Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Se Tlisang Thabo ka Lapeng

Le ka Etsa Joang Hore le Boele le Tšepane?

Le ka Etsa Joang Hore le Boele le Tšepane?

Steve *: “Ke ne ke sa nahane hore ka le leng Jodi o tla etsa bofebe. Ke ne ke se ke sa mo tšepe ho hang. Ke sitoa ho hlalosa kamoo ho neng ho le thata kateng hore ke mo tšoarele.”

Jodi: “Kea utloisisa hore na ke hobane’ng ha Steve a ne a se a sa ntšepe. Ho nkukile lilemo tse ngata ho etsa hore a bone hore ke ikoahlaela seo ke se entseng.”

BIBELE e fa molekane ea sitetsoeng ka bofebe khetho ea hore a hlale kapa che. * (Matheu 19:9) Steve, eo ho builoeng ka eena ka holimo o ile a etsa qeto ea ho se hlale. Eena le mosali oa hae ba ile ba etsa qeto ea hore ba tla leka ka hohle ho sireletsa lenyalo la bona hore le se ke la qhalana. Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae ba ile ba hlokomela hore ho etsa joalo ho ne ho sa bolele feela hore ba tsoele pele ba lula ’moho. Hobane’ng? Hobane joalokaha re hlokometse seo ba se buileng, ho se tšepahale ha Jodi ho ile ha etsa hore ba se ke ba hlola ba tšepana. Kaha ho hlokahala hore banyalani ba tšepane e le hore ba thabe, ho ne ho hlokahala hore Jodi le Steve ba sebetse ka thata.

Ho hlakile hore haeba uena le molekane oa hao le leka ho sireletsa lenyalo la lōna hore le se ke la qhalana ka mor’a ho feta bothateng bo boholo joaloka ba bofebe, ho ke ke ha e-ba bonolo. Likhoeli tse ’maloa ka mor’a hore taba ena e hlahelle, ho ka ba boima haholo. Empa le ka atleha! Le ka etsa joang hore le boele le tšepane? Bibele e na le keletso e bohlale e ka le thusang. Nahana ka litlhahiso tsena tse ’nè.

1 Buisanang ka Botšepehi.

Moapostola Pauluse o ile ngola a re: “Kaha joale le lahlile leshano, e mong le e mong oa lōna a bue ’nete.” (Baefese 4:25) Ho bua leshano le ho se ntše ’nete kaofela, kapa hona ho ithōlela feela, ho ka etsa hore le se ke la tšepana. Kahoo, ho hlokahala hore le buisane ka bolokolohi le ka botšepehi.

Qalong, uena le molekane oa hao le ka ikutloa le utloile bohloko hoo le sa khoneng le ho buisana ka se etsahetseng. Empa qetellong ho tla hlokahala hore le buisane ka botšepehi ka se etsahetseng. Le hoja le ka ’na la khetha ho se buisane ka lintlha kaofela, ho qoba ho buisana ka taba ena ka ho feletseng ha ho bohlale. Jodi ea qotsitsoeng pejana o re: “Qalong ke ne ke utloa ho le thata haholo ebile e le ntho e nyontšang ho bua ka taba ea hore ke ile ka etsa bofebe, ke ne ke ikoahlaea haholo ’me ke ne ke batla ho lebala ka eona.” Leha ho le joalo, ho se buisane ho ile ha hlahisa mathata. Hobane’ng? Steve o re: “Ka lebaka la hore Jodi o ne a sa batle ho bua ka taba ena ea hore o entse bofebe, ke ne ke lula ke mo belaela.” Ha a nahana ka sena, Jodi o lumellana le seo ’me o re: “Ho se buisane ka taba ena le monna oa ka ho ile ha re sitisa ho khutlisetsa lintho malulong lenyalong la rōna.”

Ke ’nete hore ha ho monate ho buisana ka ho se tšepahale ha molekane e mong. Debbie, eo monna oa hae Paul, a ileng a etsa bofebe le mosali ea neng a sebetsa le eena, o re: “Ke ne ke ipotsa lipotso tse ngata. Ho tlile joang? Hobane’ng? Ba ne ba bua ka eng? Ka linako tsohle ke ne ke lula ke nahana ka taba ena, ke lula ke lla ’me ke ipotsa lipotso tse ngata ha nako e ntse e feta.” Paul o re: “Ke ntho e utloahalang hore ebe ka linako tse ling ’na le Debbie re ne re ngangisana. Empa kamehla ka mor’a moo e mong le e mong o ne a kōpa tšoarelo. Ho phetlelana lifuba ka tsela e joalo ho ile ha etsa hore re atamelane le ho feta.”

Ke joang u ka etsang hore ha le buisana le se ke la hlabana ka mantsoe? U hopole hore morero o ka sehloohong hase ho utloisa molekane e mong bohloko empa ke hore le ithute ho hong ketsahalong ena e bohloko le ho matlafatsa lenyalo la lōna. Ka mohlala, Chul Soo le mosali oa hae Mi Young ba ile ba hlahloba kamano ea bona e le hore ba bone hore na ke’ng e ileng ea kolekela ho se tšepahaleng ha Chul Soo. Chul Soo o re: “Ke ile ka hlokomela hore ke ne ke tšoarehile ka lintho tsa ka tsa botho. Ke ne ke amehile ka ho feteletseng ka ho thabisa batho ba bang le ho etsa seo ba se batlang. Ke ne ke behile bona ka pele bophelong ba ka, hoo ke neng ke se na nako ea mosali oa ka.” Ho lemoha sena ho ile ha etsa hore Chul Soo le Mi Young ba etse liphetoho tse hlokahalang ’me ha nako entse e e-ea ba ile ba khona ho matlafatsa lenyalo la bona.

LEKA HO ETSA TJENA: Haeba u molekane ea sa tšepahalang, qoba ho ipuella kapa ho beha molekane oa hao molato. Jara boikarabelo ba seo u se entseng ’me u lumele hore u utloisitse molekane oa hao bohloko. Haeba u molekane ea utloisitsoeng bohloko, u se ke ua tjolietsa molekane oa hao kapa ua mo hlaba ka mantsoe ha u bua le eena. Ha u qoba ho bua ka tsela e joalo, u tla etsa hore molekane oa hao a tsoele pele ho u phetlela sefuba sa hae.—Baefese 4:32.

2 Sebelisanang ’Moho.

Bibele e re: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong.” Hobane’ng? “Hobane ba na le moputso o molemo bakeng sa mosebetsi oa bona o boima. Etsoe haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.” (Moeklesia 4:9, 10) Molao-motheo ona ke ’nete, haholo-holo haeba u ntse u leka ka matla ho etsa hore uena le molekane oa hao le boele le tšepane.

Haeba uena le molekane oa hao le sebetsa ’moho, le ka khona ho etsa hore le tšepane hape. Leha ho le joalo, bobeli ba lōna le lokela ho ikemisetsa ho sireletsa lenyalo la lōna hore le se ke qhalana. Haeba u leka ho sebetsana le bothata boo u le mong, u tla etsa hore maemo a mpefale le ho feta. Le lokela ho sebetsa ’moho joaloka balekane.

Ke sona seo Jodi le Steve ba ileng ba ithuta sona. Jodi o re: “Ho ile ha nka nako empa ’na le Steve re ile ra sebetsa ’moho joaloka balekane hore lenyalo la rōna le be matla. Ke ile ka ikemisetsa hore ha ke sa tla hlola ke utloisa Steve bohloko ka tsela eo hape. Le hoja a ne a utloile bohloko, o ne a ikemiselitse hore a se ke a lumella lenyalo la rōna hore le qhalane. Letsatsi le letsatsi ke ne ke batla litsela tseo nka mo tiisetsang ka tsona hore kea tšepahala ’me eena o ne a tsoela pele a mpontša lerato. Ke tla lula ke mo leboha ka sena.”

LEKA HO ETSA TJENA: Ikemisetseng ho sebetsa ’moho joaloka balekane ho etsa hore le tšepane hape.

3 Fetoha, Lahla Mekhoa ea Khale.

Ka mor’a hore a lemose bamameli ba hae ka bofebe, Jesu o ile a ba eletsa a re: “Joale, haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le honye ’me u le lahlele hōle le uena.” (Matheu 5:27-29) Haeba u molekane ea sa tšepahalang, na ho na le mekhoa le liketso tseo u ka li honyang ua li lahlela hōle le lenyalo la hao?

Ho totobetse hore u lokela ho se hlole u kopana le motho eo u febileng le eena. * (Liproverbia 6:32; 1 Bakorinthe 15:33) Paul eo ho builoeng ka eena pejana, o ile a fetola linako tsa hae tsa mosebetsi le linomoro tsa hae tsa fono e le hore a se ke a hlola a kopana le mosali eo. Leha ho le joalo, seo ha sea ka sa etsa hore a se ke a hlola a kopana le eena ka ho feletseng. Paul o ne a ikemiselitse ho etsa hore mosali oa hae a mo tšepe hoo a ileng a ba a tlohela mosebetsi. O ile a boela a tlohela ho sebelisa fono ea hae ’me a sebelisa ea mosali oa hae feela. Na see sohle se ile sa ba tsoela molemo? Mosali oa hae, Debbie o re: “Ho se ho fetile lilemo tse tšeletseng ’me ka linako tse ling ke ntse ke tšoenyeha hore mosali eo a ka ’na a leka ho ikopanya le Paul hape. Leha ho le joalo, ke se ke tšepa Paul, kea tseba hore a ke ke a inehela tekong.”

Haeba u molekane ea molato, ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho bothong ba hao. Ka mohlala, e ka ’na eaba u na le tloaelo ea ho etsa lintho ka tsela e ka fang motho e mong maikutlo a hore ua mo rata, kapa e ka ’na eaba u lula u nahana ka ho ratana le batho ba bang. Haeba ho joalo, ‘hlobola botho ba khale le litloaelo tsa bona.’ E-ba le mekhoa e mecha e tla etsa hore molekane oa hao a boele a u tšepe. (Bakolose 3:9, 10) Na tsela eo u hōlisitsoeng ka eona e entse hore ho be thata hore u bontše lerato? Le hoja ho ka bonahala ho le thata qalong, bontša molekane oa hao ka liketso hore ua mo rata ’me u mo tiisetse seo. Steve oa hopola: “Hangata Jodi o ne a mpontša lerato ka ho ntšoara ka letsoho ’me kamehla o ne a ee a re, ‘Kea u rata.’”

Qalong, ho ka ba hantle hore u bolelle molekane oa hao lintho tsohle tseo u li etsang letsatsi le letsatsi. Mi Young eo ho builoeng ka eena pejana, o re: “E le hore a mpontše hore ha ho letho leo a mpatelang lona, Chul Soo o ne a etsa bonnete ba hore o mpolella lintho tse etsahetseng letsatsi le leng le le leng esita le lintho tseo e neng e se tsa bohlokoa hakaalo.”

LEKA HO ETSA TJENA: Botsanang hore na ke lintho life tseo le ka li etsang tse ka etsang hore le boele le tšepane hape. Li ngoleng fatše ’me le leke ho li etsa. Linthong tseo le li etsang kamehla, eketsang ka lintho tse ling tseo le ka thabelang ho li etsa le le ’moho.

4 Tseba Nako ea ho Lebala Tse Fetileng.

U se ke ua potlakela ho nahana hore joale le ka qala ho phela joalokaha eka lintho tsohle li khutletse malulong. Liproverbia 21:5 ea lemosa: “E mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” Ho tla nka nako—mohlomong lilemo—hore le tšepane hape.

Haeba u molekane ea sitetsoeng, iphe nako ea ho tšoarela molekane oa hao ka ho feletseng. Mi Young oa hopola: “Ke ne ke nahana hore ke ntho e sa utloahaleng ha mosali a sa tšoarele monna oa hae ea sa kang a tšepahala. Ke ne ke sa utloisise hore na ke eng e ka bakang hore a halefe nako e telele hakaalo. Empa nakong eo ka eona monna oa ka a sa kang a tšepahala ho ’na, ke ile ka utloisisa hore na ke hobane’ng ho le thata ho tšoarela.” Ho tšoarela—esita le ho tšepa molekane oa hao hape—ke ntho e etsahalang butle-butle.

Leha ho le joalo, Moeklesia 3:1-3 e re ho na le “nako ea ho folisa.” Qalong u ka nahana hore ho molemo hore u qobe ho buisana le molekane oa hao e le hore u se ke ua utloa bohloko. Leha ho le joalo, ho ba le boikutlo bo joalo ka nako e telele ho ke ke ha u thusa hore u tšepe molekane ua hao hape. E le hore u lokise kamano ea lōna e senyehileng, tšoarela molekane oa hao ’me u bontše seo ka ho mo phetlela sefuba. Hape u khothalletse molekane oa hao hore a u bolelle lintho tse mo thabisang le tse mo tšoenyang.

U se ke ua nahana ka lintho tse ka u utloisang bohloko le ho feta. Leka ka matla ho hlōla ho hlonama. (Baefese 4:32) Ho thuisa ka seo Molimo a ileng a se etsa ho ka u thusa. O ne a utloile bohloko haholo ha barapeli ba hae ba Iseraele ea boholo-holo ba ne ba mo hlanohela. Jehova Molimo o ile a ba a itšoantša le motho eo molekane oa hae a sa kang a tšepahala. (Jeremia 3:8, 9; 9:2) Empa ha aa ka a lula a “halefile ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Jeremia 3:12) Ha batho ba hae ba khutlela ho eena ba ikoahlaea e le kannete, o ile a ba tšoarela.

Qetellong, bobeli ba lōna ha le se le khotsofetse ka liphetoho tseo le li entseng lenyalong la lōna, le tla ikutloa le se le tšepana hape. Kahoo, ho e-na le hore le lule le amehile ka ho sireletsa lenyalo la lōna hore le se ke la qhalana, joale le ka shebana le lintho tse ling tseo le batlang ho li etsa ’moho. Ho ntse ho le joalo, nako le nako itlhahlobeng ho bona hore na le ntse le hatela pele joang. Le se ke la nka lintho habobebe. Sebetsanang le litšitiso tse nyenyane ’me le ’ne le tiisetsane hore le ntse le phelela boitlamo ba lōna ba lenyalo.—Bagalata 6:9.

LEKA HO ETSA TJENA: Ho e-na le hore le loanele hore lenyalo la lōna le khutlele moo le neng le le teng, loanelang ho qala lintho fatše le ho haha kamano e matla ho feta ea pele.

Le ka Atleha

Haeba ka linako tse ling le ikutloa eka le ke ke la atleha, le hopole sena: Molimo ke Moqapi oa lenyalo. (Matheu 19:4-6) Kahoo, a ka le thusa hore lenyalo la lōna le atlehe. Banyalani bohle bao ho builoeng ka bona mona, ba ile ba sebelisa keletso ea Bibele e bohlale ’me ba ile ba khona ho sireletsa manyalo a bona hore a se ke a qhalana.

Ho se ho fetile lilemo tse fetang 20, Steve le Jodi ba bile le bothata lenyalong la bona. Ha a bua ka seo ba fetileng ho sona ha ba ntse ba leka ho sireletsa lenyalo la bona, Steve o re: “E bile ka mor’a ho qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova re ileng ra etsa liphetoho tsa bohlokoa. Re ile ra fumana thuso e khōlō. Ka lebaka la seo, re ile ra atleha ho feta linakong tseo tse thata.” Jodi o re: “Ke ikutloa ke le motlotlo hore ebe re ile ra khona ho mamella linakong tseo tse bohloko. Ka ho ithuta Bibele re le ’moho le ho sebetsa ka thata haholo, hona joale re na le lenyalo le thabileng.”

^ ser. 3 Mabitso a fetotsoe.

^ ser. 5 E le hore u fumane thuso mabapi le ho etsa qeto e joalo, sheba Tsoha! ea May 8, 1999, leqepheng la 6 le ea August 8, 1995, leqepheng la 10 le 11.

^ ser. 17 Haeba ka linako tse ling u sa khone ho qoba ho kopana le motho eo u ileng ua etsa bofebe le eena (joaloka mosebetsing), u lokela ho kopana le eena feela ha ho hlokahala. U lokela ho kopana le eena moo ho nang le batho teng ’me molekane oa hao o lokela ho tseba ha le kopana.

IPOTSE . . .

  • Ke hobane’ng ha ke ile ka etsa qeto ea ho sireletsa lenyalo la ka ho sa tsotellehe hore ebe molekane oa ka ha aa ka a tšepahala?

  • Ke lintho life tse ntle tseo ke li bonang ho molekane oa ka hona joale?

  • Ke ne ke bontša lerato joang ka litsela tse nyenyane ha re ntse re le leferehong ’me nka etsa seo joang hape?