Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha U le Liphateng Tse Chesang

Ha U le Liphateng Tse Chesang

’Mè Linda ea lilemo li 71 o re:

“Ka lekhetlo le leng ha ke ile ngakeng ke ile ka bolelloa hore ke na le mofetše oa matšoafo le oa mala. Ke ne ke ipona ke se ke shoele ha ke utloa litaba tseo. Ha ke fihla hae ke ile ka ipolella hore le hoja ke ne ke sa lebella taba e tjena ke tlameha ho nahana lintho bocha.”

’Mè Elise ea lilemo li 49 o re:

“Ke na le bothata ba methapo bo etsang hore ke utloe eka lehlakore le letšehali la sefahleho sa ka lea shoa. Ka linako tse ling ke opeloa hoo ke nyotobelang maikutlo. Athe ka linako tse ling ke utloa ke le motoai-toai hoo ekang nka ipolaea.”

MOHLOMONG u utloisisa taba ena hantle haeba oa kula kapa u oka motho ea liphateng tse chesang. U ka qetella u le sefela-peloana ka lebaka la boemo bona. Ho kula ho ka u ja ka hloohong, hape u ka tšoenyeha le ho feta ka lebaka la meriana e u bakelang mathata, ho patalla meriana e turu ho matha lingakeng kapa ho se fumane pheko.

Ebe u ka thusoa ke eng? Ho bala Bibele le ho rapela ho ka u thusa haholo. Beng ka uena le metsoalle ea hao le bona ba ka u thusa.

BATHO BA BANG BA THUSITSOE KE ENG?

Ntate Robert ea lilemo li 58 o re: “Lumela ho Molimo ’me o tla u thusa ha u kula. Mo rapele, u mo bolelle hore na u ikutloa joang u be u kope hore a u fe moea o halalelang. Ke eena ea ka u fang matla a ba a u thusa hore u mamelle bokuli ba hao.

“Ha ho na ntho e khothatsang joaloka ho tšehetsoa ke beng ka uena. Letsatsi le leng le le leng ba lula ba ntetsetsa ba mpotsa hore na ke ntse ke ea joang. Metsoalle ea ka le eona ea nkhothatsa ho sa tsotellehe hore na e lula hole hakae le ’na. Lintho tsena kaofela lia ntšelisa ebile li ntiisa mooko.”

Ha u chaketse mokuli u hopole mantsoe a ’mè Linda ea ileng a re: “Motho ha a kula o batla ho tšoana le batho ba bang, o batla ho bua ka lintho tse ling eseng ka bokuli ba hae nako ena kaofela. E ka ba hantle ho qoqa ka lintho tseo le tloaetseng ho qoqa ka tsona.”

Molimo a ka u thusa hore u mamelle ha u kula, u ka boela oa thusoa ke ho bala Bibele, lelapa hammoho le metsoalle.