Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

BIBELE E FETOLA BATHO

Ke ne ke sa Batle ho Shwa!

Ke ne ke sa Batle ho Shwa!
  • KE HLAHILE KA: 1964

  • NAHA YA HESO: ENGLAND

  • PELE: KE ILE KA BA LE NGWANA KE SA LE MONYANE KA LEBAKA LA HO SE MAMELE

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG

Ke hlahetse Paddington e leng motse o nang le baahi ba bangata o London, England. Ke ne ke dula le mme le bo ausi ba ka ba bararo. Ntate o ne a sa dule le rona ka nako tsohle kaha o ne a nwa jwala haholo.

Ha ke sa le ngwana, mme o ile a nthuta hore ke rapele pele ke robala. Ke ne ke e na le Bibele e nang le Dipesaleme feela, mme ke ne ke rata ho di bina. Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke bala e nngwe ya dibuka tsa ka, ke ile ka bala moo ho thweng: “Bophelo bo bokgutshwane.” Ka mora ho bala buka eo ke ile ka qeta bosiu bohle ke sa robale, ke ntse ke nahana ka taba ena. Ke ile ka qala ho nahana hore e tlameha ebe bophelo bo na le morero mme ka ipotsa: ‘Haeba ha ho jwalo, ke hobaneng ha ke phela?’ Ke ne ke sa batle ho shwa!

Ke ile ka ba le thahasello ditabeng tse amanang le boloi kapa bonohe. Kahoo, ka qala ho leka ho buisana le bafu mme ka shebella di-movie tse tshosang le metswalle ya ka. Le hoja di ne di re tshosa, re ne re di rata ho ntse ho le jwalo.

Ke ile ka qala ho itaola ha ke le dilemo di leshome feela. Ka qala ho tsuba kwae mme ka utlwa ho se ho le thata ho e tlohela. Hamorao, ka tsuba matekwane. Ha ke le dilemo di 11 ke ile ka qala ho nwa jwala. Le hoja bo ne bo le bobe, ke ne ke utlwa ho le monate ha ke tahilwe. Ke ne ke boetse ke rata mmino, ho jaefa, ho ya diphathing le dithaveneng. Ke ne ke tlwaetse ho baleha hae bosiu ebe ke kgutla esale hoseng haholo. Ka letsatsi le hlahlamang ke ne ke tsoha ke kgathetse ebe ke dotjha ho ya sekolong. Ha ke ne ke ya sekolong, ke ne ke nwa jwala nakong eo re tjhentjhang ditlelase.

Ha ke etsa meteriki ke ile ka pasetsa tlase. Mme o ile a utlwa bohloko haholo kaha o ne a sa tsebe hore ke ntse ke etsa dintho tse mpe. Re ile ra ngangisana mme ka mora moo ka baleha lapeng. Yaba ke ilo dula le mohlankana wa ka wa lerasta, eo lebitso la hae e leng Tony. O ne a utswa, a rekisa dithe­thefatsi ebile a le bohale bo tshosang. Ka mora nako e seng kae, ke ile ka ima mme mora wa rona a hlaha ha ke le dilemo di 16.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG

Ke ile ka kopana le Dipaki Tsa Jehova ka lekgetlo la pele nakong eo ke neng ke dula hosteleng eo ho yona ho neng ho dula bomme ba sa nyalwang le bana ba bona. Ke ne ke fuwe tumello ya ho dula mona ke masepala. Bomme ba babedi ba Dipaki ba ne ba tlwaetse ho tjhakela basadi ba bang hosteleng. Ka tsatsi le leng ke ile ka dula le bona mme ka mamela puisano ya bona. Ha e le hantle, ke ne ke batla ho bontsha bomme bana hore dithuto tsa bona di fosahetse. Leha ho le jwalo, ba ile ba araba dipotso tsa ka ka tsela e bonolo, ba sebedisa Bibele. Ke ile ka kgahlwa ke tsela eo ba neng ba le mosa kateng. Ka lebaka leo, ke ile ka dumela ho ithuta Bibele le bona.

Ke ile ka ithuta ntho e itseng Bibeleng e ileng ya fetola bophelo ba ka. Ho tloha ha ke sa le ngwana, ke ne ke tshaba ho shwa. Empa ke ile ka ithuta hore Jesu o ile a re bafu ba tla tsoha! (Johanne 5:28, 29) Ka boela ka hlokomela hore Molimo wa nkgathalla. (1 Petrose 5:7) Lengolo la Jeremia 29:11 le ile la nkama maikutlo haholo, kaha moo Modimo o re: “‘Etswe ke tseba hantle menahano eo ke e nahanang ka lona,’ ho bolela Jehova, ‘menahano ya kgotso, eseng ya tlokotsi, ho le fa bokamoso le tshepo.’” Ke ile ka ba le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng le letjha la Paradeise.​—Pesaleme ya 37:29.

Dipaki Tsa Jehova di ile tsa mpontsha hore di ya nthata. Ha ke qala ho ya dibokeng tsa tsona, di ne di nthabetse, di le botswalle mme ho le monate! (Johanne 13:34, 35) Sena se ne se fapane hole haholo le se neng se etsahala kerekeng ya ka. Dipaki di ile tsa nkamohela ho sa tsotellehe maemo a ka. Di ile tsa buisana le nna mme tsa mpha thuso eo ke neng ke e hloka. Ke ile ka utlwa ke le karolo ya lelapa le leholo la batho ba ratanang.

Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka bona hore ke lokela ho fetola boitshwaro ba ka e le hore ke phele ka tsela eo Modimo a e batlang. Ho ne ho le thata ho tlohela ho tsuba. Mmino oo ke neng ke o mamela o ne o etsa hore ke lakatse ho tsuba matekwane, kahoo ke ile ka tlohela ho o mamela. Kaha ke ne ke se ke batla ho dula ke hlaphohetswe, ke ile ka tlohela ho ya diphathing le dithaveneng. Yaba ke batla metswalle e metjha, e neng e tla nthusa ho etsa dintho tse molemo.​—Liproverbia 13:20.

Ka nako eo, Tony le yena o ne a se a qadile ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova. Kaha Dipaki di ile tsa araba dipotso tsa hae ka tsela e kgotsofatsang, o ile a qala ho dumela hore seo a ithutang sona ke nnete. Kahoo, a fetola tsela eo a neng a phela ka yona, yaba o tlohela ho rata ntwa, ho utswa hammoho le ho tsuba matekwane. Kaha re ne re batla ho kgahlisa Jehova, re ile ra bona ho hlokahala hore re tlohele boitshwaro bo bobe mme re hodise ngwana wa rona ka tsela e molemo. Nna le Tony re ile ra nyalana ka 1982.

“Ha ke sa tsamaya ke ntse ke tsoha hara bosiu ke tshwenyeha ka bokamoso kapa ka ho shwa”

Ke hopola ke bala mehlala e hlahang dimakasineng tsa Tora ya ho Lebela le Fadimehang! * ya batho ba ileng ba kgona ho etsa diphetoho tse kgolo bophelong ba bona. Ke ne ke kgalla ho tshwana le bona! Ke ile ka utlwa ke kgothetse haholo, mme ke ne batla ho tswela pele ke leka. Ke ne ke dula ke kopa Jehova hore a se ke a mphella pelo. Nna le Tony re ile ra kolobetswa ka July 1982 mme ra ba Dipaki Tsa Jehova.

MELEMO EO KE E FUMANENG

Ho ba motswalle wa Jehova ho pholositse bophelo ba ka. Nna le Tony re ile ra hlokomela kamoo Jehova a nnileng a re tshehetsa kateng dinakong tse boima. Re ithutile ho tshepa Jehova haholwanyane maemong a boima mme re kgodisehile hore kamehla o tla dula a re thusa.—Pesaleme ya 55:22.

Ke ile ka thabela ho thusa bana ba rona hore le bona ba tsebe Jehova. Jwale ke thaba le ho feta ha ke bona hore le bona ba rutile bana ba bona ka Jehova.

Ha ke sa tsamaya ke ntse ke tsoha hara bosiu ke tshwenyeha ka bokamoso kapa ka ho shwa. Hona jwale, nna le Tony re se re etsa mosebetsi wa ho etela diphutheho tsa Dipaki Tsa Jehova beke le beke ho ya di kgothatsa. Re ruta batho hore haeba ba dumela ho Jesu, ba ka fumana bophelo bo sa feleng!

^ par. 18 E hatisitswe ke Dipaki Tsa Jehova.