Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nna le mosadi wa ka Tabitha re tshimong

BIBELE E FETOLA BATHO

Ke ne ke sa Dumele Hore Modimo o Teng

Ke ne ke sa Dumele Hore Modimo o Teng
  • KE HLAHILE KA: 1974

  • NAHA YA HESO: GERMAN DEMOCRATIC REPUBLIC

  • PALE: KE NE KE SA DUMELE HORE MODIMO O TENG

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG

Ke hlahetse motseng o bitswang Saxony, naheng e neng e bitswa German Democratic Republic ka nako eo. Lapeng ho ne ho dula ho rena kgotso, mme batswadi ba ka ba ne ba nrutile mekgwa e metle. Naha ya rona e ne e le ya batho ba ikopantseng ba batlang Tekatekano. Batho ba bangata ba ne ba sena taba le bodumedi ebile ba sa bone thuso ya bona. Ha e le nna ke ne ke sa dumele hore Modimo o teng. Thuto ya hore Modimo ha ayo le ya hore re tlameha ho batla Tekatekano, ke tsona tseo esale ke hola ka tsona ho fihlela ke ba le dilemo tse 18.

Ke ile ka kenela mokgatlo ona wa Tekatekano hobane ke ne ke sa batle ho bona ho na le motho ya neng a tla ikutlwa a phametse ba bang. Ho feta moo, ke ne ke dumela hore bohle re tlameha ho arolelana dintho, ka tsela ena ho ne ho sa tlo ba le ba ruileng ha ba bang bona ba shwa ke tlala. Ke ka lebaka leo ke ileng ka sebetsa ka thata mokgatlong ona ha ke sa le motjha. Ha ke le dilemo tse 14 ke ile ka kenya letsoho mosebetsing wa ho phutha dipampiri. Masepala wa toropo ya Aue o ile a rata mosebetsi wa ka haholo hoo ke ileng ka fuwa kgau. Le hoja ke ne ke sa le monyane, ke ile ka tsebana le boradipolotiki ba phahameng. Ke ne ke utlwa hantle hore ke tseleng e nepahetseng le hore bokamoso ba ka bo a kganya.

Ka tshohanyetso ntho tsa fetoha. Ka 1989 Lebota le neng le le Berlin, e leng motsemoholo wa Germany, le ile la putlama mme jwale seo sa tlisa mathata a mangata. Ke ile ka qala ho hlokomela hore esita le ho rona mona, ho ne ho ntse ho na le bolotsana. Ka mohlala, batho ba neng ba sa kenele mokgatlo wa Tekatekano, ba ne ba nkelwa fatshe. Ke jwang ntho e jwalo e neng e ka etsahala? Na re ne re sa dumele hore batho ba a lekana? Na mokgatlo oo wa rona e ne e le motlae feela tjee? Ke ile ka sarelwa.

Ke ile ka fetola mawa, yaba ke se ke shebana feela le mmino le ho toroya. Ke ne ke ipolelletse hore ke tlo ya yunivesithi ho ya ithuta ka mmino. Toro ya ka e ne e le ho ba sebini. Hanyane ka hanyane, ke ile ka lahla tsela le mekgwa e metle eo ke hodisitsweng ka yona. Ntho ya bohlokwa ho nna e ne e se e le ho ithabisa, ho neng ho akarelletsa ho ratana le banana ba bangata ka nako e le nngwe. Le ha ho le jwalo mmino, ho toroya le ho iphelela borata ha di a ka tsa ntlisetsa thabo ya letho. Esita le ditshwantsho tseo ke neng ke di toroya, di ne di tshosa. Ke ne ke dula ke ipotsa hore na ebe bokamoso bo ne bo ntshwaretseng. Le hore na bophelo ba ka bo tla ba jwang.

Eitse qetellong ha ke fumana dikarabo tsa dipotso tseo ke neng ke ipotsa tsona, ka hlollwa. Bosiung bo bong ha ke ntse ke le sekolong, ke ne ke dutse le baithutimmoho ba bang re ntse re buisana ka bokamoso. Hara baithuti bao, ho ne ho na le ngwanana e mong ya bitswang Mandy * mme e ne e le Paki ya Jehova. O ile a mpha keletso ya bohlokwa. Yaba o re: “Andreas, haeba o batla dikarabo tsa dipotso tseo o nang le tsona ka bophelo le bokamoso, iphe nako ya ho bala Bibele.”

Ke ne ke sa kgolwe hore Bibele e ka nkaraba, empa ke ile ka e bala feela hore ke bone hore na o ne a nepile. Mandy o ile a re ke bale lengolo la Daniele kgaolo ya 2, mme seo ke ileng ka se bala moo, se ile sa mmakatsa. Boprofeta bona bo hlalosa boemo ba lefatshe le mebuso ya lona hore e tla ba le tshusumetso e matla mehleng ena ya rona. Mandy o ile a boela a mpontsha boprofeta bo buang ka bokamoso. Qetellong ke ile ka fumana dikarabo tsa dipotso tseo ke neng ke na le tsona. Empa ke mang ya ngotseng boprofeta boo, ya kgonang ho hlalosa bokamoso ka tsela e nepahetseng hakaalo? Na e be ka nnete Modimo o teng?

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG

Mandy o ile a nkopanya le Horst le Angelika, e leng banyalani ba ileng ba nthusa ho utlwisisa Lentswe la Modimo haholwanyane. Ke ile ka elellwa hore hara madumedi ohle, ke Dipaki Tsa Jehova feela tse sebedisang lebitso la Modimo, Jehova hangata. (Pesaleme ya 83:18; Matheu 6:9) Ke ile ka ithuta hore Jehova Modimo, o tshepisa batho bophelo bo sa feleng paradeiseng mona lefatsheng. Hobane Pesaleme ya 37:9 e re: “Ba tshepang Jehova ke bona ba tla rua lefatshe.” Ke ile ka hlokomela hore motho e mong le mong a ka fumana monyetla wa ho phela paradeising haeba feela a sebetsa ka thata hore a phele ka ditekanyetso tsa Modimo tsa boitshwaro.

Le ha ho le jwalo, ke ne ke sokola ho etsa dintho ka tsela eo Modimo a e batlang. Ka ha ke ne ke se ke hlahelletse mminong, seo se ile sa etsa hore ke se ke ka ba motho ya ikokobeditseng. Kahoo, ho ne ho hlokahala hore ke ithute ho ikokobetsa. Ho feta moo, ho ne ho le thata hore ke lahle mekgwa ya ka e mebe. Ke thabela ho bona hore Jehova o bontsha mamello, mohau, ebile o a utlwisisa hore batho ba bang ba etsa sohle seo ba ka se kgonang ho phela ka melaomotheo ya hae.

Ho fapana le ha ke ntse ke hola, hona jwale bophelo ba ka bo fetohile ka ha ke se ke tataiswa ke melaomotheo ya Bibele. Seo ke ileng ka ithuta sona ka Bibeleng, se ile sa etsa hore ke se ke ka hlola ke tshwenyeha ka bokamoso mme sa boela sa nthusa hore ke tsebe hore na ke phelelang. Ka 1993 ke ile ka kolobetswa yaba ke nyala Tabitha ka 2000. Ka ha le yena o rata Jehova, re qeta nako e ngata re thusa batho ho ithuta Bibele. Ka dinako tse ding, re kopana le batho ba bangata ba hotseng ka tsela eo ke hotseng ka yona. Ke kgotsofala haholo ha ke ba bontsha kamoo ba ka tsebang Jehova kateng.

MELEMO EO KE E FUMANENG

Ha ke ne ke qala ho ithuta le Dipaki Tsa Jehova, batswadi ba ka ba ne ba sa thabela seo. Le ha ho jwalo, ho tloha ka nako eo ba ile ba hlokomela diphetoho tseo ke ileng ka di etsa. Se thabisang ke hore hona jwale ba ithuta Bibele ebile ba ya dibokeng tsa Dipaki Tsa Jehova.

Ho sebedisa melaomotheo ya Bibele ho re thusa hore re dule re thabile lenyalong. Ka mohlala, ho mamela keletso e buang ka ho tshepahalla molekane wa lenyalo, ho tiisa lenyalo la rona le ho feta.​—Baheberu 13:4.

Ha ke sa tshwenyehile ka bokamoso. Ke ikutlwa ke le karolo ya lelapa la Jehova lefatsheng lohle, mme ke thabela kgotso ya nnete le bonngwe. Lelapeng lena kaofela re a lekana. E leng ntho eo esale ke e labalabela.

^ par. 12 Mabitso a fetotswe.