Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thuso Bakeng sa ba Hlekefetsoang ke Balekane ba Bona Malapeng

Thuso Bakeng sa ba Hlekefetsoang ke Balekane ba Bona Malapeng

 Mokhatlo oa World Health Organization o re: “Lefatšeng ka bophara, basali baa hlekefetsoa. Ketso ena e haketse joaloka lefu la seoa ’me ho hlokahala hore ho etsoe ho hong ho thibela taba ena.” Mokhatlo ona o hakanya hore hoo e ka bang basali ba bang le ba bang ba 30 ho ba lekholo “ba kileng ba nyaloa kapa ba laetsana, ba kile ba hlekefetsoa ’meleng kapa ba hlekefetsoa ka motabo” ke batho bao ba nyalaneng le bona kapa bao ba ratanang le bona. Tlaleho e ’ngoe ea Machaba a Kopaneng e hakanya hore selemong se seng morao tjena, basali ba 137 ba ile ba shoa letsatsi le leng le le leng lefatšeng ka bophara, ba bolaoa ke molekane kapa setho sa lelapa. a

 Le hoja lipalo-palo li bontša kamoo tlhekefetso e leng pharela kateng, ha li re letho ka bohloko boo mahlatsipa ao a bo utloang ’meleng le maikutlong.

 Na u lehlatsipa la tlhekefetso? Kapa na u tseba motho ea hlekefetsoang? Haeba ho joalo, nahana ka lintlha tse latelang tse tsoang ka Bibeleng tse ka thusang.

  Ha se phoso ea hao ha u hlekefetsoa

  U ka fumana thuso

  Molimo a ka u thusa

  Tlhekefetso e tla fela

  Kamoo u ka thusang lehlatsipa

 Ha se phoso ea hao ha u hlekefetsoa

 Seo Bibele e se buang: “E mong le e mong oa rona o tla ikarabella ho Molimo.”​—Baroma 14:12.

 Hopola taba ena: Motho ea u hlekefetsang ke eena ea molato.

 Haeba molekane oa hao a re ke phoso ea hao hore ebe oa u hlekefetsa, o fositse. Basali ba lokeloa ho ratoa eseng ho hlekefetsoa.​—Bakolose 3:19.

 Ka linako tse ling, ho ba le lefu la kelello, ho holela lelapeng le mabifi kapa ho ba lekhoba la tahi, ho ka etsa hore motho a hlekefetse molekane oa hae. Ho ntse ho le joalo, o ntse a ikarabella ho Molimo ka lebaka la tsela eo a u tšoarang ka eona. Hape, o na le boikarabelo ba ho etsa sohle hore a fetole mekhoa ea hae.

 U ka fumana thuso

 Seo Bibele e se buang: “Ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.”​—Liproverbia 15:22.

 Hopola taba ena: Haeba u ikutloa u sa sireletseha kapa u sa tsebe hore na u ka etsa’ng, batho ba bang ba ka u thusa.

 Ke hobane’ng ha u ka ’na oa hloka ho thusoa ke batho ba bang? Ho hlekefetsoa ho ka u beha boemong bo rarahaneng. Ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa qeto ea hore na ke eng eo u ka e etsang hobane u sa tsebe hore na ke eng eo e leng ea bohlokoa ka ho fetisisa linthong tse latelang:

  •   Tšireletseho ea hao

  •   Se molemo bakeng sa bana ba hao

  •   Maemo a hao a lichelete

  •   Lerato leo o ratang molekane oa hao ka lona

  •   Takatso ea ho batla ho lokisa lintho pakeng tsa hao le motho oa hao haeba a fetola liketso tsa hae

 Ke ha tlhaho hore u ikutloe u ferekane ebile u imetsoe. U ka thusoa ke mang ha ho le tjee?

 Motsoalle eo u mo tšepang kapa setho sa lelapa se ka u thusa ka lintho tseo u li hlokang sa ba sa u khothatsa. Ho bua le motho ea u tsotellang ho ka u thusa haholo.

 Linomoro tseo u ka li letsetsang ha u hlekefetsoa li ka u kopanya le batho ba ka u thusa hang-hang. Batho ba sebetsang moo, ba ka u fa malebela a hore na u ka etsa’ng ho itšireletsa. Haeba motho oa hao a lumela hore o na le bothata ’me o hloka thuso e le hore a fetohe, ho letsetsa linomorong tseo ho ka mo thusa hore a tsebe seo a lokelang ho se etsa.

 Litsi tse ling tsa maemo a tšohanyetso li ka u thusa haeba u hloka thuso ka potlako. Litsi tsena li ka akarelletsa litsi tsa lingaka, manese le litsebi tse ling.

 Molimo a ka u thusa

 Seo Bibele e se buang: “Jehova b o haufi le ba lipelo li robehileng, o pholosa ba sithabetseng moeeng.”​—Pesaleme ea 34:18.

 Hopola taba ena: Molimo o tšepisa ho u thusa.

 Jehova o u tsotella haholo. (1 Petrose 5:7) O utloisisa menahano le maikutlo a hao a tebileng. A ka u tšelisa ka Lentsoe la Hae Bibele. O boetse o batla hore u bue le eena ka thapelo. Ha u mo rapela, u ka mo kopa hore a u fe bohlale le matla ao u a hlokang e le hore u sebetsane le maemo a hao a boima.​—Esaia 41:10.

 Tlhekefetso e tla fela

 Seo Bibele e se buang: “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.”​—Mikea 4:4.

 Hopola taba ena: Bibele e tšepisa hore haufinyane lelapa le leng le le leng le tla ba le khotso.

 Ke Jehova Molimo feela ea nang le tharollo ea moshoelella ea mathata ’ohle a rona. Bibele ea tšepisa e re: “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tšenolo 21:4) Ka nako eo, lintho tse monate tse tla re hlahela li tla re lebatsa lintho tse bohloko tsa nakong e fetileng. (Esaia 65:​17) Bona ke bokamoso bo nang le khotso boo Bibele e u fang bona.

a Sehloho sena se bua ka mahlatsipa e le basali empa lintlha tse ngata tseo ho buuoang ka tsona li ama le mahlatsipa a banna.

b Lebitso la Molimo ke Jehova joalokaha Bibele e bolela.