Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | BACHA

U ka Laola Bohale Joang?

U ka Laola Bohale Joang?

BOTHATA

“Ke ile ka tjolietsa ausi oa ka eaba ke otlanya lemati haholo hoo loko ea lona e ileng ea phunya lebota. Kamehla lesoba leo le ne le nkhopotsa kamoo ke ileng ka itšoara joaloka ngoana kateng.”—Diane. *

“Ke ile ka tleroha ka re ho Ntate, ‘ke u hloile!’ eaba ke khahlela lemati. Empa pele le koaleha, ke ile ka bona kamoo ntate oa ka a neng a utloile bohloko kateng ’me ka lakatsa eka nka khutlisa mantsoe a ka.”—Lauren.

Na u kile ua ba boemong bo tšoanang le ba Lauren le Diane? Haeba ho joalo, sehlooho sena se tla u thusa.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Ho tlakoloha ka bohale ho ka senya botumo ba hao. Briana, eo hona joale a leng lilemo li 21 o re: “Ke ne ke atisa ho nahana hore batho ba bang ba lokela ho amohela hore ke bohale. Empa ke ile ka hlokomela kamoo batho ba shebahalang joaloka lithoto kateng ha ba sitoa ho laola bohale, eaba kea elelloa hore ke kamoo batho ba bang ba ntalimang kateng le ’na!”

Bibele e re: “Ea potlakelang ho halefa o tla etsa booatla.”—Liproverbia 14:17.

Feela joalokaha batho ba ka baleha ha ho foqoha seretse se chesang, ba tla qoba motho ea sitoang ho laola bohale

Ha u le bohale batho ba ka u koekoetla. Daniel ea lilemo li 18 o re: “Ha u halefa le feela, u itheola seriti ’me batho ba bang ba khaotsa ho u hlompha.” Elaine, ea lilemo li 18, o lumellana le seo. O re: “Motho ea halefang le feela ha a ratehe. Batho ba tšaba ho ba haufi le eena.”

Bibele e re: “U se ke ua ba le setsoalle le mang kapa mang ea ineheletseng bohale; ’me u se ke ua kena setsoalleng le motho ea tlakolohang ka bohale.”—Liproverbia 22:24.

U ka etsa liphetoho. Sara ea lilemo li 15 o re: “Hase kamehla u ka laolang lintho tse u etsahallang, empa u ka laola tsela eo u ntšang maikutlo a hao ka eona. Ha ho hlokahale hore u tlakolohe ka bohale.”

Bibele e re: “Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla, ’me ea laolang moea oa hae o molemo ho feta ea hapang motse.”—Liproverbia 16:32.

SEO U KA SE ETSANG

Iketsetse pakane. Ho e-na le hore u re, “Ke kamoo ke leng kateng,” ipehele nako eo u rerang ho ntlafatsa ka eona—mohlomong likhoeli tse tšeletseng. Nakong eo, ngola hore na u se u ntlafalitse hakae. Nako le nako ha u hloleha ho laola bohale, ngola hore na (1) ho etsahetse’ng, (2) u ile ua etsa’ng, le hore na (3) u ka be u ile ua etsa’ng boemong boo—hona hobane’ng. Ka mor’a moo, ikemisetse ho etsa lintho ka tsela e fapaneng nakong e tlang ha ho etsahala ntho e u halefisang. Tlhahiso: Ngola le makhetlo ao u atlehileng ka ’ona! Ngola kamoo u ileng ua ikutloa u thabile kateng ha u ile ua khona ho laola bohale.—Molao-motheo oa Bibele: Bakolose 3:8.

U se ke ua potlakela ho halefa. Ha u halefisoa ke motho ea itseng kapa ke ntho e itseng, u se ke ua bua lentsoe la pele feela le tlang ka kelellong. Iketle. E-kha moea ha ho hlokahala. Erik ea lilemo li 15 o re: “Ha ke kha moea hanyane, seo se mpha nako ea hore ke nahane pele ke bua kapa ke etsa ntho eo ke tla ikoahlaela eona.”—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 21:23.

Sheba lintho ka mahlakore ’ohle. Ka linako tse ling u ka ’na ua halefa hobane u bona lintho ka lehlakore le le leng le amang uena feela. Leka ho nahanela batho ba bang. Ngoanana e mong ea bitsoang Jessica o re: “Ho sa tsotellehe hore na batho ba u halefisa hakae, hangata ho na le lebaka le tla u thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba entse ntho eo e u halefisitseng.”—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 19:11.

Tloha boemong boo ha ho khoneha. Bibele e re: “Pele qabang e qhoma, u itsamaele.” (Liproverbia 17:14) Joalokaha lengolo lena le bontša, ka linako tse ling hoa thusa ho tloha boemong bo tla etsa hore u halefe. Ka mor’a moo, etsa lintho tse ling tse tla u thusa hore u se ke ua nahana ka boemo boo. Ngoanana e mong ea bitsoang Danielle o re: “Ke hlokometse hore ho ikoetlisa ho nkimolla kelello ’me ho nthusa hore ke se ke ka halefa le feela.”

Ithute ho tlohela taba e fete. Bibele e re: “Halefang, empa le se ke la etsa sebe. Buelang ka lipelong, . . . ’me le khutse.” (Pesaleme ea 4:4) Tseba hore hase phoso ho ikutloa u halefile. Potso ke hore na, U tla etsa’ng ha u ikutloa ka tsela eo? Mohlankana ea bitsoang Richard o re: “Haeba u lumella batho ba bang hore ba u halefise, u ba lumella hore ba u laole. Ho ka ba molemo hore u bontše hore u hōlile ka ho qoba ho nkela taba eo hloohong.” Haeba u etsa joalo, u tla be u laola bohale, ho e-na le hore bo u laole.

^ ser. 4 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.