Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Thusoa ke Eng Hore u Tloaele Phutheho e Ncha?

U ka Thusoa ke Eng Hore u Tloaele Phutheho e Ncha?

NA U kile oa fallela phuthehong e ncha? Haeba ho joalo, mohlomong u tla lumellana le Jean-Charles, ea reng: “Ha uena le ba lelapa la hao le fallela phuthehong e ncha, ho ba thata hore le tloaele phutheho eo. Ka nako e tšoanang u tlameha hore u etse bonnete ba hore ba lelapa la hao kaofela ba lula ba e-na le kamano e matla le Jehova.” Ho ekelletsa moo, ha u falla u ka ’na oa tlameha hore u batle mosebetsi o mocha, moo le tla lula teng, mohlomong u batlele bana ba hao moo ba tla kena sekolo teng, u tloaelane le maemo a leholimo, setso sa moo le tšimo ea teng.

Nicolas le Céline ba ile ba teana le bothata bo fapaneng. Ba ile ba amohela kabelo e neng e tsoa lekaleng la Fora ea hore ba ee phuthehong e ncha. Ba re: “Qalong re ne re thabile haholo empa re ile ra qala ho hopola metsoalle ea rona. Re ne re e-s’o ka re tloaelana haholo le bara le barali ba bo rona ba phutheho e ncha.” a Kaha ho ka ba boima, u ka etsa’ng hore u thabe le hore u atlehe phuthehong eo e ncha? Ba bang ba ka etsa’ng ho u thusa? Hape batho ba bang ba ka u khothatsa joang ’me uena u ka ba khothatsa joang?

MELAO-MOTHEO E MENE E KA U THUSANG HORE U TLOAELE PHUTHEHO E NCHA

Itšetlehe ka Jehova

1. Itšetlehe ka Jehova. (Pes. 37:5) Kazumi ea lulang Japane, o ile a tloha phuthehong eo a neng a kopanela ho eona ka lilemo tse 20 ha mohatsa oa hae a ne a fumana mosebetsi sebakeng se seng. O ile a “tsebisa Jehova tsela ea [hae]” joang? O re: “Ke ile ka tšollela pelo ea ka ho Jehova, ka mo bolella kamoo ke tšohileng kateng le kamoo ho leng bolutu kateng. Nako e ’ngoe le e ’ngoe ha ke bua le Jehova, o ne a mpha matla ao ke a hlokang.”

U ka itšetleha ka Jehova haholoanyane joang? Semela se hloka metsi le limatlafatsi tse tsoang mobung hore se khone ho hola. Ka tsela e tšoanang, tumelo ea rona e hloka metsi le limatlafatsi tsa tšoantšetso hore e khone ho ba matla. Nicolas eo re buileng ka eena o re ho nahanisisa ka mohlala oa Abrahama, Jesu le Pauluse e leng banna ba ileng ba itella ho etsa thato ea Molimo, ho ile ha etsa hore a kholisehe le ho feta hore Jehova o tla mo tšehetsa. Ho bala Bibele kamehla ho tla u thusa hore u sebetsane le mathata bophelong hape ho tla u thusa hore u khothatse batho ba bang phuthehong e ncha ka lintho tseo u ithutileng tsona Bibeleng.

U se ke oa bapisa liphutheho

2. U se ke oa bapisa phutheho e ncha le ea khale. (Moek. 7:10) Ha Jules a tloha Benin a fallela Amerika, o ile a tlameha ho tloaela setso se fapaneng hole le sa hae. O re: “Ke ne ke utloa eka ke tlameha ho bolella motho e mong le e mong eo ke kopanang le eena ka bophelo ba ka.” Kahoo, o ile a qala ho itšehla thajana hobane ntho ena e ne e fapane hole le seo a se tloaetseng. Leha ho le joalo, ka mor’a hore a tsebe bara le barali ba bo rona, o ile a fetola tsela eo a nahanang ka eona. O re: “Batho baa itšoanela hohle lefatšeng. Empa feela ba bua le ho etsa lintho ka litsela tse fapaneng. Ho molemo hore re amohele batho ka tsela eo ba leng ka eona.” Kahoo, qoba ho bapisa phutheho e ncha eo u leng ho eona le ea khale. Morali oa bo rona oa pula-maliboho, Anne-Lise, o re: “Ke falleletse sebakeng se seng hobane ke batla ho ithuta lintho tse ncha, eseng hobane ke ne ke tšepa hore ke tla fumana lintho li tsoana hantle le tsa moo ke tsoang teng.”

Baholo le bona ba lokela ho qoba ho bapisa phutheho eo ba tsoang ho eona le e ncha. Hobane feela lintho li etsoa ka tsela e fapaneng le eo li neng li etsoa ka eona phuthehong eo u neng u le ho eona, ha ho bolele hore li fosahetse. Ho molemo hore u ithute lintho pele u ka tla ka litlhahiso. (Moek. 3:1, 7b) E ka ba hantle hore u behele bara ba bo rona mohlala ho e-na le ho ba qobella hore ba nahane joaloka uena.—2 Bakor. 1:24.

Phathahana

3. Phathahana phuthehong ea hao e ncha. (Bafil. 1:27) Le hoja ho fallela sebakeng se seng ho hloka nako e ngata ebile ho se bonolo, ho bohlokoa hore u ee libokeng ka seqo phuthehong ea hao e ncha haeba ho khoneha ’me u etse seo hang-hang. Bara le barali beno ba phutheho e ncha ba tla u thusa joang haeba ho se na mohla ba u bonang kapa ba u bona seoelo? Morali oa bo rona Lucinda ea ileng a fallela toropong e kholo Afrika Boroa le barali ba hae ba babeli, o re: “Metsoalle ea ka e ile ea nkeletsa hore ke amehe haholo ka ho tloaelana le batho ka phuthehong, ho sebetsa le bona tšimong le ho araba libokeng. Re ile ra boela ra lumella bara le barali ba bo rona hore ba sebelise ntlo ea rona bakeng sa liboka tsa tšimo.”

Ho “tšehetsana” le bara le barali beno ba phutheho e ncha ha le etsa mesebetsi ea phutheho, ke tsela e ntle haholo ea ho kenya letsoho ‘tumelong litabeng tse monate.’ Baholo ba ile ba khothalletsa Anne-Lise, eo re buileng ka eena pejana, hore a leke ho ea tšimong le motho e mong le e mong ka phuthehong. Phello e ile ea e-ba efe? O re: “Kapele-pele ke ile ka hlokomela hore ena ke eona tsela ea hore ke ikutloe ke le karolo ea phutheho.” Hape ha u ithaopela hore u etse lintho tse kang ho hloekisa Holo ea ’Muso le ho e hlokomela, seo se bontša bara le barali beno hore u nka phutheho ena e se e le ea heno. Ha u ntse u tsoela pele ho nka karolo mesebetsing ena, bara le barali beno ba tla u tloaela ’me le uena u tla ikutloa u le karolo ea lelapa leno le lecha.

Etsa metsoalle e mecha

4. Etsa metsoalle e mecha. (2 Bakor. 6:11-13) Mokhoa o motle ka ho fetisisa oa ho etsa metsoalle ke hore u be motho oa batho. Kahoo, iphe nako pele liboka li qala le ka mor’a tsona ’me u qoqe le batho ba bang e le hore u ba tsebe haholoanyane. Etsa boiteko ba hore u tsebe mabitso a bona. Ho hopola mabitso a batho le ho ba botsoalle, ho tla etsa hore ba batle hore ba u tsebe haholoanyane ’me seo se tla etsa hore le tloaelane ’me le be metsoalle.

Ho e-na le hore u iketse seo u seng sona e le hore batho ba u rate, e ba motho eo u hlileng u leng eena e le hore bara le barali beno ba tle ba u tsebe hantle hore na u mang. Etsisa Morali oa bo rona Lucinda ea ileng a re ba se ba e-na le metsoalle e haufi-ufi hobane ba ile ba etsa boiteko ba hore ba meme batho ba bang ha bona.

“AMOHELANANG”

Batho ba bang baa tšoha ha ba fihla Holong ea ’Muso ’me ba fumana ho tletse batho bao ba sa ba tsebeng. Kahoo, u ka thusa batho baa ba bacha joang hore ba phutholohe? Moapostola Pauluse o ile a re: “Amohelanang feela joalokaha Kreste le eena a ile a le amohela.” (Bar. 15:7) Baholo ba ka etsisa Kreste ka hore ba thuse batho ba bacha hore ba ikutloe ba amohelehile. (Sheba lebokose le reng “ Lintho Tseo u ka li Etsang e le Hore ho Falla ho se ke ha E-ba Boima.”) Leha ho le joalo, batho bohle ka phuthehong ho akarelletsa le bana, ba ka etsa hore batho ba bacha ba ikutloe ba amohelehile.

Ke ntho e ntle ho amohela batho ba bang ka hore u ba memele lelapeng la hao, empa u ka boela oa ba thusa le ka lintho tseo ba li hlokang. Ka mohlala, morali oa bo rona e mong o ile a tela nako ea hae hore a bontše morali oa bo rona ea fihlang toropo le moo lipalangoang tsa sechaba li fumanehang teng. Morali oa bo rona enoa ea fihlang o ile a thaba haholo ka kamohelo e mofuthu eo a ileng a e fuoa ’me sena se ile sa mo thusa hore a tloaele sebaka seo kapele.

MONYETLA OA HO HOLA TUMELONG

Tsie ha e ntse e hola e sola letlalo la eona ka makhetlo a mangata e le hore e tle e qetelle e khona ho fofa. Ka tsela e tšoanang, ha u fallela phuthehong e ncha, u lokela hore u tlohele lintho tse u tšoenyang tse ka u thibelang hore u ntlafatse ha u ntse u sebeletsa Jehova. Nicolas le Céline ba re: “Ho falla hoa u koetlisa hobane hore u tloaele batho ba bacha le sebaka se secha, u lokela hore u be le makhabane a macha.” Jean-Charles, eo re buileng ka eena, o bua kamoo lelapa la hae le ileng la thuseha kateng. O re: “Ho fallela phuthehong e ncha ho thusitse bana ba rona hore ba hole moeeng le ho ba haufi le Jehova. Ka mor’a likhoeli tse ’maloa feela, morali oa rona o ile a qala ho beha lipuo libokeng tsa har’a beke, ’me mora oa rona eena e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang.”

U ka etsa’ng haeba maemo a hao ha a u lumelle hore u fallele phuthehong e ’ngoe, mohlomong ho ea tlhokahalong? U ka sebelisa tse ling tsa litlhahiso tse sehloohong sena hore u etse eka phutheho eo u leng ho eona e ncha. Ha u ntse u itšetlehile ka Jehova, phathahana ka lintho tseo u ka li etsang ka phuthehong, ka hore u etse litokisetso tsa ho sebetsa le batho ba bang tšimong, ho ba le metsoalle e mecha le ho matlafatsa setsoalle seo u seng u ntse u e-na le sona le ba bang. Hape u ka ithaopela ho thusa batho ba bacha ka phuthehong kapa ba hlokang ka lintho tseo ba li hlokang. Kaha Bakreste ba ’nete ba tsebahala ka lerato, ho thusa batho ba bang ho tla etsa hore u atamele haufi le Jehova. (Joh. 13:35) U ka kholiseha hore “Molimo o thabisoa ke mahlabelo a joalo.”—Baheb. 13:16.

Le hoja ho falla e ka ba ntho e thata, Bakreste ba bangata ba ile ba thaba le ho atleha ha ba fihla liphuthehong tse ncha. Le uena u ka khona! Anne-Lise o re: “Ho ea phuthehong e ’ngoe ho nthusitse hore ke eketse lerato leo ke ratang batho ka lona.” Hona joale Kazumi o kholisehile hore ho falla “ho etsa hore u bone ha Jehova a u thusa ka litsela tseo u neng u sa li lebella.” Jules eena o ikutloa joang? O re: “Metsoalle ea ka e mecha e nthusitse hore ke ikutloe ke amohelehile. Hona joale ke ikutloa ke le karolo ea phutheho ena hoo ho ka bang thata hore ke falle.”

a Sheba sehlooho se reng “Ho Sebetsana le ho Hloloheloa Hae Tšebeletsong ea Molimo” se ho Molula-Qhooa oa May 15, 1994, hore u fumane lintlha tse ling.