Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

ETSISA TUMELO YA BONA | SARA

Modimo o ne a mo Bitsa “Kgosatsana”

Modimo o ne a mo Bitsa “Kgosatsana”

SARA o ne a se a hlophisitse dintho tsa hae hantle mme a se a itokiseditse tsela. Basebeletsi ba ka tlung bona ba tshwere atla di tletse. Ha Sara le yena ka mahlahahlaha a hae, a tshwere ka nqena. Ako mo bone a ntse a pikitla matsoho a hae, a sidila bohloko bo tjhwatjhwaretsang. E ka nna yaba o ne a opelwa ka lebaka la nalete e ileng ya mo hlaba ha a ntse a roka tente. Tentenyana ya bona e neng e entswe ka boya ba podi, e ne e se e thuntse ka lebaka la dipula le letsatsi dilemolemo tsena kaofela. Letshehare la tsatsi leo le ile la feta ka lebelo le tshosang mme jwale letsatsi le se le ile madikelong. O qetetse thatohatsi ya hae Abrahama * ha a tswa hoseng mme jwale o ne a mo lebelletse ka tjantjello e kgolo hore na o tla kgutla neng, mahlo a sa tlohe tseleng eo a tsamaileng ka yona. Eitse hang feela ha a qala a bona rato la hae le ithathika le maralla, pososelo ya aparela sefahleho sa hae.

Ho ne ho se ho fetile dilemo tse leshome jwale Abrahama a se a tshetse noka ya Eufrate le lelapa la hae ho leba Kanana. Se thabisang ke hore ho theosa le maeto ao ba neng ba a nka ho ya moo ba sa tsebeng, Sara o ne a ntse a mo tsheheditse. Ka ha o ne a tseba hantle hore Jehova o na le morero ka monna wa hae e leng ho mo hlohonolofatsa ka ditloholo. Jwale Sara yena o ne a tla kenella jwang morerong oo? Hopola hore haesale a se na thari mme o ne a se a na le dilemo tse 75 jwale. Sena ke sona se ileng sa etsa hore mohlomong a ipotse, ‘Tshepiso ya Jehova ya hore Abrahama o tla ba le ngwana, e tla phethahala jwang ka ha ke tsofetse ebile ha ke na thari?’ Ha ho makatse haeba o ile a ikutlwa ka tsela ena.

Le rona ka nako tse ding re a ipotsa hore na ehlile seo Modimo a se tshepisitseng se tla fela se phethahale na. Maemong a mangata ho mamella ho a nyolosetsa, haholoholo ha re lebeletse ntho eo re e ratang. Jwale re ka ithutang mohlaleng ona o babatsehang wa mosadi eo ya neng a na le tumelo e matla hakaalo?

“JEHOVA O NKWETSE”

Lelapa le ne le sa tswa kgutla Egepeta. (Genese 13:1-4) Ba ne ba se ba hlomme tente ka hodimo botjhabela ba Bethele kapa Luze, e leng ka moo Bakanana ba neng ba e bitsa kateng. Ha Sara a ne a eme karolong eo e phahameng ya naha, o ne a kgona ho bona hantle Naha e Tshepisitsweng. O ne a bona metse ya Bakanana le ditselana tse neng di ya mafatsheng a hole. Ho ntse ho le jwalo, ho Sara ho ne ho se na toropo e ntle ho feta eo a holetseng ho yona. O holetse Ure toropong ya Mesopotamia, e neng e ka ba bohole ba dikhilomitara tse 1 900. E leng moo a siileng beng ka yena le mabothobotho a toropo e neng e ruile. E ne e ipabola ka ho ba le dishopo le dimmaraka tse ntle. Ha e le ntlo yabo yona ha re sa bua, e ne e ruletswe ka marulelo a thata le mabota a matle, mohlomong le metsi a ne a fumaneha habonolo. Le ha ho le jwalo, ha ho mohla Sara a ileng a dula a nahanisisa ka bophelo bo monate boo a bo siileng naheng ya habo.

Dilemo tse ka bang tse 2 000 ka mora moo, moapostola Pauluse o ile a susumetswa ke moya o halalelang ho ngola ka tumelo ya Abrahama le Sara. O ile a re: “Hoja ebe ka sebele ba ne ba nnile ba hopola sebaka seo ba neng ba tlohile ho sona, ba ka be ba bile le monyetla wa ho kgutla.” (Baheberu 11:8, 11, 15) Abrahama le Sara ba ile ba dula ba tadimile pele feela, ha ho mohla ba ileng ba hetla. Ntle le moo, ba ka be ba kgutlile haeba ba ile ba nahanisisa ka bophelo boo. Empa ba ile ba dula ba hopola hore Ure kwana, ba ne ba tlo foswa ke ditlhohonolofatso tsa Jehova. Ebile ba ka be ba sa hopolwe le ho hopolwa. Seo se ne se tla etsa hore e se ke ya ba mehlala e metle eo re ka e latelang.

Ho e na le ho hetla, Sara o ile a tadima pele feela. Kahoo, o ile a tshehetsa monna wa hae bophelong boo ba hloma o hlomole. O ne a mo thusa ka ho paka le ho hloma tente, a bile a tataisa le mehlape. Jehova o ile a bua ka tshepiso ya hae ho Abrahama hape. Empa le le kgetlong lena ha a ka a bontsha hore na Sara o kenella jwang morerong oo wa hae. Le ha ho le jwalo, Sara o ile a mamella mathata le diphetoho bophelong.​—Genese 13:14-17; 15:5-7.

Qetellong, Sara o ile a bona hore jwale e se e le nako ya hore a bolelle Abrahama seo a neng a ntse a se nahana. O se o ka inahanela feela hore na maikutlo a hae a ne a lwantshana hakae ha a tla re: “Ka kopo! Jehova o nkwetse hore ke se ke ka tswala bana.” Yaba o kopa hore monna wa hae a inkele mosebeletsi wa ka tlung ya bitswang Hagare, e le hore a mo tswalle bana. Na o kgona ho bona bohloko boo Sara a neng a le bona ha a bua mantswe ao ho monna wa hae? Taba ena e ka bonahala e le ntho e makatsang ho rona kajeno. Empa ho ne ho tlwaelehile mehleng eo hore motho a nyale mosadi wa bobedi kapa mosebeletsi wa hae wa ka tlung hore feela a be le mojalefa. * Ho bonahala hore ehlile ka tsela ena, Sara o ne a ikemiseditse ho etsa sohle seo a ka se kgonang hore morero wa Modimo o phethahale ka monna wa hae. Ho sa tsotellehe hore na seo se ne se bolelang, o ne a ikemiseditse ho tela sohle. Ebe jwale Abrahama o ile a etsang? Bibele e bontsha hore o ile “a mamela lentswe la [Sara].”​—Genese 16:1-3.

Na Bibele e bontsha hore ke Jehova ya susumelleditseng Sara hore a etse boitelo bo jwalo? Tjhe. Ho fapana le moo, Sara o entse ntho eo motho e mong le e mong a neng a ka nna a e etsa. O ne a nahana hore ke Modimo ya entseng hore a se ke a ba le thari, jwale a se a sa tsebe hore na o tla nkang a e kopanye leng. Ke nnete hore seo Sara a neng a batla hore monna wa hae a se etse, se ne se tla fella habohloko. Ho ntse ho le jwalo, qeto eo ya hae, e ne e bontsha hore ha se moithati. Na mohlala wa Sara wa ho se inahane a le mong feela ha se o hlollang, hara batho ba itjhebileng bo bona ba lefatshe lee? Ka hona, le rona haeba re beha dithahasello tsa Modimo pele ho tsa rona, re tla be re etsisa tumelo ya Sara.

“O TSHEHILE”

Ka mora nako e sa fediseng pelo Hagare o ile a ima. A qala ho nyatsa le ho nyefola Sara mohlomong a nahana hore taba ya hore ebe o imme, e mo etsa wa bohlokwa ho feta Sara. Sena se ile sa swabisa Sara haholo. Empa ka tsela e itseng, o ile a leka ho kgalemela mosebeletsi enwa wa hae. Nako e ile ya fihla e sa hane, ya hore Hagare a tswale mora mme a mo reha Ishmaele. (Genese 16:4-9, 16) Ka mora dilemo tse seng kae, Jehova o ile a bua le Abrahama hape. Ka nako eo, Sara o ne a le dilemo tse 89 mme monna wa hae yena a le tse 99. Lekgetlong lena ba ile ba fumana molaetsa o thabisang haholo.

Jehova o ile a boela a tshepisa motswalle wa hae Abrahama hore O tla mo etsa setjhaba se seholo. O ile a ba a mo fa le lebitso le letjha. Ha ka nako eo a ne a tsebahala e le Abrame. Empa Jehova o ile a mo reha Abrahama, e bolelang “Ntate wa Matshwele.” O ile a fetola lebitso la Sarai leo e ka nnang yaba le ne le bolela “Ya Dikgathatso,” mme a mo reha Sara, leo re le tlwaetseng. Jwale, ka lekgetlo la pele Jehova o a bontsha hore na Sara o kenella jwang morerong wa hae. Ebe lebitso Sara le bolelang? Le bolela “Kgosatsana.” Jehova o ile a hlakisa hore na ke hobaneng ha a rehile mosadi enwa ya ratwang lebitso lena, ha a re: “Ke tla mo hlohonolofatsa mme ke o fe mora ka yena; ke tla mo hlohonolofatsa mme o tla fetoha ditjhaba; marena a ditjhaba a tla tswa ho yena.”​—Genese 17:5, 15, 16.

Selekane sa Jehova sa hore Abrahama e tla ba ntate wa ditjhaba, se ne se tla phethahala ka mora wa Sara. Lebitso leo Modimo a ileng a le fa moshanyana enwa, Isaka, le bolela “Ditsheho.” Eitse ha Abrahama a utlwa hore Jehova o tlo phethahatsa morero wa hae ka Sara, yaba o “itihela fatshe ka sefahleho mme o qala ho tsheha.” (Genese 17:17) O ne a sa kgolwe tsebe tsa hae a bile a thabile hona hoo. (Baroma 4:19, 20) Ho thweng ka Sara?

Ho e so ye kae, ho ile ha fihla banna ba bararo tenteng ya Abrahama. Ho ne ho tjhesa hona ho ntshang kwena bodibeng, ho ntse ho le jwalo, banyalani bana ba ile ba amohela banna bana ka potlako. Yaba Abrahama o re ho Sara: “Potlaka! Nka ditekanyo tse tharo tsa . . . phofo e thumisehileng, o dube hlama mme o etse dipolokwe.” Ehlile ho amohela baeti ho ne ho akarelletsa mosebetsi o mongata mehleng eo. Empa Abrahama ha a ka a dula fatshe yaba o shebella Sara ha a ntse a lokisetsa baeti, ho ena le hoo, o ile a raoha yaba o nka e nngwe ya diphoofolo tseo a di ruileng mme a e hlaba, a ba a lokisa dijo tse ding le se nowang (Genese 18:1-8) Banna bao, e ne e le mangeloi a Jehova! E ka nna yaba moapostola Pauluse o ne a nahanne ka sena ha a tla ngola a re: “Le se ke la lebala ho amohela baeti, etswe ka ho etsa jwalo ba bang, ba sa tsebe, ba ile ba amohela mangeloi.” (Baheberu 13:2) Na o ka etsisa mohlala ona o babatsehang wa Abrahama le Sara wa ho amohela baeti?

Sara o ne a rata ho bontsha kamohelo ya baeti

Ha lengeloi le leng le pheta tshepiso ya Jehova ho Abrahama ya hore mosadi wa hae o tla ba le ngwana, Sara o ne a ntse a mametse a le ka ntle pela tente. Taba ena e ile ya mo makatsa ha a nahana ka ho tswala ngwana dilemong tsa hae, o ile a tshehela ka pelong mme a re: “Ha ke se ke tsofetse tjee, na ka sebele nka nyakalla, ebile morena wa ka a tsofetse.” Lengeloi le ile la mo botsa la re: “Na ho na le ntho e sa tlwaelehang bakeng sa Jehova?” Sara o ile a tshoha ha a utlwa lengeloi le bua jwalo, a ba a leka ho ipuelella. A le araba ka hore: “Ha ke a tsheha.” Empa lengeloi la boela la re: “Tjhe! empa o tshehile.”​—Genese 18:9-15.

Na ha Sara a ne a tsheha, see se ne se bolela hore o ne a se na tumelo? Tjhe ha ho jwalo. Bibele e re: “Ka tumelo le yena Sara o ile a amohela matla a ho emola peo, esita leha a ne a fetile tekanyo ea dilemo, ka ha o ile a nka hore ya neng a tshepisitse wa tshepahala.” (Baheberu 11:11) Sara o ne a tseba Jehova, a bile a kgodisehile hore Jehova a ka phethahatsa ditshepiso tsohle tseo a di etsang. Na le rona ha re hloke tumelo e tshwanang le ya Sara? Kahoo, ke ha bohlokwa hore re ithute haholwanyane ka Mongodi wa Bibele e leng Jehova. Ha re etsa sena, re tla hlokomela hore Sara o ne a entse hantle ka hore a be le tumelo ho Jehova. Le hore kannete Jehova o fela a phethahatsa ditshepiso tsa hae, le hoja a ka etsa sena ka ditsela tse makatsang kapa tseo re sa di lebellang.

“MAMELA LENTSWE LA HAE”

Jehova o ile a hlohonolofatsa Sara hobane o ne a na le tumelo e babatsehang

Ha Sara a le dilemo tse 90, o ile a qetella a fumane ntho eo e leng kgale a e labalabela bophelo bohle ba hae. O tswaletse monna wa hae mora. Mme lebitso la hae ke Isaka kapa “Ditsheho”, e leng lebitso leo Modimo a neng a laetse Abrahama hore a mo rehe lona. E kare re a mmona Sara ya tsofetseng ka sefahleho se nyakaletseng a re: “Modimo o ntokiseditse ditsheho; e mong le e mong ya utlwang ka hona o tla ntsheha.” (Genese 21:6) Kannete e ne e le mpho e tswang ho Jehova, e ileng ya mo thabisa ho fihlela a hlokahala. Le ha ho le jwalo, mpho ena e ne e tla le boikarabelo bo bongata.

Ha Isaka a le dilemo tse hlano, batswadi ba hae ba ile ba mo etsetsa mokete wa ho mo kgwesa. Empa ho ne ho e na le bothata. Bibele e re: “Sara a nna a hlokomela” boitshwaro bo sa lokang ba Ishmaele. Mora enwa wa Hagare ya neng a le dilemo tse 19, o ne a dula a hlorisa Isaka. Ha se hore o ne a ipapalla le yena feela. Esita le moapostola Pauluse o ile a hlalosa boitshwaro bona ba Ishmaele e le ho hlorisa. Sara ha a ka a nka sena hanyane. Ka ha o ne a tseba hore e ne e tloba ka mora e nwa wa hae morero wa Jehova o neng o tla phethahala. Kahoo o ile a iteta sebete mme a bua ka ho tobileng le Abrahama. A mo kopa hore a tsamaise Hagare le mora wa hae Ishmaele.​—Genese 21:8-10; Bagalata 4:22, 23, 29.

Abrahama o ile a araba jwang? Bibele e re: “Ntho ena ha ya ka ya kgahlisa Abrahama mabapi le mora wa hae.” O ne a rata Ishmaele haholo, kahoo sena seo a neng a tlameha ho se etsa se ne se mo thatafalla. Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a bona sena sohle mme a kenella. Bibele e re: “Jwale Modimo a re ho Abrahama: ‘O se ke wa dumella hore ntho le ha e le efe eo Sara a ntseng a o bolella yona e be e sa kgahliseng ho wena ka moshanyana le ka lekgabunyane la hao. Mamela lentswe la hae, hobane se tla bitswa peo ya hao se tla ba teng ka Isaka.’” Yaba Jehova o tiisetsa Abrahama hore a se ke a tshwenyeha hobane Hagare le moshanyana ba tla hlokomeleha. Abrahama o ile dumellana le seo.​—Genese 21:11-14.

Kannete Sara e ne ehlile e le mosadi wa mmakgonthe, motlatsi ya molemo. O ne a sa bue feela dintho tseo Abrahama a batlang ho di utlwa. Ha a ne a bona e sale pele dintho tse tla kenya lelapa mathateng, o ne a bua le monna hae ka taba eo. O se ke wa ba wa nahana hore e ne e le ho tella hore ebe o ile a toba monna wa hae. Hobane esita le moapostola Petrose jwalo ka ha a ne a nyetse, o ne a tadima Sara e le mohlala o motle wa mosadi ya hlomphang monna wa hae. (1 Bakorinthe 9:5; 1 Petrose 3:5, 6) Nnete ke hore haeba Sara a ne a ile a thola ka taba eo, o ne a tla be a hlolehile ho bontsha hore o hlompha monna wa hae. Lebaka la seo ke hore boemo bo ne bo ka nna ba kenya lelapa lohle ka sekoting. O ile a bua seo ka nako e tshwanetseng.

Basadi ba bangata kajeno ba hlompha Sara ka mohlala wa hae o motle. Hobane ba ithuta ho ba le puisano e ntle esita le ho hlompha banna ba bona. Ha ka lehlakoreng le leng teng, basadi ba bang ba re ka dinako tse ding ekare Jehova a ka kenella ditabeng tsa malapa a bona jwalo ka ha a ile a etsa ho Sara. Ho ntse ho le jwalo, ba ithuta ka tumelo, lerato le mamello e leng makgabane ao Sara a neng a tsejwa ka ona.

Le hoja Jehova a ile a reha mosadi enwa ya ratwang “Kgosatsana,” ha a ka a inkela hodimo kapa a batla ho tshwarwa jwalo ka mofumahadi

Le hoja Jehova a ile a reha mosadi enwa ya ratwang “Kgosatsana,” ha a ka a inkela hodimo kapa a batla ho tshwarwa jwalo ka mofumahadi. Jwale, o tla utlwisisa hore na ke hobaneng ha Abrahama a ile a lla habohloko ha thatohatsi ena ya hae e neng e se e le dilemo tse 127, e hlokahala. * (Genese 23:1, 2) O ne a hlolohela “Kgosatsana” ena e ratwang. Ntle le pelaelo, Jehova Modimo le yena o hlolohela mosadi enwa ya tshepahalang mme o rerile ho mo tsosetsa bophelong ba paradeise mona lefatsheng. Sara le bohle ba etsisang tumelo ya hae, ba letetswe ke bophelo bo sa feleng le bo monate.​—Johanne 5:28, 29.

^ par. 3 Ha e le hantle, banyalani bana ba ne ba bitswa Abrame le Sarai ho fihlela Modimo a ba reha a mabitso a matjha e leng Abrahama le Sara. Kahoo, re tla sebedisa mabitso ana ka ha ke ona ao batho ba a tsebang haholo.

^ par. 10 Ke nnete hore ka nako eo, Jehova o ne a dumelletse lenyalo la sethepu le hore motho a nyale mosebeletsi wa hae wa ka tlung. Empa hamorao, o ile a fa Jesu Kreste matla a ho kgutlisetsa tokisetso ya lenyalo ya hore monna a be le mosadi a le mong feela, jwalo ka ha a ne a entse serapeng sa Edene.—Genese 2:24; Matheu 19:3-9.

^ par. 25 Sara ke yena mosadi a le mong to! eo ka Bibeleng a bolelwang hore o hlokahetse a le dilemo di kae.