Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha Molekane a sa Tšepahale

Ha Molekane a sa Tšepahale

’Mè Maria oa Spain o re:

“E ne eka nka re lefatše ngamoha ke kene ha monna oa ka a mpolella hore o batla ho nyala motho e mong ea bileng a leng monyane le ho ’na. Ha ke hopola lintho tseo ke li tetseng ka lebaka la hae, ke ne ke utloa a ntlhokela toka.”

Ntate Bill oa Spain o re:

“Ke ne ke utloa ke le shohlo ka hare ha mosali oa ka a arohana le ’na. Merero eohle ea rona e ile ea nyopa. Ho na le linako tseo ke neng ke nahana hore ke hantle, athe ke ne ke ithetsa.”

KE NTHO e nyahamisang haholo ha molekane a sa tšepahale. Ke ’nete batho ba bang ba khona ho tšoarela balekane ba bona ebe ba tsoela pele ka bophelo, * empa molekane ea qhekeletsoeng eena o utloa bohloko bo boholo ho sa tsotellehe hore na litaba lia loka kapa che. Ebe thuso ea bona e tla tsoa hokae?

LITEMANA TSE KA U THUSANG

Batho ba bangata ba thusitsoe ke Bibele ha ba ne ba utloile bohloko. Ba hlokometse hore Molimo o utloisisa boemo ba bona hantle ebile bo mo utloisa bohloko.​—Malakia 2:​13-16.

“Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.”​Pesaleme ea 94:19.

Ntate Bill o re: “Ha ke bala temana ena ke ne ke utloa eka Jehova o nthoba pelo joaloka motsoali.”

“Ho ea tšepahalang u tla etsa ka botšepehi.”​Pesaleme ea 18:25.

Mohatsa oa ’mè Carmen o qetile likhoeli tse ngata a sa tšepahale. ’Mè enoa o re: “Ho tseba hore Jehova oa tšepahala ebile a ke ke a mphoqa ho ne ho ntšelisa haholo.”

“Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli . . . likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe Molimo ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lona.”​Bafilipi 4:​6, 7.

’Mè Sasha o re: “Ke ne ke bala temana ena ka makhetlo-khetlo ke bile ke rapela ’me Molimo o ile a nthusa hore ke be le khotso.”

Qalong batho bohle bao ho builoeng ka bona mona ba ne ba utloa eka ba ka akhela thaole. Empa ba ile ba tšepa Jehova Molimo eaba ba imatlafatsa ka ho bala Lentsoe la hae. Ntate Bill o tiisa taba ena ka ho re: “Tumelo ea ka e ile ea ntiisa mooko le hoja ho ne ho le lerootho. Le hoja ke ne ke tsamaea ‘phuleng ea moriti o lefifi,’ Molimo o ne a e-na le ’na.”​—Pesaleme ea 23:4.

^ ser. 4 U ka bala haholoanyane ka taba ena ho Tsoha! ea May 8, 1999 e nang le sehlooho se reng “Ha Molekane e Mong a sa Tšepahale.”