Fetela boitsebisong

Na Mahlomola a Tla ke a Fele?

Na Mahlomola a Tla ke a Fele?

U ka araba potso ee joang? ka . . .

  • e?

  • che?

  • kapa

  • ka mohlomong?

 BIBELE EONA E RE’NG?

E re: “Molimo . . . o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, esita le mahlomola, kapa lillo kapa bohlōkō.”

Tšenolo 21:3, 4, Bibele—Phetolelo e Ncha.

SEE SE KA U TSOELA MOLEMO JOANG?

Se ka u kholisa hore hase Molimo ea re bakelang mathata.Jakobo 1:13.

Se ka u fa matšeliso a ho tseba hore Molimo o re utloela bohloko ha re le mahlomoleng.Zakaria 2:8.

Se ka u fa tšepo ea hore mahlomola ’ohle a tla fela.Pesaleme ea 37:9-11.

 NA KA SEBELE RE KA LUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mabeli:

  • Molimo o hloile mahlomola le ho hloka toka. Nahana kamoo Jehova Molimo a ileng a ikutloa kateng ha batho ba hae ba ne ba tšoaroa hampe nakong ea ha ho ne ho ngoloa Bibele. Bibele e re o ne a utloa bohloko ka lebaka la “ba neng ba ba tšoenya.”—Baahloli 2:18, Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

    Molimo o hloile batho ba hlorisang ba bang. Ka mohlala, Bibele e bolela hore Molimo o nyonya “matsoho a tšollang mali a hlokang molato.”Liproverbia 6:16, 17.

  • Molimo o tsotella e mong le e mong oa rōna. Jehova o tseba bohloko ba e mong le e mong oa rōna, feela joalokaha motho ‘e mong le e mong a tseba lefu la hae le bohloko ba hae’!2 Likronike 6:29, 30.

Haufinyane Jehova o tla sebelisa ’Muso oa hae ho felisa mahlomola a motho e mong le e mong. (Matheu 6:9, 10) Empa hona joale, ka mosa o tšelisa ba mo batlang ka tieo.Liketso 17:27; 2 Bakorinthe 1:3, 4.

 U KA ’NA UA IPOTSA

Ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola?

Bibele e araba potso ena ho BAROMA 5:12 le ho 2 PETROSE 3:9.