Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tsoela Pele ka Bophelo ka Mor’a Tlhalo

Ho Tsoela Pele ka Bophelo ka Mor’a Tlhalo

“Ke ne ke sithabetse habohloko maikutlong. Lintho li ne li ntse li tsamaea hantle ’me ka tšohanyetso ka iphumana ke se ke se na letho.”—MARK, * eo ho seng ho fetile selemo a hlalane le mosali.

“Monna oa ka o ne a ratana le thak’a morali oa rōna. Ha re ne re hlalana, ke ile ka ikutloa ke imolohile kaha monna oa ka e ne e le sefela-peloana, empa ke ile ka ikutloa ke theotsoe seriti ke bile ke se na thuso.”—EMMELINE, eo ho seng ho fetile lilemo tse 17 a hlalane le monna.

Batho ba bang ba hlala balekane ba bona ba nahana hore ba rarolla mathata ka ho etsa joalo, ha ba bang ba batla ho lula lenyalong le hoja ba ke ke ba thibela balekane ba bona hore ba se ke ba ba hlala. Empa, hoo e ka bang bohle ba hlalanang le balekane ba bona, ba fumana hore bophelo bo thata ho feta kamoo ba neng ba lebeletse kateng. Ha e le hantle, haeba u sa tsoa hlalana le molekane oa hao, ho ka etsahala hore ebe eo ebile ketsahalo e sithabetsang ka ho fetisisa bophelong ba hao. Ka lebaka leo, ho ka ba molemo hore u hlahlobe likeletso tse tsoang ka Bibeleng tse ka u thusang ho sebetsana le mathata a tlhalo.

BOTHATA BA PELE: MAIKUTLO A NYAHAMISANG.

Mathata a lichelete, ho hōlisa bana le ho jeoa ke bolutu ho ka etsa hore u be le khatello ea kelello ’me ho ka nka nako hore maemo a loke. Mofu Judith Wallerstein, eo e neng e le setsebi sa kelello o ile a hlokomela hore lilemo ka mor’a hore batho ba hlalane, ba bang ba sa ntse ba ikutloa ba soetsehile ba bile ba lahliloe kherehloa, ba lumela hore “ha ho na toka bophelong, bophelo boa nyahamisa ebile bo bolutu.”

SEO U KA SE ETSANG

  • Iphe nako ea ho ntša bohloko ka se lahlehileng. E ka ’na eaba u hloloheloa molekane oa hao kaha u ntse u mo  rata. Le hoja lenyalo la lōna le ne le le bosula, u ka ’na ua utloa bohloko ha le felile hobane ha ua fumana thabo eo u neng u e lebeletse lenyalong. (Liproverbia 5:18) Ha “nako ea ho lla” e fihla, u se ke ua ba lihlong.—Moeklesia 3:1, 4.

  • Qoba ho itšehla thajana. Le hoja u hloka ho ba mong, u se ke ua qeta nako e telele u le mong. (Liproverbia 18:1) Ha u qoqa le metsoalle ea hao bua lintho tse molemo, kaha ho lula u tletleba ka eo e kileng ea e-ba molekane oa hao, esita leha e le ka lintho tse utloahalang, ho ka etsa hore batho ba se ke ba thabela ho ba le uena. Haeba u tlameha ho etsa liqeto tsa bohlokoa kapele ka mor’a hore le hlalane, fumana thuso ho motho eo u mo tšepang ea ke keng a khetha nku ka pere.

  • Hlokomela bophelo ba hao. Hangata khatello eo motho a bang le eona ka lebaka la ho hlalana le molekane oa hae e etsa hore a be le mafu a kang khatello e phahameng ea mali kapa hlooho ea migraine. E-ja lijo tse matlafatsang, ikoetlise ’me u iphe nako e lekaneng ea ho robala.—Baefese 5:29.

  • Tlosa lintho tse etsang hore u halefele motho eo e neng e le molekane oa hao kapa tseo u sa li hlokeng, empa u boloke litokomane tsa bohlokoa. Haeba lintho tse kang lifoto tsa lenyalo li u utloisa bohloko, li kenye lebokoseng u li bolokele bana ba hao.

  • Loantša menahano e u nyahamisang. Olga, ea ileng a hlala monna oa hae ka mor’a hore a etse bofebe, o ile a re: “Ke ne ke lula ke ipotsa, ‘Mosali eo o na le eng eo ’na ke se nang eona?’” Leha ho le joalo, hamorao Olga o ile a hlokomela hore ho lula a nahana ka lintho tse nyahamisang ho ka etsa hore a be le “moea o hlomohileng”—Liproverbia 18:14.

    Batho ba bangata ba lemoha hore ho ngola lintho tseo ba li nahanang ho ba thusa hore ba imolohe kelellong le hore ba se ke ba lula ba nahana ka lintho tse ba nyahamisang. Haeba u ngola, leka ho nahana ka lintho tse ncha tse molemo e le hore li nkele tse nyahamisang tseo u ntseng u li loantša sebaka. (Baefese 4:23) Nahana ka mehlala ena e ’meli:

    Monahano oa pele: Ke molato oa ka hore ebe molekane oa ka ha aa ka a tšepahala.

    Monahano o mocha: Taba ea hore ke ne ke etsa liphoso hase lebaka la hore a se ke a tšepahala.

    Monahano oa pele: Ke itšenyelitse nako ka ho lula le monna ea fosahetseng.

    Monahano o mocha: Ke tla thaba haholoanyane haeba ke tsoela pele ka bophelo, ke sa hetle morao.

  • Hlokomoloha lipuo tse u utloisang bohloko. Metsoalle le beng ka uena ba ka ’na ba bua lintho tse u utloisang bohloko kapa tse fosahetseng ba sa ikemisetsa, ba ka ’na ba re: ‘O ne a ntse a sa u lokela,’ kapa ‘Molimo o hloile tlhalo.’ * Ke kahoo Bibele e reng: “U se ke ua tebisetsa pelong mantsoe ’ohle ao batho ba ka a buang.” (Moeklesia 7:21) Martina, eo ho seng ho fetile lilemo tse peli a hlalane le monna oa hae, o re: “Ho e-na le ho lula ke nahana ka mantsoe a hlabang, ke leka ho talima lintho ka tsela eo Molimo a li talimang ka eona. Menahano ea hae e phahametse ea rōna.”—Esaia 55:8, 9.

  • Rapela Molimo. Molimo o khothalletsa barapeli ba hae ho ‘lahlela matšoenyeho ’ohle a bona ho eena,’ haholo-holo ha ba nyahame haholo.—1 Petrose 5:7.

LEKA HO ETSA TJENA: Ngola litemana tsa Bibele tseo u bonang li u thusa ’me u li behe moo u tla li bona hangata. Ntle ho mangolo a seng a boletsoe, batho ba bangata ba hlalaneng le balekane ba bona ba khothatsoa ke litemana tsena: Pesaleme ea 27:10; 34:18; Esaia 41:10; le Baroma 8:38, 39.

Lumella Lentsoe la Molimo hore le u matlafatse linakong tse thata

BOTHATA BA BOBELI: KAMANO EA HAO LE MOTHO EO E NENG E LE MOLEKANE OA HAO.

Juliana, ea neng a nyetsoe ka lilemo tse 11, o re: “Ke ile ka rapela monna oa ka hore a se ke a tsamaea. Leha ho le joalo, ha a se a tsamaile, ke ile ka mo halefela  hammoho le mosali ea neng a lula le eena.” Ba bangata ba hlalanang le balekane ba bona ba lula ba ba koatetse haholo ka lilemo tse ngata. Empa ba tlameha ho buisana le bona khafetsa, haholo-holo haeba ba e-na le bana.

SEO U KA SE ETSANG

  • Buisana ka tlhompho le motho eo e kileng ea e-ba molekane oa hao. Ha ho hlokahala hore le buisane, buisanang ka bokhutšoanyane ’me le tobe taba. Ba bangata ba hlokometse hore seo se ba thusa hore ba be le khotso.—Baroma 12:18.

  • Qoba ho bua mantsoe a hlabang. Keletso ea Bibele e bohlale e reng: “Mang kapa mang ea tšoarang lipolelo tsa hae o na le tsebo,” ea sebetsa haholo-holo ha u utloa eka u hlaseloa ka mantsoe. (Liproverbia 17:27) Haeba le se le sa khone ho buisana hantle, u ka re: “Ke batla ho nahana ka seo u se buileng, re tla bua hamorao.”

  • Leka ho arola lintho tsa hao ho tsa motho eo e neng e le molekane oa hao ka hohle kamoo u ka khonang, tse akarelletsang lintho tse amanang le molao, lichelete le litokomane tse amanang le ho lefella litšenyehelo tsa bongaka.

LEKA HO ETSA TJENA: Nakong e tlang ha u buisana le motho eo e neng e le molekane oa hao, lemoha lintho tse bontšang hore e mong oa lōna oa ikemela kapa o satalatsa molala. Haeba ho hlokahala, khaotsang ho buisana ka taba eo ka nakoana kapa le lumellane hore le tla buisana ka e-mail.Liproverbia 17:14.

BOTHATA BA BORARO: THUSA BANA BA HAO HO FETOHA LE MAEMO.

Maria o hopola hore na ho ne ho le joang hang ka mor’a hore a hlalane le molekane oa hae, o re: “Morali oa ka e monyenyane o ne a lula a lla eaba o qala ho sesetsa liphate hape. Le hoja morali oa ka e moholoanyane a ne a leka ho pata maikutlo a hae, le ho eena ke ne ke bona phapang.” Ka masoabi, u ka ’na ua ikutloa eka ha u na nako kapa u tepeletse hoo u sa khoneng ho thusa bana ba hao nakong eo ba u hlokang haholo.

SEO U KA SE ETSANG

  • Khothalletsa bana ba hao hore ba ntše maikutlo a bona, esita leha sena se ka fella ka “puo e hlaha.”—Jobo 6:2, 3.

  • U se ke ua jarisa bana boikarabelo boo e seng ba bona. Le hoja u ka lakatsa hore ho be le motho ea u tšehetsang ’me ho bonahala eka ngoana oa hao o ikemiselitse ho u tšehetsa, ho kotsi ebile ha hoa lokela ho kōpa ngoana hore a u thuse ka mathata a batho ba baholo. (1 Bakorinthe 13:11) Qoba ho imetsa ngoana oa hao ka makunutu kapa ho mo etsa mokena-lipakeng kapa ea le tsamaisetsang melaetsa.

  • Etsa hore bophelo ba ngoana oa hao bo tsitse. Ho lula sebakeng seo le neng le ntse le lula ho sona le ho se fetole kemiso eo le etsang lintho ka eona hoa thusa, empa habohlokoa le ho feta ke ho ba le kemiso e ntle ea ho ithuta ka Molimo ka ho bala Bibele le ho ithuta le le lelapa.—Deuteronoma 6:6-9.

LEKA HO ETSA TJENA: Khetha letsatsi bekeng ena leo u tla bolella bana ba hao hore ua ba rata le hore hase bona ba entseng hore le hlalane. Araba lipotso tsa bona ntle le hore u behe motsoali e mong molato.

U ka tsoela pele ka bophelo ka mor’a tlhalo. Melissa, ea bileng lenyalong ka lilemo tse 16, o re: “Ha re ne re hlalana, ke ile ka re, ‘Ena hase tsela eo ke neng ke batla hore bophelo ba ka bo qetelle bo le ka eona.’” Leha ho le joalo, hona joale o khotsofetse ho sa tsotellehe maemo a hae. O re, “Hang ha ke tlohela ho leka ho fetola se etsahetseng, ho ile ha re kokololo!”

^ ser. 2 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

^ ser. 18 Molimo o hloile tlhalo ea batho ba hlalanang ka leshano le bolotsana. Empa haeba molekane e mong a etsa bohlola, Molimo o lumella molekane ea se nang molato hore a iketsetse qeto ea hore o tla hlala kapa che. (Malakia 2:16; Matheu 19:9) Sheba sehlooho se reng, “Pono ea Bibele—Molimo o Hloile Tlhalo ea Mofuta Ofe?” makasineng ea Tsoha! ea February 8, 1994, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

IPOTSE . . .

  • Na ka sebele ke iphile nako ea ho ntša bohloko ba ho hlalana le molekane oa ka?

  • Nka etsa joang hore ke tlose lehloeo leo ke ntseng ke e-na le lona ho motho eo e neng e le molekane oa ka?