane ba ne ba le lefifing la moea ka lebaka la bokoenehi bo bileng teng ka mor’a hore baapostola bohle ba hlokahale. (Mat. 13:37-43) Ka nako eo, ba ile ba e-ba tlas’a puso ea Babilona e Moholo e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Batlotsuoa e ile ea e-ba batšoaruoa ho fihlela ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho’, e qalileng ka selemo sa 1914. (Mat. 13:39, 40, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang) Nakoana ka mor’a moo, ka selemo sa 1919, ba ile ba lokolloa ’me hang-hang ba ile ba qala ho khantša khanya ka hore ba bolele litaba tse monate tsa ’Muso. a Ho theosa le lilemo batho ba tsoang lichabeng tsohle le bona ba ile ba khantšetsoa leseli ho akareletsa le batlotsuoa ba neng ba ntse ba le teng ba Iseraele ea Molimo e leng “marena” ao ho buuoeng ka ’ona ho Esaia 60:3.—Tšen. 5:9, 10.

Nakong e tlang, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla khantša leseli le tsoang ho Jehova haholoanyane. Joang? Ha ba se ba hlokahetse, e tla ba karolo ea “Jerusalema e Ncha” kapa monyaluoa oa Kreste e leng ba 144 000 bao e tla ba marena le baprista.—Tšen. 14:1; 21:1, 2, 24; 22:3-5.

Jerusalema e Ncha e tla phetha karolo ea bohlokoa ho phethahatsa lengolo la Esaia 60:1. (Bapisa Esaia 60:1, 3, 5, 11, 19, 20 le Tšenolo 21:2, 9-11, 22-26.) Joalokaha Jerusalema e neng e le lefatšeng e ne e le ’muso oa Iseraele ea khale, Jerusalema e Ncha le Kreste e tla ba ’muso o mocha oa lefatše le lecha. Ke joang Jerusalema e Ncha e tla “theoha leholimong [e] tsoa ho Molimo”? Ka ho lebisa tlhokomelo ea eona lefatšeng. “Khanya ea eona e tla khantša litsela” tsa batho ba hlomphang Molimo ba tsoang lichabeng tsohle. Ba ke ke ba hlola ba e-ba le sebe kapa ba e-shoa. (Tšen. 21:3, 4, 24) Seo se tla fella ka hore “ho nchafatsoe lintho tsohle” joalokaha Esaia le baprofeta ba bang ba boletse. (Lik. 3:21) Mosebetsi oa ho nchafatsa lintho o qalile ha Kreste e qala ho ba Morena ’me o tla fela ha Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete e fela.

a Ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete ho ileng ha etsahala ka 1919 ho boetse ho buuoa ka hona lengolong la Ezekiele 37:1-14 le la Tšenolo 11:7-12. Ezekiele o ile a bolela esale pele hore Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba tla tsosolosa borapeli ba ’nete ka mor’a hore e be batšoaruoa ka nako e telele. Boprofeta bo ho Tšenolo bo bua ka ho tsoaloa hape ha sehlopha se senyenyane sa bara ba bo rona ba tlotsitsoeng, ba ileng ba etella pele ka mor’a hore ba thibeloe ho sebeletsa Jehova ka nakoana ka lebaka la ho koalloa teronkong. Ka 1919, bara bao ba bo rona ba ile ba khethoa hore e be “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale.”—Mat. 24:45; sheba Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete, leq. 118.