Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

CreativeDesignArt/DigitalVision Vectors via Getty Images

LULANG LE LEBETSE!

Na Khethollo ea Merabe e Tla ke e Fele?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Na Khethollo ea Merabe e Tla ke e Fele?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

 Batho ba bangata ba lumela hore khethollo ea merabe ha se ntho e ka felang.

  •   “Lefatšeng ka bophara mekhatlo, tsela eo batho ba phelang ka eona le lintho tseo batho ba li etsang li anngoe ke khethollo ea merabe hampe. Khethollo ea merabe e entse hore batho ba se ke ba tšoarana ka toka.”—António Guterres e leng Mongoli oa Machaba a Kopaneng.

 Na teka-tekano ea merabe e tla ke e be teng? Bibele e re’ng ka taba ee?

Pono ea Molimo ka khethollo ea merabe

 Bibele e re ruta kamoo Molimo a talimang merabe e fapaneng kateng.

  •   “[Molimo] o entse hore lichaba tsohle li tsoe ho motho a le mong le hore li lule lefatšeng.”—Liketso 17:26.

  •   “Joale ke utloisisa hantle hore Molimo ha a leeme empa o amohela motho oa sechaba sefe kapa sefe ea mo hlomphang le ea etsang lintho tse lokileng.”—Liketso 10:34, 35.

 Bibele ea bontša hore batho baa tšoana le hore Molimo o amohela batho ba merabe eohle.

Khethollo ea merabe e tla felisoa joang?

 Khethollo ea merabe e tla felisoa ke ’Muso oa Molimo e leng puso e leholimong. ’Muso oo o tla ruta batho ho tšoara ba bang ka tsela e nepahetseng. Batho ba tla ithuta ho hlola maikutlo a ho khetholla ba bang.

  •   “Baahi ba lefatše ba [tla] ithuta ho loka.”—Esaia 26:9.

  •   “Ho loka ha ’nete ho tla etsa hore ho be le khotso ’me litholoana tsa ho loka ha ’nete e tla ba khutso le tšireletseho e sa feleng.”—Esaia 32:17.

 Kajeno, batho ba limilione ba ithutile ka Bibeleng ho tšoara batho ka tlhompho le ho ba fa seriti.